Khaolo ea 21
Na re Lokela ho Ikhantša ka Ntho Leha e le Efe?
HO IKHANTŠA ho bolela’ng? Na ua tseba?— Mohlala ke ona. Na u kile ua leka ho etsa ntho e itseng eo u sa tsebeng ho e etsa hantle? Mohlomong u leka ho raha bolo. Kapa mohlomong u leka ho tlōla khati. Na ngoana e mong o ile a re ho uena, “Bonang! Ha! Ha! Ha! ’Na ebile nka u bontša hore ke tseba ho u feta”?— Ngoana eo o ne a ikhantšetsa uena.
U ikutloa joang ha batho ba bang ba ikhantšetsa uena. Na ua thaba?— Joale, u nahana hore ba bang ba ikutloa joang ha u ikhantšetsa bona?— Na ke ho bontša mosa ho bolella motho e mong hore, “’Na ebile ke tseba ho u feta”?— Na Jehova o rata batho ba etsang joalo?—
Mosuoe e Moholo o ne a tseba batho ba neng ba nahana hore ba molemo ho feta ba bang. Ba ne ba ikhantša ba bile ba khella batho ba bang fatše. Kahoo ka letsatsi le leng Jesu a ba phetela pale ho ba bontša kamoo ho ikhantša ho fosahetseng kateng. A re ke re utloe hore na pale eo e re’ng.
Ke pale ea Mofarisi le ’mokelli oa lekhetho. Bafarisi e ne e le baruti ba neng ba tloaetse ho iketsa eka ba lokile kapa ba halalela ho feta batho ba bang. Mofarisi eo Jesu a buang ka eena paleng ea hae o ile a nyolohela tempeleng ea Molimo e Jerusalema ho ea rapela.
Jesu o re ’mokelli oa lekhetho le eena o ile a nyolohela tempeleng ho ea rapela. Batho ba bangata ba ne ba sa rate babokelli ba lekhetho. Ba ne ba nka hore babokelli ba lekhetho ba leka ho ba qhekella. ’Me ke ’nete hore babokelli ba bangata ba lekhetho ba ne ba sa tšepahale ka linako tse ling.
Ha Mofarisi a le tempeleng, a qala ho rapela Molimo a re: ‘Molimo, kea u leboha hore ebe ha ke moetsalibe joaloka batho ba bang. Ha ke qhekelle batho kapa hona ho etsa lintho tse mpe. Ha ke tšoane le ’mokelli eane oa lekhetho. Ke motho ea lokileng. Ke itima lijo habeli ka beke kahoo ke ba le nako e eketsehileng ea ho nahana ka uena. Ebile ke fana ka karolo ea leshome ea lintho tsohle tseo ke nang le tsona tempeleng.’ Mofarisi eo o ne a hlile a nahana hore o molemo ho feta batho ba bang, na ha ho joalo?— ’Me o ile a ba a bolella Molimo seo.
Empa ’mokelli oa lekhetho o ne a sa tšoane le eena. O ne a bile a sitoa ho sheba holimo ha a rapela. O ile a emella thōkoana a inamisitse hlooho. ’Mokelli enoa oa lekhetho o ne a soabetse libe tsa hae a bile a ikotla sefuba ke ho sareloa. Ha aa ka a leka ho bolella Molimo kamoo a lokileng kateng. Ho e-na le hoo, o ile a rapela a re: “Molimo, e-ba mosa ho ’na moetsalibe.”
U nahana hore ke ofe ho banna baa ba babeli ea ileng a khahlisa Molimo? Na ke Mofarisi, ea neng a nahana hore o lokile ho feta ba bang? Kapa na ke ’mokelli oa lekhetho, ea ileng a soabela libe tsa hae?—
Jesu o ile a re ’mokelli oa lekhetho ke eena ea khahlisang Molimo. Hobane’ng? Jesu o ile a hlalosa a re: ‘Hobane motho e mong le e mong ea lekang ho iketsa eka o molemo ho feta batho ba bang o tla kokobetsoa. Empa ea ikokobelitseng o tla phahamisoa.’—Luka 18:9-14.
Jesu o ne a ruta thuto efe paleng ee?— O ne a ruta hore ho fosahetse ho nahana hore re molemo ho feta batho ba bang. Re ka ’na ra re ha re nahane hore re molemo ho ba feta, empa tsela eo re itšoarang ka eona e ka ’na ea bontša hore re nahana hore rea ba feta. Na u kile ua itšoara ka tsela eo?— Ak’u nahane ka moapostola Petrose.
Ha Jesu a bolella baapostola ba hae hore bohle ba tla mo siea ha a tšoaroa, ka boikhantšo Petrose o ile a re: ‘Leha bohle ba ka u siea, ’na nke ke ka u siea!’ Empa Petrose o ne a fositse. O ne a itšepile ho feta tekano. O ile a siea Jesu. Leha ho le joalo, o ile a khutla, joalokaha re tla ithuta ka sena Khaolong ea 30 ea buka ena.—Matheu 26:31-33.
A re nke mohlala oa mehleng ea kajeno. Ha re re mohlomong u sekolong, ’me uena le ngoana eo u kenang sekolo le eena le botsoa lipotso. U etsa’ng haeba uena u khona ho nepa lipotso kapele, empa ngoana e mong eena a sitoa ho li araba? Ke ’nete hore ua thaba ha u tseba likarabo. Empa na e tla be e le ho bontša mosa ho ipapisa le ngoana e mong ea liehang ho araba?— Na ho nepahetse hore u itlhahise eka uena u tseba haholo ka ho etsa hore ngoana e mong eena eke ke sethoto?—
Ke seo Mofarisi a ileng a se etsa. O ne a ikhantša ka hore o molemo ho feta ’mokelli oa lekhetho. Empa Mosuoe e Moholo o ile a re Mofarisi o ne a fositse. Ke ’nete hore motho e mong a ka ’na a khona ho etsa ntho e itseng hamolemo ho feta e mong. Empa seo ha se bolele hore o molemo ho mo feta.
Kahoo haeba re e-na le tsebo e fetang ea motho e mong, na seo se lokela ho etsa hore re ikhantšetse eena?— Nahana ka taba ena. Na ke rōna ba iketselitseng boko?— Che, ke Molimo ea fileng e mong le e mong oa rōna boko. ’Me boholo ba lintho tseo re li tsebang, re li rutiloe ke motho e mong. Mohlomong ke lintho tseo re li balileng bukeng. Kapa mohlomong re li utloile ho motho e mong. Le haeba re iphumanetse ntho e itseng, re e fumane joang?— E, re e fumane ka ho sebelisa boko boo Molimo a re fileng bona.
Ha motho e mong a leka ka matla ho etsa ntho e itseng, e tla be e le ho bontša mosa ho bua ka tsela e tla mo khothatsa. Mo bolelle hore u rata seo a se entseng. U ka ’na ua ba ua mo thusa hore a ntlafatse. Akere ke seo le uena u ka ratang hore batho ba bang ba u etse sona?—
Batho ba bang ba matla ho feta ba bang. Ho thoe’ng haeba u le matla ho feta ngoan’eno? Na leo ke lebaka le utloahalang la hore u ikhantšetse eena?— Che. Lijo tseo re li jang ke tsona tse etsang hore re be matla. Hape na hase Molimo ea fanang ka letsatsi le pula le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlokahalang hore lijo li hōle?— Ka lebaka leo re lokela ho leboha Molimo ha re le matla.—Liketso 14:16, 17.
Akere le rōna ha re rate ho mamela motho ea ikhantšang?— Re lokela ho hopola mantsoe a Jesu a reng: ‘Seo u batlang hore batho ba bang ba u etse sona, le uena u ba etse sona.’ Ha re etsa joalo, ha re na ho tšoana le Mofarisi ea neng a ikhantša ea paleng eo Mosuoe e Moholo a buileng ka eona.—Luka 6:31.
Ka lekhetlo le leng motho e mong o ile a re Jesu o molemo. Na Mosuoe e Moholo o ile a re, ‘E, ke molemo’?— Che, ha aa ka a cho joalo. Ho e-na le hoo, o ile a re: “Ha ho ea molemo, haese a le mong, Molimo.” (Mareka 10:18) Le hoja Mosuoe e Moholo a ne a phethahetse, ha aa ka a ithorisa. Ho e-na le hoo, o ile a isa thoriso eohle ho Ntate oa hae, Jehova.
Kahoo, na ho na le motho eo re ka ithorisang ka eena?— E, o teng. Re ka ithorisa ka ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo. Ha re bona ho likela ho hlollang ha letsatsi kapa pōpo e ’ngoe e babatsehang, re ka ’na ra bolella motho e mong ra re, ‘Ke Molimo oa rōna ea hlollang, Jehova, ea entseng seo!’ A re lule re loketse ho bua ka lintho tse hlollang tseo Jehova a li entseng le tseo a tlang ho li etsa nakong e tlang.
Bala seo Mangolo a se bolelang ka ho ikhantša, kapa ho ithorisa, ’me re bone kamoo re ka qobang ho ikhantšetsa ba bang kateng: Liproverbia 16:5, 18; Jeremia 9:23, 24; 1 Bakorinthe 4:7; le 13:4.
[Setšoantšo se leqepheng la 113]
Ke hobane’ng ha Molimo a ile a khahlisoa ke ’mokelli oa lekhetho empa a se ke a khahlisoa ke Mofarisi?
[Setšoantšo se leqepheng la 115]
Na ho ba le tsebo e fetang ea motho e mong ho u etsa hore u be ea molemo ho mo feta?
[Setšoantšo se leqepheng la 115]
Ke hobane’ng ha ho fosahetse ho ikhantša haeba re le matla ho feta motho e mong?
[Setšoantšo se leqepheng la 116]
Moshemane eo o ikhantša ka eng?