Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 53 leq. 268-leq. 271 ser. 1
  • Bamameli ba Khothalitsoe le ho Matlafatsoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bamameli ba Khothalitsoe le ho Matlafatsoa
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lulang le Khothatsana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Etsisang Jehova ka ho Khothatsa Batho ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Jehova o Tla U fa Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Tsoelang Pele ho Hahana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 53 leq. 268-leq. 271 ser. 1

Thuto 53

Bamameli ba Khothalitsoe le ho Matlafatsoa

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Etsa hore bamameli ba hao ba be le tšepo kapa sebete. Ba tiise le ho ba matlafatsa.

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?

Batho ba hateletsoe haholo ke lefatše. Ba bangata baa nyahama. Seo sebui se se buang le tsela eo se se buang ka eona se ka ama bamameli ba sona haholo.

HO SA tsotellehe hore na ba talimane le mathata afe, bahlanka ba Molimo ba lokela ho fumana khothatso phuthehong ea Bokreste. Ho finyella sena, baholo ka ho khetheha ba lokela ho tiisa hore lipuo tsa bona le keletso ea bona lia khothatsa. Baholo ba lokela ho ba joaloka “sebaka sa ho ipatela pula e nang ka sefefo, joaloka melapo ea metsi naheng e se nang metsi, joaloka moriti oa lefika le leholo naheng e phophothehileng.”—Esa. 32:2.

Haeba u moholo, na lipuo tsa hao lia khatholla ebile lia tšelisa? Na li matlafatsa ba lekang ho sebeletsa Jehova ka botšepehi? Na li ba fa matla a hore ba tiisetse ho etsa thato ea Molimo ho sa tsotellehe ho iphapanya ha batho kapa khanyetso? Ho thoe’ng haeba ba bang har’a bamameli ba hao ba tepelletse maikutlo, ba imetsoe ke likhatello tse matla tsa moruo kapa ba loantšana le bokuli bo tebileng bo sa phekoleheng? U ka ‘matlafatsa barab’eno ka mantsoe a tsoang molomong oa hao.’—Jobo 16:5.

Sebelisa monyetla oo u nang le oona joaloka sebui ho thusa barab’eno ho fumana tšepo le matla a tsoang ho Jehova le litokisetsong tseo a li entseng.—Bar. 15:13; Baef. 6:10.

Ba Hopotse Seo Jehova a se Entseng. Tsela ea bohlokoa ea ho etsa hore motho a be sebete ke ho bontša kamoo Jehova a ileng a thusa batho ba hae kateng maemong a thata nakong e fetileng.—Bar. 15:4.

Jehova o ile a bolella Moshe hore a “khothatse” Joshua le ho mo ‘matlafatsa’ pele Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, eo ka nako eo e neng e hapiloe ke lichaba tseo e leng lira. Moshe o ile a etsa seo joang? Ha a le ka pel’a Joshua, Moshe o ile a hopotsa sechaba sohle lintho tseo Jehova a neng a se etselitse tsona ha se ne se tloha Egepeta. (Deut. 3:28; 7:18) Hape Moshe o ile a pheta tlhōlo eo Jehova a neng a ba file eona ka makhetlo khahlanong le Baamore. Joale Moshe a phehella Joshua a re: “U be sebete ’me u be matla.” (Deut. 31:1-8) Ha u batla ho khothatsa barab’eno, na u ba thusa ho ba le matla ka hore ba hopole lintho tseo Jehova a seng a ba etselitse tsona?

Ka linako tse ling batho ba sithabetsoa ke mathata a bona hoo ba ipotsang hore na ebe ba tla ke ba latsoe litlhohonolofatso tsa ’Muso. Ba hopotse hore litšepiso tsa Jehova lia tšepahala.—Josh. 23:14.

Linaheng tse ling barab’abo rōna ba talimane le litaelo tsa mebuso tse thibelang ho boleloa ha litaba tse molemo. Maemong a joalo, baholo ba lerato ba ka thusa balumeli-’moho le bona ho fumana matla liphihlelong tsa baapostola ba Jesu Kreste. (Lik. 4:1–5:42) ’Me ho hatisa tsela eo Molimo a ileng a laola liketsahalo ka eona joalokaha ho tlalehiloe bukeng ea Esthere ka sebele ho tla susumetsa barab’abo rōna hore ba be sebete.

Ka linako tse ling batho ba ba teng libokeng tsa phutheho empa ha ba tsoele pele. E ka ’na eaba ba nahana hore Molimo a ke ke a ba tšoarela kahobane tsela ea bona ea pele ea bophelo e ne e le mpe. Mohlomong u ka pheta kamoo Jehova a ileng a sebetsana le Morena Manase kateng. (2 Likron. 33:1-16) Kapa u ka ’na ua bolela kamoo batho ba Korinthe ea boholo-holo ba ileng ba fetola tsela ea bona ea bophelo kateng, ea e-ba Bakreste ’me Molimo a bolela hore ba lokile.—1 Bakor. 6:9-11.

Na ho na le ba itseng ba nahanang hore mathata ao ba nang le ’ona a bontša hore Molimo ha a sa ba amohela? U ka ’na ua ba hopotsa ka se ileng sa hlahela Jobo le kamoo a ileng a hlohonolofatsoa haholo kateng kahobane a ile a khomarela ka tieo botšepehi ba hae ho Jehova. (Jobo 1:1-22; 10:1; 42:12, 13; Pes. 34:19) Batšelisi ba Jobo ba bohata ba ile ba bolela ka phoso hore e tlameha ebe Jobo o ne a entse sebe se itseng. (Jobo 4:7, 8; 8:5, 6) Ho fapana le moo, ha Pauluse le Barnabase ba ne ba matlafatsa barutuoa le ho “ba khothaletsa ho lula tumelong,” ba ile ba re: “Re tla kena ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata.” (Lik. 14:21, 22) Ka ho tšoanang le kajeno, u ka matlafatsa ba thulanang le liteko ka ho bontša hore ho hlokahala hore Bakreste bohle ba mamelle matšoenyeho ’me hoo ke habohlokoa haholo mahlong a Molimo.—Liprov. 27:11; Mat. 24:13; Bar. 5:3, 4; 2 Tim. 3:12.

Khothalletsa bamameli ba hao ho nahana ka litsela tseo ka tsona Jehova a phethahalitseng litšepiso tsa hae bophelong ba bona. Ka likhopotso tse seng kae, ba ka bona kamoo Jehova a seng a ba thusitse kateng, joalokaha a tšepisitse. Ho Pesaleme ea 32:8, rea bala: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.” Ka ho thusa bamameli ba hao ho hopola kamoo Jehova a ba tataisitseng le ho ba matlafatsa kateng, u tla ba thusa ho iponela ka bobona hore Jehova oa ba tsotella le hore ka sebele o tla ba thusa ho hlōla liteko leha e le life tseo ba talimanang le tsona hona joale.—Esa. 41:10, 13; 1 Pet. 5:7.

Thabela Seo Molimo a se Etsang Hona Joale. Ha u batla ho khothatsa barab’eno, ba hlokomelise ka seo Jehova a se etsang hona joale. Ho bua ka lintho tsena ka tsela e bontšang hore ua li thabela ho tla tsosa maikutlo a tšoanang lipelong tsa bamameli ba hao.

Nahana kamoo Jehova a re thusang kateng ho thulana le likhatello tsa bophelo ka katleho. O re bontša tsela e molemohali ea ho phela. (Esa. 30:21) O hlalosa mabaka a ho ba teng ha bonokoane, ho hloka toka, bofutsana, ho kula le lefu ’me o re bolella kamoo a tla felisa lintho tsena kateng. O re lika-likelitse ka lerato la bara ba motho. O re fa tokelo ea bohlokoa ea thapelo. O re fa tokelo ea ho ba Lipaki tsa hae. O re senolela hore Kreste o se a behiloe teroneng maholimong le hore matsatsi a ho qetela a tsamaiso ea khale ea lintho a se a fela ka potlako.—Tšen. 12:1-12.

Ho phaella litlhohonolofatsong tseo re na le liboka tsa rōna tsa phutheho, likopano tse nyenyane le tse khōlō. Ha u bua ka litokisetso tsena ka tsela e bontšang hore u li ananela e le kannete, u tla matlafatsa ba bang hore ba ikemisetse hore ba se ke ba hlokomoloha ho kopana le barab’abo bona.—Baheb. 10:23-25.

Litlaleho tse fanang ka bopaki ba hore Jehova o hlohonolofatsa boiteko ba rōna tšebeletsong ea tšimo le tsona lia re matlafatsa. Lekholong la pele la lilemo ha Pauluse le Barnabase ba ne ba le tseleng e eang Jerusalema, ba ile ba tlisetsa “barab’abo rōna bohle thabo e khōlō” ka ho bua ka ho qaqileng ka ho sokoloha ha batho ba lichaba. (Lik. 15:3) Le uena u ka tlisetsa barab’abo rōna thabo ka ho arolelana le bona liphihlelo tse hahang.

Ho tla ba le khothatso e eketsehileng ha batho ba thusoa ho bona molemo oa seo ba se etsang. Ba babatse ka ho kopanela ha bona tšebeletsong ea Bokreste. Babatsa bao mosebetsi oa bona o khinnoeng haholo ke botsofali le ho kula empa ba mameletse ka botšepehi. Ba hopotse hore Jehova ha a lebale lerato leo ba le bontšitseng bakeng sa lebitso la hae. (Baheb. 6:10) Tumelo e pakiloeng tlas’a teko ke letlotlo la bohlokoahali. (1 Pet. 1:6, 7) Barab’abo rōna ba hloka ho hopotsoa sena.

Bua ka Mafolofolo ka Tšepo e Larileng ka Pele. Litšepiso tse hlasimollang tsa lintho tse tlang ke khothatso e khōlō ho bohle ba ratang Molimo. Mohlomong ba bangata har’a bamameli ba hao ba ’nile ba utloa mantsoe ana ka makhetlo-khetlo. Empa ka kananelo eo u e bontšang ha u bua ka litšepiso tsena, u ka etsa hore li phele, ua etsa hore ba be le tšepo ea hore li tla phethahala le ho etsa hore lipelo tsa bona li khaphatsehe liteboho. Ho sebelisa seo u ithutileng sona Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ho ka u thusa ho etsa joalo.

Jehova ke Mofani e Moholo oa Khothatso le Monehi-matla bakeng sa batho ba hae. Leha ho le joalo, u ka sebelisana le eena ho fetisa litlhohonolofatso tse joalo. Ha u bua le phutheho, sebelisa hamolemo monyetla oa ho etsa joalo.

KAMOO U KA HO ETSANG KATENG

Ha u lokisetsa puo, ikhopotse mathata ao bamameli ba hao ba talimaneng le ’ona. Nahana ka hloko hore na u ka ba khothatsa le ho ba matlafatsa joang.

Sebelisa Lentsoe la Molimo hamolemo. Bontša kamoo seo le se buang se amanang le maemo ao re talimaneng le ’ona kateng.

Bua ho tsoa pelong ka boikutlo bo mofuthu.

BOITLHAKISO: Ha u etsa ’malo oa hao oa Bibele kapa u etsa thuto ea hao ea botho bekeng ena, khetha karolo eo u nahanang hore u ka e sebelisa bakeng sa ho khothatsa ba bang. E arolelane le e mong ka phuthehong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela