THUTO EA 58
Jerusalema ea Timetsoa
Batho ba Juda ba ne ba fetohela Jehova ka makhetlo a mangata ’me ba rapela melimo ea bohata. Jehova o ile a leka ho ba thusa ka lilemo tse ngata. O ile a romela baprofeta ba bangata hore ba ba lemose, empa ha baa ka ba mamela. Ho e-na le hore ba mamele baprofeta, ba ne ba ba soma. Jehova o ile a etsa’ng ho felisa borapeli ba bona ba litšoantšo?
Morena oa Babilona, e leng Nebukadnezare, o ne a ntse a hapa linaha tse ngata. O ile a hapa Jerusalema ’me a isa Morena Jojakine, bara ba hae, masole le batho ba etsang mesebetsi ea matsoho Babilona. A boela a nka matlotlo ’ohle a ka tempeleng ea Jehova. Ka mor’a moo, Nebukadnezare a etsa Tsedekia morena oa Juda.
Qalong Tsedekia o ne a mamela Nebukadnezare. Eaba baprofeta ba bohata le batho ba linaha tse haufi ba khothaletsa Tsedekia hore a fetohele morena oa Babilona. Empa Jeremia a mo eletsa a re: ‘Haeba u fetohela morena oa Babilona, batho ba tla bolaoa, ho be le tlala hammoho le maloetse Juda.’
Ka mor’a hore Tsedekia a buse ka lilemo tse robeli, a fetohela morena oa Babilona. O ile a kopa masole a Egepeta hore a mo thuse. Kahoo, Nebukadnezare a romela masole a hae hore a hlasele Jerusalema, eaba a hloma litente ho pota-pota motse. Jeremia a re ho Tsedekia: ‘Jehova o re ha u ka inehela ho morena oa Babilona, u tla pholoha hammoho le sechaba sa hao. Empa haeba u sa etse joalo, Bababilona ba tla chesa Jerusalema ’me ba u etse motšoaruoa.’ Tsedekia a re: ‘Nke ke ka inehela!’
Ka mor’a selemo le halofo, masole a Babilona a ile a liha marako a Jerusalema ’me a chesa motse. A ile a chesa tempele, a bolaea batho ba bangata ’me a tšoara ba likete.
Tsedekia o ile a baleha Jerusalema, empa Bababilona ba mo lelekisa. Ba mo tšoara haufi le Jeriko ’me ba mo isa ho Nebukadnezare. Morena oa Babilona o ile a etsa hore Tsedekia a bone ha bara ba hae ba bolaoa. Eaba o foufatsa Tsedekia ’me a mo koalla teronkong, moo hamorao a ileng a shoela teng. Empa Jehova a tšepisa Bajuda a re: ‘Ke tla le khutlisetsa Jerusalema ka mor’a lilemo tse 70.’
Ho ile ha etsahala’ng ka bacha ba isitsoeng Babilona e le batšoaruoa? Na ba ile ba lula ba tšepahalla Jehova?
“Jehova Molimo ea Matla ’Ohle, likahlolo tsa hao ke tsa ’nete ’me li lokile”—Tšenolo 16:7