Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 7/1 leq. 10
  • Na ho Lokisoe Bibele ho Lumellana le Sethepu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Lokisoe Bibele ho Lumellana le Sethepu?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Molimo o Lumella Lenyalo la Sethepu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na Sethepu Sea Lumelloa?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ke Eng e Phoso ka ho Nyala Sethepu?
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 7/1 leq. 10

Na ho Lokisoe Bibele ho Lumellana le Sethepu?

BIJEEN (Hammoho), makasine oa Roma e K’hatholike o tsoang Netherlands e Khōlō, sengoli sa litaba Sjef Donders se ile sa tšohla khohlano e teng linaheng tse ling tsa Afrika pakeng tsa taelo ea Bibele ka ho ba le mosali a le mong le ka neano e amohetsoeng ea sethepu. O itse, khohlano e ka felisoa ka “ho bolela feela hore thuto ea kereke [ka ho ba le mosali a le mong] ha e sa sebetsa.”

Ha Donders a bontša maikutlo a patehileng a kereke, o ile a qotsa moprista oa Amerika Eugene Hillman, setho sa lekhotla la Bo-ntate ba Moea o Halalelang, la Roma e K’hatholike le etelletseng pele mosebetsi oa K’hatholike oa boromuoa Afrika. Bukeng e buang ka sethepu, Hillman o ngotse: “Haeba, ka baka la kotsi ena kapa eane ea tlhaho kapa koluoa e bakiloeng ke motho, ka tšohanyetso ho ne ho ke ke ha hlola ho e-ba le banna ba eketsehileng, empa hoo e batlang e le basali feela, joale ka sebele ho ne ho tla fumanoa mabaka ka Bibeleng a lumellang banna bana hore ba be le likamano le basali ba ’maloa.”

Na ho ka ba joalo? Ho sa tsotellehe maikutlo a moprista a lokolohileng, sethepu hase phephi bakeng sa Mokreste ofe kapa ofe ho sa tsotellehe bochaba kapa maemo a hae. Ho ba le molekane a le mong e ne e le tokisetso ea Molimo bakeng sa batho Edene, le Jesu Kreste o ile a bontša hore ho lokeloa ho khutleloa ho sena phuthehong ea Bokreste. (Mattheu 19:4-6) Ka tlas’a pululelo moapostola Pauluse o ngotse; “Molebeli a hloke sekoli, e be monna oa mosali a le mong.” (1 Timothea 3:2) ’Me mabapi le Bakreste bohle, a eletsa: “Ka baka la ho tšaba bofebe, monna ka mong a be le mosali eo e leng oa hae le mosali ka mong a be le monna eo e leng oa hae.” (1 Ba-Korinthe 7:2) Hona ha ho fane ka sebaka sa sethepu har’a Bakreste ba ’nete.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela