Na ho na le Taba Hore na u Lumela Eng?
Na u nahana hore bophelo bo na le morero? William B. Provine, ea buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho, o re: “Seo re ithutileng sona ka ho iphetola ha lintho se bolela ho hoholo ho rōna, se ama tsela eo re ikutloang ka eona ka morero oa bophelo.” O fihlela qeto efe? O re: “Ha ke bone bokahohle kapa bophelo ba batho bo e-na le morero.”32
Ak’u nahane ka seo mantsoe ao a se bolelang. Haeba ha e le hantle bophelo ha bo na morero, seo se ne se tla bolela hore ha ho na seo u hlileng u se phelelang haese feela ho etsa molemo o itseng ’me mohlomong u siele moloko o latelang litšobotsi tse itseng tsa liphatsa tsa hao tsa lefutso. Ha u shoa, e ne e tla ba ke phetho ka uena. Boko ba hao, bo nang le matla a ho nahana, ho beha mabaka le ho thuisa ka morero oa bophelo, e ne e tla ba bo itlhahetse feela ka tšohanyetso.
Taba ena ha e felle moo. Ba bangata ba lumelang hore lintho li iphetotse ba re Molimo ha a eo kapa haeba o teng, a ke ke a kenella linthong tseo batho ba li etsang. Maemong ana ka bobeli, hoo ho ne ho tla bolela hore bokamoso ba rōna bo itšetlehile ka baeta-pele ba lipolotiki, barutehi le baeta-pele ba bolumeli. Ha re sheba tlaleho eo batho bao ba iketselitseng eona, sena se ne se tla bolela hore pherekano, lintoa le bobolu tse aparetseng moloko oa batho li tla ’ne li tsoele pele. Haeba khopolo ea ho iphetola ha lintho e hlile e le ’nete, leo e ne e tla ba lebaka le utloahalang la ho phela ka lepetjo la batho ba feletsoeng ke tšepo, ba reng: “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.”—1 Bakorinthe 15:32.
Leha ho le joalo, Bibele eona e ruta tjena: “Mohloli oa bophelo o ho [Molimo].” (Pesaleme ea 36:9) Ho na le ntlha ea bohlokoa e boleloang ke mantsoe ana.
Haeba seo Bibele e se buang ke ’nete, joale bophelo bo na le morero. ’Mōpi oa rōna o na le morero o lerato oo a o reretseng bohle ba phelang tumellanong le thato ea hae. (Moeklesia 12:13) Morero oo o akarelletsa tšepiso ea ho phela lefatšeng le se nang pherekano, lintoa le bobolu—haesita le lefu.—Pesaleme ea 37:10, 11; Esaia 25:6-8.
Ke kahoo batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba lumelang hore ho ithuta ka Molimo le ho mo mamela ho etsa hore bophelo bo be le morero ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe! (Johanne 17:3) Ha ba lumele joalo hobane feela e le ntho eo ba e lakatsang. Ho na le bopaki bo hlakileng ba hore ka sebele lintho tse phelang li bōpiloe.
U Tla Araba Joang?
◼ U lumela eng—hore re bile teng ka ho iphetola ha lintho kapa re bōpiloe? Ke hobane’ng ha u araba joalo?
◼ Ho na le mabaka afe a utloahalang a hore u hlahlobe hore na seo u se lumelang se thehiloe hokae?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 29]
Faunia, Madrid