Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bm karolo 8 leq. 11
  • Sechaba sa Iseraele se Kena Kanana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sechaba sa Iseraele se Kena Kanana
  • Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Joshua
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Buka ea Bibele ea 6—Joshua
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lebitso la Jehova le Bokhabane Hakaakang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ho Ile ha “Boleloa Hore o Lokile ka Mesebetsi”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
bm karolo 8 leq. 11

Karolo 8

Sechaba sa Iseraele se Kena Kanana

Joshua o etella Baiseraele pele ha ba hapa Kanana. Jehova o fa baahloli matla a ho lopolla batho ba hae khatellong

JEHOVA o ile a tšepisa litloholo tsa Abrahama hore li tla rua naha ea Kanana lilemo tse makholo pele Baiseraele ba kena teng. Joale ha Baiseraele ba se ba eteletsoe pele ke Joshua, ba ne ba se ba le haufi le ho hapa Naha e Tšepisitsoeng.

Jehova o ne a entse qeto ea hore Bakanana ba lokela ho felisoa. Ba ne ba tlatsitse naha eo eohle ka mekhoa e mebe haholo ea ho kopanela liphate le ka tšollo ea mali e sehlōhō. Ka lebaka leo, metse ea Bakanana eo Baiseraele ba neng ba e hapa e ne e lokela ho felisoa.

Leha ho le joalo, pele Joshua a kena naheng eo, o ile a romela lihloela tse peli, tse ileng tsa lula motseng oa Jeriko ha mosali ea bitsoang Rahaba. O ile a amohela lihloela tsena a ba a li sireletsa le hoja a ne a tseba hore ke Baiseraele. Rahaba o ne a e-na le tumelo ho Molimo oa Baiseraele kaha o ne a utloile kamoo a ileng a pholosa sechaba seo kateng. O ile a kōpa lihloela tsena hore li mo hlapanyetse hore eena le ba ntlo ea hae ba ke ke ba bolaoa.

Hamorao ha Baiseraele ba kena Kanana ’me ba hlasela Jeriko, ka mohlolo Jehova o ile a heletsa marako a Jeriko. Mabotho a Joshua a kena ka sekhahla ’me a timetsa motse oo, empa a pholosa Rahaba le ba ntlo ea hae. Joale, ka lilemo tse tšeletseng feela, Joshua a hapa karolo e khōlō ea Naha e Tšepisitsoeng. Ka mor’a moo, naha eo ea abeloa meloko ea Iseraele.

Ha Joshua a se a tla shoa ka mor’a ho sebeletsa Molimo ka nako e telele, o ile a bokella sechaba. A se hopotsa kamoo Molimo a ileng a sebelisana kateng le baholo-holo ba sona ’me a se khothalletsa ho mo sebeletsa. Leha ho le joalo, ka mor’a lefu la Joshua le banna ba baholo bao a neng a sebetsa le bona, Baiseraele ba ile ba furalla Molimo ’me ba sebeletsa melimo ea bohata. Hase kamehla sechaba sena se ileng sa mamela melao ea Molimo lilemong tseo tse ka bang 300. Nakong eo, o ile a lumella lira tsa Baiseraele, tse kang Bafilista hore li ba hatelle. Empa ha Baiseraele ba kōpa thuso ho eena, o ile a khetha baahloli ba 12 hore ba ba lopolle.

Buka ea Baahloli e bua ka mehla ea Baahloli e qalileng ha ho khethoa Othniele ’me ea fela ha ho khethoa Samsone, eo e neng e le monna ea matla ka ho fetisisa ea kileng a phela. ’Nete ea bohlokoa e hlahang khafetsa bukeng ea Bibele ea Baahloli ke hore ha re mamela Jehova re tla hlohonolofatsoa, empa ha re sa mamele re tla oeloa ke tlokotsi.

​—E thehiloe ho Joshua; Baahloli; Levitike 18:24, 25.

◼ Ke hobane’ng ha Jehova a ile a pholosa Rahaba le ba ntlo ea hae?

◼ Baiseraele ba ile ba etsa’ng ka mor’a lefu la Joshua?

◼ Ke ’nete efe ea bohlokoa e hlahang bukeng ea Baahloli?

[Chate e leqepheng la 11]

Genese

Exoda

Levitike

Numere

Deuteronoma

Joshua ●

Baahloli ●

Ruthe

1 Samuele

2 Samuele

1 Marena

2 Marena

1 Likronike

2 Likronike

Esdrase

Nehemia

Esthere

Jobo

Lipesaleme

Liproverbia

Moeklesia

Sefela sa Lifela

Esaia

[’Mapa o leqepheng la 11]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

← Tsela e kenang Kanana

− − Libaka tseo qalong li neng li hapiloe ke Baiseraele

FOENISIA

FILISTIA

KANANA

Jeriko

Jerusalema

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela