Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 7/1 maq. 16-17
  • Jesu le Balepi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu le Balepi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu le Balepi
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Balepi ba Linaleli ba Etela Jesu
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ke Mang ea Ileng a Romela “Naleli”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ke Naleli ea Mofuta Ofe e Ileng ea Isa “Banna ba Bohlale” ho Jesu?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 7/1 maq. 16-17

Jesu Bophelo le Tšebeletso ea Hae

Jesu le Balepi

BANNA ba palo eitseng ba tsoa Bochabela. Ke balepi—batho ba ipolelang hore ba hlalosa boemo ba linaleli. Ha ba ne ba le hae Bochabela, ba bone naleli e ncha, ’me ba ile ba e sala morao lik’hilomithara tse makholo-kholo ho ea Jerusalema.

Ha balepi ba fihla Jerusalema, baa botsa: ‘O kae ngoana ea tsoaletsoeng ho ba morena oa Bajode? Re bone naleli ea hae ’me re tlile ho tla mo khumamela.’

Ha Morena Heroda Jerusalema a utloa ka hona, a khena haholo. Kahoo o bitsa baprista ba baholo ’me o-oa ba botsa: ‘Ke hokae moo Kreste a tla tsoalloa teng?’ Ba theile karabelo ea bona Mangolong, ba re: ‘Ke Bethlehema.’ Ha ho le joalo, Heroda a re balepi ba tlisoe ho eena, ’me a ba bolella: ‘E-eang le botsisise ka ngoana, ’me ha le mo fumana, le khutle ho tla ntsebisa e le hore le ’na ke ee ho mo khumamela.’ Empa pelong ea hae, Heroda o ne a batla ho fumana ngoana ’me a ’molaee!

Kamor’a hore ba tsamaee, ha etsahala ntho e hlollang. Naleli eo ba e boneng ha ba ne ba le Bochabela ea ba etella pele. Ho hlakile, ena hase naleli e tloaelehileng, empa e lokiselitsoe bona ka ho khetheha ho ba bontša tsela. Balepi ba ’na ba e latela ho fihlela e ema ka ho toba holim’a ntlo eo Josefa le Maria ba lulang ho eona.

Ha balepi ba kena ka tlung, ba fumana Maria le ngoana oa hae e monyenyane, Jesu. Eaba ke moo ba mo khumamelang bohle. ’Me ka mekotleng ea bona ba ntša limpho tsa gauda, libano le myrrha. Hamorao, ha ba se ba tla khutla, le ho bolella Heroda moo ngoana a leng teng, ba lemosoa ke Molimo ka toro hore ba se etse seo. Ka baka leo ba khutlela naheng ea habo bona ka tsela esele.

Ke mang eo u nahanang hore o lokiselitse naleli e neng e tsamaea leholimong ho bontša balepi tsela? Hopola, naleli ha e-ea ka ea ba lebisa ka ho toba ho Jesu Bethlehema. Ho e-na le hoo, ba ile ba lebisoa Jerusalema moo ba ileng ba teana le Morena Heroda, ea neng a batla ho bolaea Jesu. ’Me a ka be a ile a ho etsa hoja Molimo oa se ke oa kenella ’me oa lemosa balepi hore ba se bolelle Heroda. E ne e le sera sa Molimo, Satane Diabolose, se neng se batla hore Jesu a bolaoe, ’me se ile sa sebelisa naleli eo ho leka ho phethahatsa morero oa sona. Mattheu 2:1-12; Mikea 5:2.

◆ Ke eng se bontšang hore naleli eo balepi ba e boneng e ne e se naleli e tloaelehileng?

◆ Jesu o ne a le hokae ha balepi ba mo fumana?

◆ Ke ka lebaka la’ng ha re tseba hore Satane o ne a lokiselitse naleli ho bontša balepi tsela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela