THUTO EA 102
Lintho Tseo Johanne a li Boneng
Ha moapostola Johanne a le teronkong Patmose, Jesu o ile a mo bontša lintho tse 16 tseo e leng hona li tl’o etsahala. Lintho tsena li ne li bontša kamoo lebitso la Jehova le tla halaletsoa kateng, hore ’Muso oa hae o tla tla le hore thato ea hae e tla etsoa lefatšeng joalokaha e etsahala leholimong.
Johanne a bona Jehova a lutse teroneng ea hae leholimong a e-na le baholo ba 24 ba apere liaparo tse tšoeu, ba roetse likorone tse ’mala oa khauta. Teroneng ha tsoa mahalima le lialuma. Baholo ba 24 ba khumamela Jehova ba mo rapela. Hape Johanne a bona batho ba bangata ba tsoang linaheng tsohle le lipuong tsohle ba rapela Jehova. Konyana e leng Jesu, ea ba tataisa ’me ea ba isa metsing a bophelo. Johanne o ile a boela a bona Jesu a qala ho busa e le Morena leholimong hammoho le baholo ba 24. Hape Johanne a bona Jesu a loantša drakone e bitsoang Satane le bademona ba hae. Jesu a ba ntša leholimong a ba lahlela lefatšeng.
Eaba Johanne o bona Konyana le ba 144 000 ba eme Thabeng ea Sione. A bona lengeloi le fofa sebakeng le joetsa batho hore ba tšabe Molimo ’me ba mo rapele.
A boela a bona ntoa ea Armagedone. Ntoeng eo, Jesu le lebotho la hae ba felisa puso e khopo ea Satane. Qetellong Johanne o bona khotso leholimong le lefatšeng. Satane le bademona ba hae baa felisoa. Bohle leholimong le lefatšeng ba rapela Jehova feela ‘me ba halaletsa lebitso la hae.
“Ke tla etsa hore uena le mosali le hloeane le hore bana ba hao le ngoana oa hae ba hloeane. Ngoana eo o tla u khoba hlooho ’me uena u tla mo loma serethe.”—Genese 3:15