Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 2/1 leq. 29
  • Leihlo la Jehova ‘la Ipaka Hore le Holim’a Baholo’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Leihlo la Jehova ‘la Ipaka Hore le Holim’a Baholo’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 2/1 leq. 29

Leihlo la Jehova ‘la Ipaka Hore le Holim’a Baholo’

HANGATA kajeno baholo ba tlameha ho etsa liqeto tseo ho bonahalang li phahametse kelello ea bona le tsebo ea bona. Leha ho le joalo, nahana ka boemo boo baholo ba bang ba Bajode ba ileng ba talimana le bona mehleng ea Esdrase.

Hoba masala a Bajode a khutle Babylona, ho ile hoa kena nako ea ho se sebetse ea lilemo tse 16. Baprofeta Haggai le Zakaria ba khona ho sisinya Bajode boiphapanyong ba bona, ’me mosebetsi oa ho tsosolosa tempele ea Jehova oa qaloa. Leha ho ie joalo, mosebetsi ona oa phakisa oa phephetsoa ke ba boholong ba Persia. Bahanyetsi ba botsa: “Le laetsoe ke mang ho haha ntlo eo?”—Esdrase 5:1-3.

Karabelo ea potso ena e ne e le thata. Haeba baholo ba ne ba ka itumella hore ba tšosoe, ho tsosolosoa hoa tempele ho ne ho tla emisa hampe feela. Haeba baholo ba ne ba hanyetsa bana ba boholong, mosebetsi o ne o tla thibeloa ka potlako. Ka hona baholo (ntle ho pelaelo ba etelletsoe pele ke ’Musisi Zorobabele le Moprista e Moholo Joshua) ba fana ka karabelo e bohlale empa e le e molemo. Ba hopotsa ba boholong ka molao oo e neng e le khale o lebetsoe oa Cyruse o neng o neile Bajode tumello ea borena ea hore ba tsoele pele ka mosebetsi ona. Basebeletsi bana, ba tseba mokhoa oa Persia oa ho se fetole molao o boletsoeng, ka bohlale bana ba boholong ba ikhethela ho qoba ho hanyetsa taelo ena ea borena. Ka hona mosebetsi oa lumelloa hore o tsoele pele ho fihlela Morena Dariuse hamorao a fana ka tumello ea hore ho tsoeloe pele!—Esdrase 5:11-17; 6:6-12.

Na phello ee e hlollang e hlahile ka lebaka la bohlale ba motho? Ho fapana le moo, tlaleho ea Esdrase e re “leihlo la Molimo oa bona la ’na la shalima baholo ba Bajode.” (Esdrase 5:5) Ka ho hlakileng, Jehova o ile a tsamaisa karabelo ea bona le karabelo e mofuthu ea morena oa Persia. Baholo ba Bakreste kajeno ka ho tšoanang ba ka sheba ho Jehova bakeng sa tataiso le tsamaiso ha ba talimane le liqeto tse thata kapa ha ba sebetsana le bahanyetsi. Jehova o-oa tiisa ho Pesaleme ea 32:8: “Ke tla u ruta, ke u bontše tsela eo u tšoanetseng ho ea ka eona; ke tla u lemosa ke ntse ke u talimile ka mahlo.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela