Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 126 leq. 288-leq. 289 ser. 9
  • Petrose o Latola Jesu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Petrose o Latola Jesu
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Latoloa ka Makhetlo Lebaleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Latola ka Makhetlo Lebaleng
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • O Ithutile ho Tšoarela ho Mong’a Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ithutile ho Tšoarela ho Mong’a Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 126 leq. 288-leq. 289 ser. 9
A le mokatong o ka holimo, Jesu o shebile Petrose ha a qeta ho mo latola; mokoko o eme ka morao

KHAOLO EA 126

Petrose o Latola Jesu

MATHEU 26:​69-75 MAREKA 14:​66-72 LUKA 22:​54-62 JOHANNE 18:​15-18, 25-27

  • PETROSE O LATOLA JESU

Ka mor’a hore Jesu a tšoaroe ha a le serapeng sa Gethesemane, baapostola ba ile ba mo lahla kherehloa ’me ba khola phalo. Leha ho le joalo, ba babeli ba bona ba khaotsa ho baleha. Bona ke Petrose “hammoho le morutuoa e mong” eo ho bonahalang hore ke moapostola Johanne. (Johanne 18:​15; 19:​35; 21:​24) E ka ’na eaba ba fihla ho Jesu nakong eo a isoang ha Anase. Ha Anase a romela Jesu ho Moprista ea Phahameng Kaifase, Petrose le Johanne ba latela ba tsamaella morao. E ka ’na eaba ba pelo li peli kaha ba tšaba ho bolaoa, ha ka lehlakoreng le leng ba batla ho bona hore na Moren’a bona o tla hlaheloa ke eng.

Johanne le moprista ea phahameng baa tsebana kahoo o khona ho kena lebaleng la ntlo ea Kaifase. Petrose o sala ka ntle monyako ho fihlela Johanne a khutla ’me a bua le lekhabunyane le lebetseng monyako. Joale Petrose o lumelloa ho kena.

Hoa bata bosiung bona, kahoo batho ba lebaleng ba besitse mollo ka mashala. Petrose o lula le bona e le hore a ka ikomosa ha a ntse a emetse ho bona hore na “phello e tla ba efe” ea nyeoe ea Jesu. (Matheu 26:​58) Joale, ha Petrose a se a le khanyeng ea mollo, lekhabunyane le mo buletseng hore a kene le khona ho mo bona ka ho hlaka. Le re: “Na le uena ha u e mong oa barutuoa ba monna enoa?” (Johanne 18:​17) Ha se eena feela ea hlokomelang Petrose le ho mo qosa ka hore o ne a e-na le Jesu.​—Matheu 26:​69, 71-73; Mareka 14:70.

Taba ena e ferekanya Petrose. O leka ho ikhakanya ebile o chechela hekeng. O latola bosehla hore o ne a e-na le Jesu, o re: “Ha ke mo tsebe leha e le hona hore ke utloisisa seo u se buang.” (Mareka 14:​67, 68) O boetse o “bitsa bomalimabe le ho hlapanya,” e leng se bolelang hore o ikemiselitse ho hlapanya hore mantsoe a hae ke ’nete le hore haeba a sa bue ’nete a mpe a hlaheloe ke bomalimabe.​—Matheu 26:74.

Nakong ena, nyeoe ea Jesu e ntse e tsoela pele. Kamoo ho bonahalang kateng, e tšoaretsoe mokatong o ka holimo oa ntlo ea Kaifase. Ho ka etsahala hore ebe Petrose le ba bang ba letileng lebaleng ba ntse ba bona ha lipaki tse ’maloa li kena li tsoa.

Hoa utloahala hore Petrose ke Mogalilea ha a bua ’me sena se bontša hore o leshano ha a latola Jesu. Ho feta moo, e mong oa ba teng mona ke mong ka Malkuse, eo Petrose a ileng a mo khaola tsebe. Kahoo o qosa Petrose o re: “Ke u bone ka serapeng u e-na le eena, na ha ho joalo?” Ha Petrose a hana he-he-he! ka lekhetlo la boraro, mokoko oa lla joalokaha Jesu a ile a hla a bolela.​—Johanne 13:​38; 18:​26, 27.

Kamoo ho bonahalang kateng, Jesu o mokatong o ka holimo moo a khonang ho bona lebaleng. Joale Jesu o sheba ka ho toba ho Petrose, ’me e tlameha ebe sena se etsa hore Petrose a utloe bohloko bo fihla pelong. O hopola seo Jesu a se buileng lihoreng tse seng kae tse fetileng ha ba le moketeng oa Paseka. U se u ka inahanela feela hore na Petrose o ikutloa joang ha a elelloa seo a qetang ho se etsa! Joale o tsoela ka ntle ’me o bokolla habohloko.​—Luka 22:​61, 62.

Ho tlile joang hore see se etsahale? Ho tlile joang hore Petrose a latole Moren’a hae le hoja a ne a kholisehile hakana hore o matla moeeng ebile oa tšepahala? Nakong ena, ho sothoa mantsoe a Jesu ’me o hlahisoa e le setlokotsebe se tsoileng tseleng. Ho e-na le hore Petrose a buelle Jesu ka sebete hobane a tseba hore ha a molato, o nyahlatsa Mora oa Molimo “ea nang le lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.”​—Johanne 6:68.

Ntho ena e bohloko e etsahaletseng Petrose, e bontša hore esita le motho ea nang le tumelo le ea nang le boikemisetso bo matla a ka therekela haeba a sa ikatela bakeng sa mahloriso le liteko tse ka mo hlahang tsome. E se eka pale ena ea Petrose e ka thusa bahlanka bohle ba Molimo hore ba itlhokomele!

  • Petrose le Johanne ba khona joang ho kena lebaleng la ntlo ea Kaifase?

  • Nakong eo Petrose le Johanne ba leng lebaleng, ho etsahala’ng ka tlung?

  • Ho boleloa’ng ha ho thoe Petrose o bitsa bomalimabe le ho hlapanya?

  • Pale ea Petrose e re ruta thuto efe ea bohlokoa?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela