Maqephe a ka Pele a Qetellang
Mocha ea Ratehang:
Morena Solomone ea bohlale o ngotse tjena: “Mohlankana [kapa moroetsana], u thabele bocha ba hao, ’me pelo ea hao e u etsetse se molemo matsatsing a bohlankana ba hao, ’me u tsamaee ka litsela tsa pelo ea hao le ka lintho tse bonoang ke mahlo a hao.” (Moeklesia 11:9) Ha u sa le mocha, ho na le lintho tse ngata tse thahasellisang le tse thabisang bophelong, ’me re batla hore u bo thabele. Leha ho le joalo, re u khothalletsa hore u bo thabele ka tsela e thabisang Jehova Molimo. Le ka mohla, u se ke ua lebala hore o bona seo u se etsang ka bophelo ba hao le hore o tla u ahlola ho ea ka liketso tsa hao. Ka hona, ke bohlale hore u mamele keletso ea Solomone, ha a tsoela pele ho re: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao.”—Moeklesia 12:1.
Re rapela ka tieo hore e se eka boitsebiso bo bukeng ena bo ka u thusa hore u eme u tiile ho sa tsotellehe khatello le liteko tseo bacha ba tobanang le tsona kajeno, le ho u bontša kamoo u ka etsang liqeto tse lumellanang le thato ea Molimo. Ha u etsa joalo, u tla be u thabisa pelo ea Jehova.—Liproverbia 27:11.
Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova