Jesu Bophelo le Tšebeletso ea Hae
Barutuoa ba Pele ba Jesu
KA MOR’A hore Jesu a be feelleng ka matsatsi a 40, a khutlela ho Johanne ea ileng a mo kolobetsa. Ha a e-tla le mane, Johanne a hoa: “Bonang, ke Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše. Ke enoa eo ke ’moletseng, ka re: Ka morao ho ’na ho tla monna ea bileng teng pele ho ’na, kahobane a na a le pele ho ’na.” Le hoja Johanne a le moholo ho motsoala oa hae Jesu, o ne a tseba hore Jesu o bile teng pele ho eena e le motho oa moea leholimong.
Ka letsatsi le latelang Johanne o eme le barutuoa ba babeli ba hae. Ha Jesu a e-tIa, a re: “Bonang, ke Konyana ea Molimo.” Barutuoa ba Johanne Mokolobetsi ba latela Jesu. E mong oa bona e ne e le Andrease, ’me e mong ho bonahala e le eena motho ea tlalehileng litaba tsena, eo hape a bitsoang Johanne. Johanne enoa, ho ea ka litlhaloso, ke e mong oa bo-motsoala ba Jesu, mora oa khaitseli ea Maria Salome.
Ha Jesu a reteleha ’me a bona Andrease le Johanne ba mo latela, a botsa: “Le batla’ng?”
Ba botsa, “Moruti u lutse kae?”
Jesu a ba araba: “Tlong, le bone.”
E ne e ka ba ka hora ea bone motšehare oa mantsiboea, ’me Andrease le Johanne ba hlola letsatsi leo le Jesu. Kamor’a moo Andrease a thaba haholo ’me a ea batla ngoan’abo, ea bitsoang Petrose. A re ho eena: “Re bone Messia.” A nka Petrose a mo isa ho Jesu. Mohlomong Johanne, ka nako e tšoanang o ile a ea batla ngoan’abo e mong e leng Jakobo a mo tlisa ho Jesu; empa leha ho le joalo Johanne o siea boitsebiso bona Evangeling ea hae, kamoo a leng kateng.
Ka letsatsi le latelang, Jesu o fumana Filippi ’me a mo mema: “Ntatele!” Filippi a fihlela Nathanaele, ea neng a bitsoa Batholome, ’me a re ho eena: “Re fumane eo Moshe a ngolileng taba tsa hae molaong, le baprofeta ba li ngolile; ke Jesu oa Nazaretha, mor’a Josefa.” Nathanaele oa belaela. A botsa, “Na ntho e molemo e ka tsoa Nazaretha na?”
Filippi a mo mema: “Tlo, u bone.” Ha ba fihla ho Jesu a re ho Nathanaele: “Ke u bone, Filippi a e-so ho u bitse, u le tlas’a sefate sa feiga.”
Nathanaele a makala. A re: ‘Moruti, u Mora oa Molimo, u morena oa Iseraele.’
Kapele kamor’a tseo, Jesu a e-na le barutuoa ba hae ba bacha a tloha Jordane ’me ba leba Galilea. Johanne 1:29-51.
◆ Barutuoa ba pele ba Jesu e ne e le bo-mang?
◆ Petrose, mohlomong le Jakobo, ba ile ba tsebisoa Jesu joang?
◆ Ke’ng se kholisitseng Nathanaele hore Jesu e ne e le Mora oa Molimo?