Mohlala o Motle oa Ruthe
Ruthe eo e neng e le mohlolohali o ile a beha mohlala o motle oa ho ba ea tšepahalang. O ile a khetha ho tsamaea le Naomi, matsal’ae ea tsofetseng, ho e-na le ho khutlela motseng oa habo ho ea iphelela hamonate. Le hoja ho khetha seo ho ne ho mo fokoletsa menyetla ea hore a fumane molekane, Ruthe o ile a tsepamisa maikutlo tabeng ea bohlokoa haholo. Lerato la hae ho Naomi le takatso ea hae ea hore a be le batho ba Jehova e ne e le tsa bohlokoa ho feta ho khotsofatsa takatso ea hae ea hore a nyaloe.—Ruthe 1:8-17.
Na u nahana ho kena lenyalong? Joale u lokela ho etsisa Ruthe. U se ke ua nahana feela ka tsela eo u ikutloang ka eona, empa u ipotse hore na ke litšobotsi life tse molemo tseo u tla li bontša molekane oa hao oa ka moso. Ka mohlala, na u motho ea tšepahalang le ea bontšang boitelo? Na u phela ka melao-motheo e khahlisang Molimo, esita le ha ’mele oa hao o sa phethahalang o batla hore u etse se fapaneng? Ruthe o ne a sa batle lenyalo ka mahlo a matšo. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea o ile a fumana monna ea hōlileng tsebong, ea nang le litšobotsi tse tšoanang le tsa hae—’me ka holim’a tsohle, e le ea ratang Molimo. U ka etsahalloa ke se tšoanang.