Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lv leq. 218-leq. 219 ser. 1
  • Ho Hlola Mokhoa oa ho Pholla Litho Tsa Botona Kapa Tsa Botšehali ho Ikhotsofatsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlola Mokhoa oa ho Pholla Litho Tsa Botona Kapa Tsa Botšehali ho Ikhotsofatsa
  • “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Pholla Litho Tsa Botona Kapa Botšehali ho Tebile Hakae?
    Tsoha!—1987
  • Nka Etsa’ng ho Hlōla Tloaelo ea ho Ipholla Litho Tsa Botona Kapa Botšehali?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Hobane’ng ho le Thata Hakaana ho Qoba ho Pholla Litho Tsa Botona Kapa Botšehali?
    Tsoha!—1987
  • Nka Loantša Tloaelo ea ho Pholla Litho Tsa Botona Kapa Botšehali Joang?
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
“Le Ipoloke Leratong la Molimo”
lv leq. 218-leq. 219 ser. 1

SEHLOMATHISO

Ho Hlōla Mokhoa oa ho Pholla Litho Tsa Botona Kapa Tsa Botšehali ho Ikhotsofatsa

Mokhoa oa ho pholla litho tsa botona kapa tsa botšehali ho ikhotsofatsa ha o khahlise Molimo, o kenya batho maikutlo a boithati ebile o silafatsa kelello. Motho ea tloaetseng mokhoa ona a ka boetse a nka batho ba bang e le lintho feela tsa ho khotsofatsa takatso ea ho kopanela liphate. Ho eena, ho kopanela liphate ha ho tsamaisane le lerato ’me ho fetoloa mokhoa feela oa ho ikhotsofatsa ka motsotsoana le ho ikimolla ho chesoa ke takatso. Empa sena se imolla motho ka nakoana feela. Ha e le hantle, ho e-na le ho bolaea litho tsa ’mele ‘mabapi le bohlola, ho se hloeke, le takatso ea botona kapa ea botšehali e sa lokang,’ ho pholla litho tsa botona kapa tsa botšehali ho ikhotsofatsa hoa li tsosa.—Bakolose 3:5.

Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Baratuoa, a re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re phethahatse khalalelo ka ho tšaba Molimo.” (2 Bakorinthe 7:1) Haeba u thatafalloa ke ho etsa seo mantsoe ana a se bolelang, u se ke ua felloa ke tšepo. Kamehla Jehova o “itokiselitse ho tšoarela” le ho fana ka thuso. (Pesaleme ea 86:5; Luka 11:9-13) Ka sebele, pelo ea hao e u nyatsang le boiteko ba hao ba hore u tlohele mokhoa ona—ho sa tsotellehe hore ka linako tse ling u khutlela ho oona—ke bopaki ba hore maikutlo a hao a matle. Hape, u hopole hore “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna ’me o tseba lintho tsohle.” (1 Johanne 3:20) Molimo ha a bone libe tsa rōna feela, o bona le seo re leng sona. Kaha o re tseba ka ho feletseng, a ka mamela ka qenehelo ha re kōpa mohau ka tieo. Kahoo, joaloka ngoana ea eang ho ntate oa hae ha a le khathatsong, u se ke ua khathala ho rapela Molimo ka boikokobetso le ka tieo. Jehova o tla u hlohonolofatsa ka letsoalo le hloekisitsoeng. (Pesaleme ea 51:1-12, 17; Esaia 1:18) Leha ho le joalo, u lokela ho etsa lintho tumellanong le lithapelo tsa hao. Ka mohlala, u tla loanela ho qoba mefuta eohle ea litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso hammoho le metsoalle e mebe.a

Haeba bothata ba hao ba ho pholla litho tsa botona kapa tsa botšehali ho ikhotsofatsa bo sa khaotse, re kōpa hore u bue taba ena le motsoali oa Mokreste kapa motsoalle e mong ea butsoitseng moeeng le ea u tsotellang.b—Liproverbia 1:8, 9; 1 Bathesalonika 5:14; Tite 2:3-5.

a E le hore malapa a mangata a laole tsela eo k’homphieutha e sebelisoang ka eona, a e beha moo bohle ba ka lapeng ba ka bonang se etsoang. Ho phaella moo, malapa a mang a reka mananeo a k’homphieutha a ntšang boitsebiso bo sa rateheng. Leha ho le joalo, ha ho na lenaneo la k’homphieutha le tšepahalang ka ho feletseng.

b Bakeng sa litlhahiso tse thusang tsa kamoo u ka hlōlang kateng mokhoa oa ho pholla litho tsa botona kapa tsa botšehali ho ikhotsofatsa, bona sehlooho se reng “Bacha Baa Botsa . . . Nka Hlōla Mokhoa oo Joang?” Tsoheng! ea November 2006, le bukeng e nang le sehlooho se reng Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka 1, leqepheng la 178-182.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela