Maqephe a ka Pele a Qetellang
Mocha ea Ratehang,
Ntate oa hao ea leholimong, e leng Jehova Molimo, o u rata haholo. O batla hore u thabe. Empa u ka ’na ua ipotsa: ‘Na nka khona ho thaba mehleng ee?’ Ho loketse hore u ipotse potso eo. Etsoe bophelong re hlaheloa ke mathata a mangata. Ho bonahala eka letsatsi le letsatsi re tobana le mathata a re amohang thabo. Empa Ntate oa rōna ea lerato o tla re thusa! Lentsoe la hae le re fa tataiso eo re e hlokang e le hore re sebetsane le mathata ao re tobanang le ’ona bophelong. Le hoja e le khale Bibele e ngotsoe, keletso ea eona e ntse e sebetsa le kajeno, joalokaha e ne e sebetsa ha e ne e qala ho ngoloa.—Pesaleme ea 119:98, 99; 2 Timothea 3:16, 17.
Re lokiselitse hore buka ena e hatisoe hobane re u rata. Re batla hore u thabe ’me u atlehe bophelong. Kahoo, re u khothalletsa hore u bale buka ena kaofela ’me u e sebelise khafetsa ha u tobana le mathata. Lebaka le leng leo buka ena e hatisitsoeng ka lona ke ho u khothalletsa hore u buisane ka bolokolohi le batsoali ba hao. Re tšepa hore u tla e bala kapa u bale likarolo tse ling tsa eona le bona. Rua molemo bohlaleng ba batsoali ba hao le phihlelong eo ba nang le eona!
Re u lakaletsa katleho,
Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova