U Fapane Hakae le Lefatše?
“Borapeli bo hloekileng, bo se nang sekoli mahlong a Molimo Ntat’a rōna, ke ha motho . . . a ipoloka lefatšeng a se na le lethebanyana.”—JAKOBO 1:27.
1, 2. Ke mang ea boletseng hore Bakreste e tla ba ba fapaneng lefatšeng? Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li lokela ho lebella ho ba tse fapaneng lefatšeng?
JESU e bile oa pele oa hore Bakreste ba tlameha ho se be karolo ea lefatše. (Johanne 15:19) ’Me ha a rapela Ntate oa hae bosiu ba pele a e-shoa, o ile a utluoa a re: “Ke ba file lentsoe la hao, ’me lefatše le ba hloile, kahobane e se ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.” Joale, kapele-pele, a pheta: “Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke oa se lefatše.”—Johanne 17:14, 16.
2 Malumeli a mangata a Bojakane ha a leke ho phethahatsa mantsoe ao. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova lia hlokomela hore Bakreste kajeno ha ba na boikhethelo empa ho lula ba ikarotse lefatšeng. Lia tseba hore Satane ke morena oa lefatše lena. (Johanne 14:30; 1 Johanne 5:19) Ho ba karolo ea lefatše ho bolela ho ba tlas’a tšusumetso ea Satane. Jakobo o lemositse: “Kahoo, mang le mang ea ratang ho ba motsoalle oa lefatše o ipea sera ho Molimo.” (Jakobo 4:4, NW) Ka hona, re lokela ho lebella ho ba ba fapaneng.
3. Ke lintho life tsa motheo tse etsang hore Lipaki tsa Jehova li fapane le ba li potolohileng?
3 Empa lipaki tsa Jehova li fapana joang? Jesu o boletse hore Bakreste ba ke ke ba tlosoa lefatšeng. (Johanne 17:15) ’Me ho joalo, Lipaki tsa Jehova li phela hona ho lona, ’me boholo ba tsona boa nyala le ho hōlisa malapa, joaloka mang le mang. Le tsona li lokela ho fumana mosebetsi, ho sebetsana ka katleho le ho phahama ha theko ea lintho, le ho lefa makhetho a tsona. Empa li fapane. Sehloohong se buang ka tsona, mohlophisi oa bolumeli oa pampiri ea litaba ea United States o hlalositse hore na ke hobane’ng ha a nahana joalo. O itse: “Se arolang Lipaki ho banģosi ba bangata ba tsona, mohlomong, ke hore bophelo bohle ba tsona—kamoo li sebelisang nako ea tsona le hore na li e qeta le bo-mang—ka ho feletseng se likoloha ho seo li se lumelang.” Ha ho potang! Lipaki tsa Jehova li inehetse ka ho feletseng ho Jehova Molimo. Li lumela ka ’nete litšepiso tsa hae tse ka Bibeleng, ’me li nka ka ho teba litaelo tsohle tseo Molimo o li laelang tsona. (1 Johanne 5:3) Hona ho li etsa tse fapaneng.
4. Ke lintlha life tse etsang hore ho aroha lefatšeng lena ho be thata? Kahoo, bohle re lokela ho etsa’ng nako le nako?
4 Leha ho le joalo, ho ikarola ho joalo ha hoa tloaeleha ebile ha ho bonolo. Bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi, khatello ea ho sekisetsa e matla. Boholo ba rōna re na le takatso e itlisang ea ho se be ba fapaneng haholo le mang kapa mang. Ha ho hlaha litaba tse amang ho se nke lehlakore, ho hloka ho kholiseha ho matla ho ba ea fapaneng le ho mamela litaelo tsa Jehova. (Liketso 5:29; 15:28, 29) Kahoo, ke bohlale hore motho ka mong a itlhahlobe nako le nako ho bona hore na o eme joang tabeng ea ho ba ea arohileng lefatšeng.—2 Ba-Korinthe 13:5.
Ho Cheseha Tšebeletsong ea Tšimo
5. (a) Ba bang bao e seng Lipaki ba re’ng ka cheseho ea Lipaki tsa Jehova mosebetsing oa ho bolela? (b) Ke metheo efe e meng ea Bibele e susumetsang Lipaki ho ba tse chesehang mosebetsing ona?
5 Ka mohlala, Lipaki tsa Jehova li tsejoa hantle ka cheseho ea tsona boboleling. Ka ’nete hona ho li etsa tse fapaneng. Li khahla ba bang ka hona, ha ba bang ba khopisoa ke hona. Baromuoa ba tsoang mokhatlong o mong oa boevangeli ba tlaleha hore hohle moo ba eang lefatšeng ba kopana le batho ba sebaka seo bao e leng Lipaki tsa Jehova, tse mafolo-folo, tse chesehang! E ’ngoe ea libuka tsa bona e itse, “Bua halelele le . . . moromuoa ofe kapa ofe hohle lefatšeng ka maemo a sebaka seo, ’me u tla utloa ho boleloa Lipaki tsa Jehova.” Ke hobane’ng ha Lipaki li chesehela mosebetsi oo hakaale? Lebaka ke hobane ho bolela litaba tse molemo ke thato ea Molimo le letšoao le khethollang Mokreste oa ’nete. (Mattheu 28:19, 20; Ba-Efese 6:14, 15; Tšenolo 22:17) Kajeno, ho bolela hona ha Lipaki tsa Jehova ke pontšo ea phatlalatsa ea botšepehi ba tsona ’Musong oa Molimo le takatso ea ho thusa ba bang ho rapela Jehova.—Esaia 2:2-4; Mattheu 24:14.
6. Lipotso tse ling tseo re lokelang ho ipotsa tsona ho hlahloba maikutlo a rōna mabapi le mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ke life?
6 Mosebetsi oa ho bolela ke oa bohlokoa hakae ho uena? Lefatšeng, ba bangata ba ikutloa hore ho iketsetsa bophelo, kapa le bona boikhathollo, ke tsa bohlokoa ho feta mekhoa ea bolumeli. (2 Timothea 3:4; 1 Johanne 2:16) Leha ho le joalo, Pauluse o ile a ngolla Timothea: “U ke u itebele, u lebele le eona thuto; ’me u tiee teng; hobane, ha u etsa joalo, u tla ipholosa, u pholose le ba u utloang.” (1 Timothea 4:16) Na u na le pono ee? Na u boetse u hopola temoso ea moapostola Petrose ea hore u lokela ho ‘hopola ho tla ha letsatsi la Jehova’? (2 Petrose 3:12) Haeba ho joalo, joale u-ua tseba hore ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ke taba e potlakileng. Hona ho ka ’na ha u susumelletsa ho nka bohato ka litsela tse tla bonahala li makatsa ho bao e seng Lipaki.
7. Ba bangata ba nkile bohato bofe mabapi le mosebetsi oa boboleli? Hobane’ng?
7 Ka mohlala, John, tichere ea sekolo Ghana, o ile a nka Mangolo ka ho teba. Ka hona a tlohela mosebetsi e le hore a ka sebelisa nako e eketsehileng a bolella baahelani ba hae ka ’Muso. Brian, moshemane oa Lenyesemane, a tela monyetla oa hae oa ho ea univesithing e le hore e ka ’moleli oa nako e tletseng; Eve, ngoanana oa Amerika, a tlohela koleche kamor’a likhoeli tse seng kae a le moo ka lebaka le tšoanang. Na bacha baa ba ne ba etsa lintho tse seng molemo kapa e le lithoto? Ka sebele, ho mang kapa mang ea nkang Bibele ka ho teba, seo ba se entseng se ne se utloahala e bile se lokile. Ho e-na le ho bea bokamoso ba bona kotsing, ba ne ba thusa ho bo tiisa. Joalokaha Pauluse a boletse, ba khethile mosebetsi o bolelang pholoho, ‘ho bona le ho ba ba utloang.’—1 Timothea 4:16.
Boitšoaro ba Mofuta o Fapaneng
8. Ke motheo ofe oa Bibele o ho Ba-Heberu 1:9 o boetseng o thusang hore Lipaki tsa Jehova li fapane?
8 Motheo o mong ke ona o etsang hore Bakreste e be ba fapaneng le lefatše: “U ratile ho loka, ’me u hloile bokhopo.” (Ba-Heberu 1:9) Ho se potolohileng taba, mantsoe ana a lebisitsoe ho Jesu Kreste, empa Lipaki tsa Jehova li hlokomela hore a fana ka mohlala le ho Bakreste. (1 Petrose 2:21) Re lokela ho rata seo Molimo o reng se lokile ’me re hloee seo o reng se khopo.
9. (a) Mekhoa e meng ea bokhopo ke efe? (b) Boikutlo ba phutheho ea Bokreste mabapi le bokhopo bo fapana joang le ba lefatše?
9 Moapostola Pauluse o khethollotse mefuta e meng ea bokhopo ka mantsoe ana: “Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, leha e le basodoma, le masholu, le ba lakatsang leruo, le matahoa, le ba sebang ba bang, le ba utsoang, ba joalo ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.” (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Kajeno, lefatše le hlephile hampe, haholoholo litabeng tsa boitšoaro. Empa melao ea Bibele e ke ke ea qojoa. Bibele e re Mokreste ofe kapa ofe ea amehang mekhoeng ea boitšoaro bo bobe o lokela ho thusoa ka lerato hore a fetole tsela ea hae. (Ba-Galata 6:1; Jakobo 5:19, 20) Haeba a hana ho fetoha, joale Bakreste ba lokela ho sutha pel’a hae.—1 Ba-Korinthe 5:9-13.
10. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li lokela ho itšireletsa liketsong tsa bokhopo?
10 Ba bang ba qositse ka hore ho sebetsa litaba ka tsela ena ke ho hloka lerato kapa ke ho li feteletsa. Ba rata katamelo e lokolohileng haholoanyane ea lefatše. Na u ikutloa ka tsela eo? Kapa na u-ua hlokomela hore liketso tse joalo ha li bontše ho hloea moetsalibe hakaalo ha e se feela liketso tsa hae tse khopo? Hona na u-ua utloisisa hore phutheho ea Bokreste e tlameha ho sebetsa ka tsela ena haeba e tla lula e le ea Bokreste? Jakobo o itse: “Bolumeli boo Molimo Ntat’a rōna a bo amohelang e le bo hloekileng le bo se nang molato ke bona: . . . ho ipoloka motho u sa silafatsoa ke lefatše.” (Jakobo 1:27, New International Version) Sehlopha se ne se ka ipolela joang hore se na le bolumeli ba ’nete haeba se lumella ho silafatsoa ke sebe se tebileng?
11. Melao ea Bokreste e ama puo ea Mokreste joang?
11 ‘Ho hloea ha Mokreste bobe’ ho tsoela pele. Bibele e re: “Ha e le bofebe, le litšila tsohle, le takatso ea moruo, ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a Iōna, kamoo ho tšoanelang bahalaleli; leha e le taba e lihlong, leha e le ea booatla, leha e le ea mesoaso e mebe.” (Ba-Efese 5:3, 4) Kahoo Bakreste ba sebele har’a metsoalle ea bona ba tsebahala e le ba sa sebeliseng mahlapa, ho bolela mesoaso e litšila, kapa ho thabela haholo ho qoqa lintho tse litšila. Likelello tse hloekileng le puo e hloekileng kajeno li ea li fela.
12. Lipaki tsa Jehova li fapana joang le lefatše ha ho tluoa boithabisong?
12 Lipaki tsa Jehova li fapana leha ho tluoa boithabisong. Kaha “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe,” li ithutile ho ba masene ka boithabiso boo lefatše le fanang ka bona. (1 Johanne 5:19) Ka ho feletseng li qoba lipapali tse etsoang ka lihlopha, limakasine, ‘li-video,’ lifilimi, ’mino, le lipontšo tsa thelevishene tse nang le bodemona kapa boitšoaro bo litšila, kapa ho thabela tšoaro e sehlōhō ka ho fetisisa ea batho ba bang. Li boetse li hlokolosi ka ho bitsoang boithabiso ba lelapa bo phahamisang maikutlo a hlephileng ao Bakreste ba ke keng ba a amohela. (1 Ba-Korinthe 15:33) Mang le mang ea nkang Bibele ka ho teba a ke ke a batla boithabiso linthong tse sa lokelang le ho boleloa ka mabitso har’a Bakreste.
13. Na ke bothoto ho ithiba haholo tabeng ea boithabiso? Hlalosa.
13 Na aa ke maikutlo a hao? Kapa u nahana hore maikutlo a joalo a etsa hore Lipaki tsa Jehova e be lithoto kapa li be thata? Haeba ho joalo, nahana: Ha ho fumaneha hore lijo tse itseng li silafetse ’me kapele-pele li tlosoa lirakeng tsa mabenkele, bareki ha ba belaele ka hore bolokolohi ba bona bo thibetsoe hobane ba ke ke ba hlola ba li reka. Ho e-na le hoo, baa leboha hore e be ba sirelelitsoe lijong tse nang le chefu. Ka ho tšoanang, Lipaki tsa Jehova ha li belaelle hore bolokolohi ba tsona bo thibetsoe ka tsela e itseng ha li supisoa tšilafalo ea boithabiso bo boholo ba lefatše. Ho e-na le hoo, li lokolohile hore e be li sirelelitsoe kotsing eo tšilafalo e joalo e nang le eona.
Lia Ratana
14. Ke tšobotsi efe eo Jesu a itseng e tla etsa mokhatlo oa Bokreste o khethehileng lefatšeng le o pota-potileng?
14 Tekanyo e ’ngoe ea ho ikarola ha Mokreste lefatšeng ke ena. Bosiu ba pele a e-shoa, Jesu a re ho balateli ba hae: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:35) Ke hobane’ng ha lerato e ne e tla ba pontšo ho ba kantle? Hobane, boemo kajeno lefatšeng ka kakaretso bo joalokaha Pauluse a boletse: “Batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, . . . ba se nang lerato la hlaho.” (2 Timothea 3:2, 3) Tikolohong e joalo, mokhatlo oa lefatše ka bophara oa batho ba ratanang e ne e tla ba ntho e ’ngoe e fapaneng. Boena bo joalo bo teng har’a Lipaki tsa Jehova.—1 Petrose 2:17.
15. Ke maemong afe a mang ao Lipaki tsa Jehova li nang le monyetla oa ho bontšana lerato?
15 Lerato lena le hlokomeleha haholo ’me hangata le mema litlhaloso tsa ba kantle ha Lipaki li bokana likopanong tsa tsona tse khōlō. Ha ho e-na le likoluoa, ka potlako ho bonoa Lipaki, li tlisetsa baena ba tsona thuso. ’Me kahare ho phutheho, Bakreste ba ’nete ba bontša lerato le ho nahanelana. Esita le ha ho e-na le mathata a botho, li leka ka thata ho ’mamellana le ho rekolohelana ka bolokolohi.’—Ba-Kolosse 3:12-14.
Ha li Khopisane
16. (a) Pauluse o ile a tšohla boemo bofe bo ileng ba fa Bakreste ba lekholo la pele la lilemo monyetla o motle oa ho bontša ho ratana ha bona ho tebileng? (b) O hlalositse motheo ofe o sebetsang haholo kajeno?
16 Lerato le joalo le etsa hore Lipaki li fapane ka tsela e ’ngoe hape. Kajeno, ba bangata ba amehile ka ho sireletsa litokelo tsa bona le ka ho li boulela. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o beile mohlala o fapaneng: “A re ke re batleng ke hona litaba tse hlahisang khotso, le tseo re ka hahisanang hammoho ka tsona.” (Ba-Roma 14:19) Ho se potolohileng taba, Pauluse o ne a bua ka bothata bo neng bo le teng ka nako eo mabapi le lijo. Bakreste, ho fapana le Bajode tlas’a Molao oa Moshe, ba ne ba lokolohile hore ba ka ja eng le eng eo ba e ratang ha feela e se menyollo. Leha ho le joalo, ba bang bao ho tloha bonyenyaneng ba neng ba talima lijo tse itseng e le manyala, ba ne ba tšoenyehile ha ba bona Bakreste ’moho le bona ba li ja. Na leha ho le joalo Bakreste bao ba bang ba ’nile ba tsitlellela tokelong ea bona ea ho ja ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e ratang? E seng ha ba latetse keletso ea Pauluse. O itse: “Ho hotle hore ho se ke ha jeoa nama, ho se ke ha nooa veine, ho se ke ha etsoa letho, leha le le leng, le ka khopisang ngoan’eno.” (Ba-Roma 14:21) Ke keletso e lerato hakaakang! Na u bona kamoo e ka re tataisang kateng libakeng tse ling?
17, 18. (a) Motheo o ho Ba-Roma 14:21 o ka sebelisoa joang tabeng ea lino tse thata? (b) O ka sebelisoa joang tabeng ea moaparo? (c) Ke libakeng life tse ling tseo u nahanang hore ho sebelisa motheo o tšoanang ho tla re thusa ho bontšana lerato?
17 Ka mohlala, Bibele e lumella Bakreste ho noa lino tse tahang ka tekanyo. (1 Timothea 3:8; 5:23) Empa ba bang ba khopisoa ke lino tse thata. Ba bang ha baa li tloaela kapa ha ba tsebe ho li sebelisa. Haeba u ne u le ’mokeng le motho ea joalo, na u ne u tla leka ho mo hatella kapa u mo tlontlolle hore a kopanele le uena ho noa joala? Kapa ho e-na le hoo, na u ne u ke ke ua ithiba e le hore u se ke ua mo bakela mathata?
18 Nahana ka mohlala o mong: taba ea ho apara. Bibele ha e hlalose hore na Mokreste a apare liphahlo tsa mofuta ofe, le hoja e re e lokela ho ba tse khabane ’me li hloeke. (1 Timothea 2:9) Kajeno, linaha tse ngata li na le melao e itseng ea moteno oo ho nahanoang hore o amoheleha sechabeng. Kamehla, molao ona o lumella ho se tšoane ho hongata, empa ho o tlōla hofe kapa hofe ho nkoa e le boithati, le ho fetella. Bakreste, banna le basali ba lokela ho hopola sena. Na u ikemiselitse ho fokotsa bolokolohi ba hao tabeng ea ho apara molemong oa litaba tse molemo e le hore u se ke ua khopisa baena ba hao?
19-21. (a) Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li sebeletsa ho boloka ho aroha ha tsona lefatšeng? (b) Ke mabakeng afe a mang moo re tlamehang ho loanela ho aroha lefatšeng?
19 E, Jesu o ne a nepile ha a itse Bakreste e ne e sa tlo ba ‘ba lefatše.’ (Johanne 17:16) Ka ho bolela litaba tse molemo, ka ho hana se sebe, le ka ho ratana le ho nahanelana, Lipaki tsa Jehova li hlile li fapane. Ho aroha hona ho tlisetsa Lipaki mahlohonolo, ke ha bohlokoa hobane ho li sireletsa mathateng a mangata a hlasetseng lefatše kajeno.
20 Na u boloka le ho hlaolela ho aroha hoo bophelong ba hao? Hopola, haeba Lipaki tsa Jehova li ne li arohile hanyenyane, li ne li tla tšoana haholoanyane le lefatše, leo molimo oa Iona e leng Satane Diabolose. (2 Ba-Korinthe 4:4) Li ne li tla lahleheloa ke boitsebahatso ba tsona bo hlakileng e le ‘batho ba halalelang,’ ’me li ne li tla hlōleha ho ipoloka li sa ‘silafatsoa ke lefatše.’ Kahoo, li ne li ke ke tsa hlola li e-ba le “bolumeli bo hloekileng, bo sa silafalang, mahlong a Molimo.” (Jakobo 1:27, The Jerusalem Bible; 1 Petrose 1:14-16) Haeba u iphumana u lakatsa ho ba joalo ka lefatše, hopola temoso e ho Jakobo 4:4.
21 Moapostola Pauluse o profetile hore mokhoa o mong o ne o tla busa lefatše kajeno. O boletse hore batho e ne e tla ba ‘barati ba chelete.’ (2 Timothea 3:1, 2, NW) Ke ’nete ho ea ka mantsoe a hae, ho phehella chelete hona joale ho matla hoo ho ba bangata e leng tšusumetso e matlahali bophelong ba bona. Na le Bakreste ba fapane ho see? Na ho bonolo ho phela lefatšeng la kajeno ntle le ho ba ‘ea ratang chelete’? Re tla buisana ka hona sehloohong se latelang.
Na U ka Hopola?
◻ Hore na ke hobane’ng ha Mokreste a lokela ho lebella ho ba ea fapaneng le lefatše?
◻ Ke mangolo afe a thusang Lipaki tsa Jehova ho ba le pono e nepahetseng ka mosebetsi oa ho bolela?
◻ Ke ka litsela life tse fapaneng moo tšebeliso ea Ba-Heberu 1:9 e etsang hore Lipaki tsa Jehova li fapane le lefatše?
◻ Ho sebelisa motheo o hlalositsoeng ho Ba-Roma 14:21 ho na le phello efe boitšoarong ba tsona?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Lipaki tsa Jehova li ithutile ho ba masene ka boithabiso boo lefatše le fanang ka bona