Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • kr maq. 30-31
  • ’Nete ea ’Muso—Ho Fanoa ka Lijo Tsa Moea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Nete ea ’Muso—Ho Fanoa ka Lijo Tsa Moea
  • ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Sebelisa Buka ea “U ka Thaba ka ho sa Feleng!” Joang ha u Ruta Batho Bibele?
    Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Thusa Batho Bao U Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Mokhoa oa ho Etsa Barutuoa ka Buka ea Tsebo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Bobeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
kr maq. 30-31
1. Morali’abo rōna o sebelisa keramafono ho ruta molaetsa oa Bibele qetellong ea bo-1930; 2. Morali’abo rōna o tšoaretse thuto ea Bibele ka ntle Switzerland

Ka ho le letšehali: Morali’abo rōna oa Alabama, U.S.A., o mametse puo e rekotiloeng ea Mor’abo Rōna Rutherford, bofelong ba 1930; ka ho le letona: Switzerland

KAROLO EA PELE

’Nete ea ’Muso—Ho Fanoa ka Lijo Tsa Moea

U BONA sefahleho sa motho eo u ithutang le eena Bibele se tlala thabo ha a utloisisa se boleloang ke lengolo leo le qetang ho le bala hammoho. A bua butle, o re, “Na u bolela hore Bibele e ruta hore re tla phela ka ho sa feleng Paradeiseng—hona moo lefatšeng?” Motho eo u tsamaeang le eena oa bososela ’me o botsa seithuti, o re, “Uena u utloa Bibele e re’ng?” A hloletsoe, motho eo u ithutang le eena o sisinya hlooho o re, “Ke qala ho utloa taba ena!” U hopola hore o ile a bua ntho e tšoanang libeke tse ’maloa tse fetileng, ha a ne a ithuta ka lekhetlo la pele hore lebitso la Molimo ke Jehova.

Na u kile ua kopana le ntho e joalo? Batho ba Molimo ba bangata ba kile ba kopana le ntho e joalo. Hase lintho tse ngata tse re hopotsang ka ho hlaka ka mpho ena ea bohlokoa, e leng ’nete! Empa ak’u nahane: U fumane mpho eo joang? Re tla tšohla potso eo karolong ena. Tsela eo batho ba Molimo ba ’nileng ba fumana leseli la moea butle-butle ka eona, ke bopaki ba hore ’Muso oa Molimo ke oa sebele. Ka lilemo tse lekholo, Morena oa oona, Jesu Kreste o ’nile a etsa bonnete ba hore batho ba Molimo ba rutoa ’nete.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela