“Ke ne ke Tletse Boikutlo bo Mofuthu”
Burt o lula Engelane. Ka libeke tse tšeletseng o ne a le Australia a etetse moholoane oa hae Eric le mofumahali oa hae bao e leng Lipaki tsa Jehova. Burt a qea-qea ho amohela kōpo ea moholoane oa hae hore a ee sebokeng le eena Holong ea ’Muso kaha e ne e le oa bolumeli bo fapaneng. Empa a tsota moea o mofuthu le oa botsoalle oo a ileng a lumelisoa ka oona, ’me hamorao ha a le Engelane a ngolla phutheho eo lengolo lena la kananelo:
“Ke tlameha ho lumela hore ha ke Paki, empa ke setho se mafolo-folo sa Kereke ea Engelane, ka hona ke ne ke ikutloa ke tšaba ho tsamaisana le Eric le Joan borapeling ba bona ba Sontaha.
“Ho ne ho sa hlokahale hore ke tšabe. Kamohelo eo ke ileng ka e neoa ke phutheho eohle e ne e sa bontše feela boena le botšepehi empa ke ne ke tletse boikutlo bo mofuthu, le hoja ke ne ke le motho osele, ke ne ke amohetsoe, e seng joaloka moeti empa joaloka setho sa phutheho.
“Leha ke ne ke sa utloisise ka botlalo tšebeletso le bopaki ba Iōna, qetellong ea liboka ke ne ke ikutloa ke ruile haholo phihlelong eo ’me ka ipotsa hore na ke hobane’ng ha lerato le botšepehi tseo ke li boneng nakong eohle ea tšebeletso ea Iōna li sa tšoaetse lefatše lohle la rōna le tletseng likhathatso.
Oa Iōna ea tšepahalang haholo,
Burt B.”