Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • cl leq. 3
  • Selelekela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Selelekela
  • Atamela ho Jehova
Atamela ho Jehova
cl leq. 3

Selelekela

’Mali ea Ratehang:

Na u ikutloa u le haufi le Molimo? Ba bangata ba nka seo e le se ke keng sa khoneha. Ba bang ba tšoenyeha ka hore o hole haholo, ha ba bang ba ikutloa e le ba se nang thuso ho hang. Leha ho le joalo, ka lerato Bibele e re phehella ho ‘atamela ho Molimo ’me o tla atamela ho rona.’ (Jakobo 4:8) Hape o tiisetsa barapeli ba hae o re: “’Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na ea reng ho uena, ‘u se ke oa tšoha. Ke tla u thusa.’”—Esaia 41:13.

Re ka hahamalla ho ba le kamano e haufi-ufi joalo le Molimo joang? Botsoalleng leha e le bofe boo re bo thehang, maqhama a tiisoa ke ho tseba motho, ho khahloa ke litšobotsi tsa hae tse ikhethang le ho li ananela. Kahoo ke habohlokoa ho ithuta litšobotsi tsa Molimo le litsela tsa hae, joalokaha li senotsoe ka Bibeleng. Ho nahana ka tsela eo Jehova a bonahatsang e ’ngoe le e ’ngoe ea litšobotsi tsa hae ka eona, ho bona kamoo Jesu Kreste a ileng a li bonahatsa ka tsela e phethahetseng kateng le ho utloisisa kamoo le rona re ka li hlaolelang kateng ho tla re atametsa ho Molimo haholoanyane. Re tla bona hore Jehova ke ’Musi ea loketseng le ea phethahetseng oa lintho tsohle. Ho feta moo, ke Ntate eo bohle re mo hlokang. Kaha o matla, o na le toka, o bohlale ebile o lerato, ha ho mohla a furallang bana ba hae ba tšepahalang.

E se eka buka ena e ka u thusa ho atamela ho Jehova Molimo, la theha maqhama a ke keng a senyeha le ka mohla, e le hore u ka phelela ho mo rorisa ka ho sa feleng.

Bahatisi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela