Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • th khao. 6 leq. 9
  • Hlalosa Bohlokoa ba Lengolo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlalosa Bohlokoa ba Lengolo
  • Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kenyeletsa Mangolo Hantle
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Mangolo a Sebelisitsoe Hantle
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Sephetho se Amang Pelo
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Hlakisa Bohlokoa ba Taba
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
Bala Tse Ling
Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
th khao. 6 leq. 9

KHAOLO 6

Hlalosa Bohlokoa ba Lengolo

Lengolo le qotsitsoeng

Johanne 10:33-36

NTLHA-KHOLO: U se ke oa bala lengolo feela e be ha u le hlalose. Etsa bonnete ba hore bamameli ba hao baa utloa hore na lengolo leo le amana joang le taba eo u buang ka eona.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Khetha mantsoe a bohlokoa. Ha u qeta ho bala temana, bua ka mantsoe ao ka ho toba a hatisang ntlha ea hao ea sehlooho. Pheta mantsoe ao, kapa u botse potso e tla etsa hore bamameli ba lemohe hore na mantsoe a bohlokoa ke afe.

    Keletso

    Haeba u bua mantsoe a mang a buellang temana, etsa bonnete ba hore bamameli ba ntse ba ka kopanya taba eo u e buang le e ka Bibeleng.

  • Hatisa ntlha ea sehlooho. Haeba u hlakiselitse bamameli hore na ke hobane’ng ha u bala lengolo, ba hlalosetse hore na mantsoe a sehlooho a temaneng eo a tšehetsa mabaka ao joang.

    Keletso

    Lula u phetlile Bibele ha u ntse u hlalosa temana e le ho thusa bamameli hore ba bone hore na seo u buang se amana joang le seo u qetang ho se bala.

  • Toba taba. Tlohela ho bua lintho tse sa amaneng le taba. Kaha u se u ntse u tseba hore na bamameli ba hao ba tseba’ng, khetha hore na u tla hatisa lintlha life e le hore taba eo u buang ka eona e tle e hlake.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela