Selelekela
Likarabo Tse Sebetsang!
‘Nka buisana le batsoali ba ka joang?’ ‘Nka etsa’ng hore ke be le metsoalle?’ ‘Ke’ng e phoso ka ho Itlosa Bolutu ka ho Kopanela Liphate?’ ‘Ke hobane’ng ha ke hloname hakaale?’
Haeba u kile ua ipotsa lipotso tsena tse ka holimo, ha u mong. Ho itšetlehile ka hore na u ile ua kōpa tataiso ho mang, e ka ’na eaba u ile ua fuoa likarabo tse hanyetsanang. E le ho thusa bacha hore ba fumane keletso e utloahalang eo ba ka e tšepang, makasine ea Tsoha! e qalile ka January 1982 ho hatisa lihlooho tse thehiloeng Bibeleng tse reng, “Bacha Baa Botsa . . . ” Le ka mor’a lilemo tse mashome, batho ba bangata ba ntse ba thabela ho bala lihlooho tsena. Ho etsoa lipatlisiso tse pharaletseng pele ho hatisoa sehlooho ka seng. Ha e le hantle, bangoli ba Tsoha! ba buisana le bacha ba makholo lefatšeng ka bophara, e le hore ba tsebe tsela eo bacha ba nahanang ka eona le eo ba ikutloang ka eona! Habohlokoa le ho feta ke hore keletso e fanoang lihloohong tseo tsa “Bacha Baa Botsa” e thehiloe Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele.
Buka ena eo u e tšoereng e hatisitsoe ka lekhetlo la pele ka 1989. Leha ho le joalo, likhaolo tsa eona li ngotsoe bocha e le hore li tšohle lintho tse etsahalang kajeno. Likhaolo tse fetang 30 li nkiloe lihloohong tsa “Bacha Baa Botsa” tse hatisitsoeng pakeng tsa 2004 le 2011.
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1, e tla u hlomella ka lintho tseo u li hlokang e le hore u be motho e moholo ea nang le boikarabelo. Re tšepa hore ha u ntse u sebelisa keletso e fanoeng bukeng ena, u tla ba har’a batho ba limilione, bacha le ba hōlileng, bao “ka tšebeliso, matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.”—Baheberu 5:14.
Bahatisi