Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rj karolo 5 maq. 12-15
  • Khutlelang ho “Molisa le Molebeli oa Meea ea Lōna”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khutlelang ho “Molisa le Molebeli oa Meea ea Lōna”
  • Khutlela ho Jehova
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Khutlelang ho ’Na”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • O Tla le Matlafatsa
    Binelang Jehova le Thabile
  • O Tla le Matlafatsa
    Binelang Jehova
  • Jehova o U Rata Haholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Khutlela ho Jehova
rj karolo 5 maq. 12-15

KAROLO EA 5

Khutlelang ho “Molisa le Molebeli oa Meea ea Lōna”

Na u se u kile ua hlaheloa ke a mang a mathata a hlalositsoeng bukaneng ee? Haeba ho joalo, ha u mong. Bahlanka ba bangata ba Molimo ba tšepahalang ba mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele le ba mehleng ena, ba ’nile ba hlaheloa ke mathata a kang ao. Jehova o ile a ba thusa hore ba a hlōle ’me le uena a ka u thusa.

Jehova o tla u tšehetsa ha u khutlela ho eena

KHOLISEHA hore Jehova o tla u tšehetsa ha u khutlela ho eena. O tla u thusa hore u sebetsane le matšoenyeho, u loantšane le ho utloa bohloko le hore u khotsofale ka ho feletseng ka lebaka la ho ba le letsoalo le hloekileng. Mohlomong u tla boela u susumelletsehe ho sebeletsa Jehova hammoho le balumeli-’moho le uena. Boemo ba hao bo tla tšoana le ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo bao moapostola Petrose a ileng a re ho bona: “Le ne le le joaloka linku, tse hlahlathelang; empa joale le khutletse ho molisa le molebeli oa meea ea lōna.”—1 Petrose 2:25.

Ruri ho khutlela ho Jehova ke ntho e molemo ka ho fetisisa eo u ka e etsang. Hobane’ng? U tla thabisa pelo ea hae. (Liproverbia 27:11) Joalokaha u tseba, Jehova o na le maikutlo, kahoo lintho tseo re li etsang lia mo ama. Ke ’nete hore Jehova ha a re qobelle hore re mo rate le hore re mo sebeletse. (Deuteronoma 30:19, 20) Seithuti se seng sa Bibele se ile sa re: “Ha ho na motho ea ka bulang pelo ea hao, haese uena feela.” Re ka e bula ka ho sebeletsa Jehova ka lerato. Ha re etsa joalo, re mo fa mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa, e leng botšepehi ba rōna ’me seo se mo thabisa haholo. Ka sebele, ha ho letho le ka bapisoang le thabo eo re e fumanang ka lebaka la ho sebeletsa Jehova.—Liketso 20:35; Tšenolo 4:11.

Morali’abo rōna ea neng a se a sa kopanele o amoheloa ka mofuthu libokeng

Ho phaella moo, ha u boela u sebeletsa Jehova u tla feptjoa moeeng hape. (Matheu 5:3) Ka tsela efe? Lefatšeng ka bophara batho ba ntse ba ipotsa lipotso tse kang, ‘Re phelela’ng?’ Ba labalabela ho fumana likarabo tsa lipotso tse mabapi le morero oa bophelo. Jehova o bōpile batho ba e-na le takatso eo. O re bōpetse hore re thabele ho mo sebeletsa. Ha ho na ntho e re thabisang ho feta ho tseba hore re sebeletsa Jehova hobane re mo rata.—Pesaleme ea 63:1-5.

Kholiseha hore Jehova o batla hore u khutlele ho eena. U ka kholisoa ke’ng? Nahana ka ntlha ena: Ha ho ne ho ngoloa bukana ena ho ile ha rapeloa ka tieo. Mohlomong u ile ua e fuoa ke moholo ka phuthehong kapa ke molumeli-’moho le uena. Eaba u susumelletseha hore u e bale ’me u etse liphetoho. Sena sohle se bontša hore Jehova ha aa u lebala. Empa ka bonolo o u khutlisetsa ho eena.—Johanne 6:44.

Taba ea hore ha ho mohla Jehova a ka lebalang bahlanka ba hae ba lahlehileng, ea re khothatsa. Ke sona seo morali’abo rōna Donna, a ileng a se ananela. O ile a re: “Ke ne ke se ke le hōle le ’nete, empa hangata ke ne ke khothatsoa ke Pesaleme ea 139:23, 24, e reng: ‘Mpatlisise ka hohle, Molimo, ’me u tsebe pelo ea ka. Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e ntlhokisang botsitso. U bone hore na ho na le tsela leha e le efe e bohloko ka ho ’na, u ntsamaise tseleng ea nako e sa lekanyetsoang.’ Ke ne ke hlokomela hore ke hlahlathetse ’me sebaka seo ke leng ho sona hase ntšoanele, hape ke ne ke tseba hore ke lokela ho khutlela ka mokhatlong oa Jehova. Ke ile ka qala ho hlokomela hore ha ho mohla Jehova a kileng a ntahla, le hore ke lokela ho khutlela ho eena. Hona joale ke thabile haholo hore ebe ke ile ka etsa joalo!”

“Ke ile ka qala ho hlokomela hore ha ho mohla Jehova a kileng a ntahla, le hore ke lokela ho khutlela ho eena”

Re rapela ka tieo hore le uena u boele u fumane “thabo ea Jehova.” (Nehemia 8:10) U ke ke ua ikoahlaela hore ebe u khutletse ho Jehova.

Likarabo Tsa Lipotso Tse Mabapi le ho Khutlela ho Jehova

KE LOKELA HO QALA KA HO ETSA’NG?

Morali’abo rōna ea neng a se a sa kopanele o ntse a bala Bibele

Ha motho ea neng a kula a se a folile a ka ’na a lokela ho etsa lintho tseo a neng a tloaetse ho li etsa hanyane ka hanyane. Ka ho tšoanang, u ka imatlafatsa moeeng ka hore u ithute lintho tse seng kae letsatsi le letsatsi. U se ke ua nahana hore u lokela ho etsa lintho tsohle ka nako e le ’ngoe. Mohlomong u ka nka metsotso e seng mekae u bala Bibele kapa u mametse khatiso ea eona, hape u ka bala lingoliloeng kapa ua kena websaeteng ea jw.org ’me ua boela ua shebella mananeo a ho tv.jw.org. Leka ho ea libokeng tsa phutheho kapele kamoo u ka khonang. Habohlokoa le ho feta, rapela Jehova hore a u thuse. ‘Lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho eena, hobane oa u tsotella.’—1 Petrose 5:7.

“Ka mor’a hore ke khaotse ho kopanela, ke ne ke tšaba le ho rapela. Eitse hoba ke itete sebete ho rapela, moholo e mong oa phutheho e haufi o ile a nketela. O ile a nthusa ho elelloa hore Jehova ha aa ntahla. A nkhothalletsa ho bala Bibele kamehla. Ka ho etsa seo, ke ile ka tiea mangole ’me ka qalella ho ba teng libokeng. Ho e-s’o ee kae, ke ile ka boela ka kopanela tšebeletsong. Ruri kea leboha hore ebe Jehova ha aa ka a ntela.”—Eeva.

EBE LITHO TSA PHUTHEHO LI TLA NTALIMA JOANG?

Kholiseha hore litho tsa phutheho li tla u amohela ka mofuthu. Li ke ke tsa u tšoaea liphoso kapa hona ho u ahlola, empa li tla u bontša lerato li be li etse sohle seo li ka se khonang ho u khothatsa.—Baheberu 10:24, 25.

“Ke ne ke soabela ho ea Holong ea ’Muso. Ke ipotsa hore na ba bang ba tla re’ng. E mong oa barali’abo rōna ea bileng phuthehong eo ka lilemo tse 30 o ile a re: ‘Rea u amohela Ngoan’aka!’ Seo se ile sa nkama maikutlo. Ke ile ka ikutloa ke amohelehile.”—Javier.

“Ke ile ka ea Holong ea ’Muso ’me ka lula litulong tse ka morao e le hore batho ba se ke ba mpona. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba ntseba le hoja ke ne ke qetetse ho tla libokeng ha ke sa le ngoana. Ba ile ba nkamohela ’me ba nhaka ka mofuthu hoo ke ileng ka phutholoha. Ke ile ka ikutloa hore ke amohetsoe ka liatla tse peli.”—Marco.

BAHOLO BA KA NTHUSA JOANG?

Baholo ba tla u tšoara ka mosa. Ba tla u babatsa haele mona u e-na le takatso ea ho tsosolosa “lerato leo u neng u e-na le lona pele.” (Tšenolo 2:4) Ka mosa ba tla u thusa ho lokisa liphoso tsa hao, ’me ba tla etsa seo “ka moea o bonolo.” (Bagalata 6:1; Liproverbia 28:13) Ba ka ’na ba kōpa mohoeletsi e mong hore a u khannele thuto, mohlomong a sebelisa buka ea Atamela ho Jehova kapa “Le Ipoloke Leratong la Molimo.” Kholiseha hore baholo ba tla u khothatsa ba be ba u tšehetse kahohle kamoo ba ka khonang kateng.—Esaia 32:1, 2.

“Ka lilemo tse robeli tseo ke neng ke sa kopanele ka tsona, baholo ba ne ba nthusa. Ka letsatsi le leng, moholo e mong o ile a mpontša lifoto tseo a neng a re nkile tsona nakong e fetileng. Li ile tsa nkhopotsa lintho tse ngata tse monate tseo re neng re li etsa hoo ke ileng ka hloloheloa ho sebeletsa Jehova hape. Ka lerato baholo ba ile ba nthusa hore ke boele ke be le kemiso ea lintho tsa moea.”—Victor.

“O Tla le Matlafatsa”

Barali’abo rōna ba babeli ba bina libokeng ka buka e le ’ngoe ea lipina

Buka ea rōna ea Binelang Jehova, e na le lipina tse ’maloa tse ka u tšelisang le ho u khothatsa ha u ntse u leka ho khutlela ho Jehova. Nka ka mohlala mantsoe a pina ea 60. E thehiloe ho 1 Petrose 5:10, e nang le sehlooho se reng “O Tla le Matlafatsa.”

  1. Jehova o ile a le bontša ’nete

    A le ntša lefifing la lefatše.

    A bona takatso ea pelo tsa lōna

    Ea ho batla ’Mōpi le ho loka.

    La re le tla etsa thato ea hae;

    A le thusa hore le e phethe.

  2. Molimo Jah o le file Mora oa hae;

    Kahoo o le batlela katleho.

    O fane ka Mora ea ratehang oa Hae,

    Ho hang a ke ke a le tlohela.

    O hopola lerato la lōna;

    O hlokomela bahlanka ba Hae.

    (K’HORASE)

    O le rekile ka mali a Kreste Jesu.

    O tla le tiisa, a le matlafatse.

    A le tataise a be a le boloke.

    O tla le tiisa, a le matlafatse.

Sing to Jehovah​—⁠Vocal Renditions

Hore u mamele lipina tsa ’Muso ka mantsoe, sheba tlas’a LINGOLILOENG > ’MINO.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela