Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr khao. 13 maq. 72-76
  • Bao e Ileng ea E-ba Barutuoa ba Jesu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bao e Ileng ea E-ba Barutuoa ba Jesu
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Barutuoa ba Pele ba Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Jesu o Etsa Barutuoa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu o Khetha Baapostola ba 12
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Barutuoa ba Pele ba Jesu
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr khao. 13 maq. 72-76

Khaolo ea 13

Bao e Ileng ea E-ba Barutuoa ba Jesu

MOHLANKA oa Molimo ea molemo ka ho fetisisa ea kileng a phela ke mang?— U nepile, ke Jesu Kreste. Na u nahana hore re ka tšoana le eena?— Bibele e re o re behetse mohlala oo re lokelang ho o latela. ’Me o re mema hore re be barutuoa ba hae.

Na ua tseba hore na ho ba morutuoa oa Jesu ho bolela’ng?— Ho bolela lintho tse ’maloa. Ea pele, re lokela ho ithuta ho eena. Empa seo hase phetho. Re boetse re lokela ho lumela seo a se buang. Haeba re se lumela, re tla etsa seo a reng re se etse.

Batho ba bangata ba re ba lumela ho Jesu. Na u nahana hore kaofela ha bona ke barutuoa ba hae e le kannete?— Che, ba bangata ba bona hase bona. E ka ’na eaba ba kena kereke. Empa ba bangata ba bona ha ba e-s’o ka ba ipha nako ea ho ithuta seo Jesu a se rutileng. Ha e le hantle, barutuoa ba Jesu ke feela batho ba latelang mohlala oa hae.

A re ke re bue ka ba bang bao e ileng ea e-ba barutuoa ba Jesu ha a ne a le lefatšeng e le motho oa nama. Motho e mong oa pele eo e ileng ea e-ba morutuoa ke Filipi. Filipi o ile a ea lata motsoalle oa hae Nathanaele (eo hape a bitsoang Bartholome), ke eena eo u mo bonang a lutse fatše mona tlas’a sefate. Eitse ha Nathanaele a tla ho Jesu, Jesu a re: ‘Bonang, enoa ke monna ea tšepahalang, Moiseraele oa ’nete.’ Nathanaele o ile a makala ’me a botsa: ‘U ntsebella kae?’

Jesu a re: “Ke ile ka u bona pele Filipi a u bitsa, ha u ntse u le tlas’a sefate sa feiga.” Nathanaele o ile a makatsoa ke hore ebe Jesu o ne a tseba moo a neng a le teng, kahoo Nathanaele a re: “U Mora oa Molimo, u Morena oa Iseraele.”—Johanne 1:49.

Batho ba bang e ile ea e-ba barutuoa ba Jesu letsatsi pele Filipi le Nathanaele e e-ba barutuoa. Bona ke Andrease le moholoane oa hae Petrose hammoho le Johanne mohlomong le moholoane oa hae Jakobo. (Johanne 1:35-51) Empa ka mor’a nakoana barutuoa bana ba bane ba ile ba ikhutlella khoebong ea bona ea ho tšoasa litlhapi. Joale ka letsatsi le leng ha Jesu a ntse a tsamaea haufi le Leoatle la Galilea, a bona Petrose le Andrease ba theolela letlooa la ho tšoasa litlhapi ka leoatleng. Jesu a re ho bona: “Ntšaleng morao.”

Eare ha Jesu a ntse a tsamaea, a bona Jakobo le Johanne. Ba ne ba le ka seketsoaneng le ntate oa bona, ba ntse ba lokisa matlooa a bona a ho tšoasa litlhapi. Jesu a re le bona ba mo latele. U ka be u ile ua etsa’ng ha Jesu a u bitsa? Na u ka be u ile ua mo latela hang-hang?— Banna bao ba ne ba tseba hore na Jesu ke mang. Ba ne ba tseba hore o romiloe ke Molimo. Kahoo ba ile ba tlohela khoebo ea bona ea ho tšoasa litlhapi hang-hang ba latela Jesu.—Matheu 4:18-22.

Ha banna baa e e-ba balateli ba Jesu, na see se ile sa bolela hore ka mor’a moo ba ile ba etsa se nepahetseng ka linako tsohle?— Che. U tla hopola hore banna bana ba ile ba phehisana khang ka hore na ke mang e moholo har’a bona. Empa ba ne ba mamela Jesu, ebile ba ikemiselitse ho fetoha. Le rōna haeba re ikemiselitse ho fetoha re ka ba barutuoa ba Jesu.

Jesu o ile a mema batho ba mefuta eohle hore e be barutuoa ba hae. Ka lekhetlo le leng, ’musi e mong e mocha ea ruileng o ile a tla ho Jesu a mo botsa hore na o lokela ho etsa’ng hore a fumane bophelo bo sa feleng. Ha ’musi eo ea ruileng a re o ’nile a boloka litaelo tsa Molimo ho tloha bongoaneng, Jesu o ile a re ho eena: ‘E-ba molateli oa ka.’ Na u tseba se ileng sa etsahala?—

Ha monna eo a utloa hore ho ba morutuoa oa Jesu e lokela ho ba habohlokoa ho feta ho ba morui, o ile a soaba haholo. Ha ea ka ea e-ba morutuoa oa Jesu hobane o ne a rata chelete ho feta Molimo.—Luka 18:18-25.

Ka mor’a hoo e ka bang selemo le halofo Jesu a ntse a bolela, o ile a khetha barutuoa ba hae ba 12 ho ba baapostola. Baapostola ke banna bao a ileng a ba roma ho ea etsa mosebetsi o khethehileng. Na u tseba mabitso a bona?— A re ke re bone haeba re ka ithuta ’ona. Ba shebe setšoantšong mona, ’me u bone haeba u ka bolela mabitso a bona. Ebe u leka ho bolela mabitso a bona u sa a sheba.

Hamorao, e mong oa baapostola ba 12 o ile a fetoha motho e mobe. Eena ke Judase Iskariota. Ka mor’a moo, ho ile ha khethoa morutuoa e mong hore e be moapostola. Na u tseba lebitso la hae?— Ke Mathiase. Hamorao, Pauluse le Barnabase le bona e ile ea e-ba baapostola, empa e ne e se karolo ea baapostola ba 12.—Liketso 1:23-26; 14:14.

Joalokaha re ithutile Khaolong ea 1 ea buka ena, Jesu o ne a thahasella bana ba banyenyane. Ke hobane’ng ha a ne a ba thahasella?— Ke hobane o ne a tseba hore le bona e ka ba barutuoa ba hae. Ha e le hantle, hangata bana ba ka bua lintho ka tsela e ka etsang hore le batho ba baholo ba mamele ’me ba batle ho ithuta ho eketsehileng ka Mosuoe e Moholo.

Basali ba bangata le bona e ile ea e-ba barutuoa ba Jesu. Ba bang ba ile ba tsamaea le eena ha a il’o bolela metseng e meng. Maria Magdalena, Joanna le Susanna ba ile ba tsamaea le eena. Mohlomong ba ne ba mo thusa ho mo phehela lijo le ho mo hlatsoetsa liaparo.—Luka 8:1-3.

Na u batla ho ba morutuoa oa Jesu?— Hopola hore ha motho a re ke e mong oa barutuoa ba hae hoo ha ho bolele hore e se e le morutuoa. Re lokela ho itšoara joaloka barutuoa ba hae hohle, eseng feela ha re e-ea libokeng tsa Bokreste. U nahana hore ke libakeng life tse ling tseo e leng habohlokoa hore re itšoare joaloka barutuoa ba Jesu ha re le ho tsona?—

E, re lokela ho itšoara joaloka barutuoa ha re le lapeng. Empa le ha re le sekolong re lokela ho itšoara joaloka barutuoa. ’Na le uena ha rea lokela ho lebala le ka mohla hore, e le hore re be barutuoa ba ’nete ba Jesu, re lokela ho mo etsisa letsatsi lohle, letsatsi le leng le le leng, ho sa tsotellehe hore na re hokae.

Joale a re bale seo Bibele e se bolelang ka barutuoa ba Jesu, ho Matheu 28:19, 20; Luka 6:13-16; Johanne 8:31, 32; le 1 Petrose 2:21.

[Setšoantšo se leqepheng la 72]

Motho enoa ke mang, hona e bile morutuoa oa Jesu joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 73]

Jesu o bitsa bo-mang hore e be barutuoa ba hae?

[Litšoantšo tse leqepheng la 75]

Petrose

Andrease

Jakobo (moholoane oa Johanne)

Johanne

Filipi

Nathanaele

Matheu

Thomase

Jakobo (mora oa Alfiase)

Simone

Judase (hape o bitsoa Thadiase)

Judase Iskariota

[Litšoantšo tse leqepheng la 76]

Basali baa ba ileng ba thusa Jesu ha a ntse a tsamaea a bolela ke bo-mang?

[Setšoantšo se leqepheng la 76]

Ke hokae moo e leng habohlokoa hore re itšoare joaloka barutuoa ba Jesu?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela