Borapeli ba ’Nete—Na ke ba Batho Kapa bo Senotsoe ke Molimo?
E BATLA e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo motho a e tsebang, eo a ileng a tlameha ho itšibollela eona.
Tsebo ea motheo—ho lema lijo le ho li pheha, ho ikhahele ntlo—e tlile feela ka ho leka ho bohloko le ka ho etsa liphoso. ’Me lekholo le fetileng la lilemo le bone motho ka potlako a atolosa tsebo ea hae ho feta feela ho tseba lintho tse mo potolohileng. Hona joale o arola athomo, o fofa ka lebelo le fetang la molumo—le ho romela motho sepaka-pakeng kamehla. Leha ho le joalo, na hoo ho bolela hore ka ho tšoanang motho o khona ho iphumanela tsela ea hore a ka sebeletsa Molimo hamolemo joang?
Che, e seng ka mantsoe a mongoli oa Pesaleme ea 143:10, ea itseng: “U nthute ho etsa ho ratoang ke uena, hobane u Molimo oa ka. Moea oa hao o molemo o ke o ntsamaise naheng ea ho loka!” Ka hona, mopesaleme o hlokometse hore motho, ka tsebo eohle ea hae le bohlale, o hloka thuso ea Molimo hore a ithute thato ea Oona. (Bapisa Jeremia 10:23.) Leha ho le joalo, hona ho ne ho tla bolela hore Molimo o tlameha ho itšenola ho motho ka tsela e itseng.
Na ntho e joalo e kile ea etsahala? Ho ba limilione, Bibele ke bopaki ba hore tšenolo e joalo ea Molimo e se e etsahetse. Leha ho le joalo, ba bang ha ba lumele. Ka hona ba hapehile haholo ke bohlale ba motho hoo ba sa boneng ho hlokahala tšenolo e joalo. Bana ba ka ’na ba bolela hore tsebo ea bolumeli e “futsitsoe ke motho e mong le e mong” kapa hore tsebo e joalo “e ka fumanoa ka ho sebelisa monahano” ho e-na le “ka tšenolo kapa ka thuto ea kereke efe kapa efe.”
Leha ho le joalo, haeba hona ke ’nete, ha e le hantle ho ne ho tla ba ho motho ho iqapela bolumeli ba hae, ho itlhahisetsa lithuto le melao ea ho ahlola ho hotle le ho hobe. Na hoo ho bonahala ho utloahala ho uena? Bolumeli ba motho bo ne bo tla sebeletsa morero ofe? Na bo ne bo tla hle bo khotsofatse se hlokoang ke motho moeeng? (Mattheu 5:3) Na bo ne bo tla hle bo arabele lipotso tse botsoang ke batho ba batlang ’nete ka Molimo?
A re hlahlobisiseng lipotso tsena ka ho nyarela hanyenyane ka bolumeling bo lekileng ho fumana Molimo ka monahano oa batho kapa bohlale ba bona—tumelo ea Hindu.