Ke Bo-mang Bao Ruri ba Balehang Linnete Tsa Bophelo?
“U BALEHA linnete tsa bophelo.” Ke seo mong ka mosebeletsi e mocha a se boletseng ha a tloha ho ea Pacific Boroa ho ea etsa mosebetsi oa boromuoa. ’Me ba bangata ba ne ba e-ba le maikutlo ana. Ka mohlala, morao tjena ho ile hoa utluoa phatlalatso seea-le-moeeng sa New Zealand e hlahisa hore ha maemo a moruo a theoha, palo e khōlo ea batho e retelehela ho lumeleng ho Molimo e le mokhoa oa ho baleha linnete tsa bophelo.a
Empa na bao ba nehelang bophelo ba bona ho hahamalleng lithahasello tsa moea e hlile ke ba balehang linnete tsa bophelo? E seng ho ea ka Jesu Kreste. Ha a ka a talima ho lumela ho Molimo e le ho thetsoa, ntho e iqapetsoeng kapa ntho e inahaneloang feela empa e se ea sebele. Ho Johanne 7:28 o itse: “Ha kea itlisa, empa ea nthomileng ke oa ’nete.”
Leha ho le joalo, tabeng ea Jesu, tumelo ho Molimo e ne e sa mo ame ka tsela e itseng e sa mo khanneleng ketsong. O ile a susumelletseha ho hlahisa bophelo ba hae ho Molimo, a re: “Bona, Molimo, ke tlile ho etsa thato ea hao.” (Ba-Heberu 10:7) Kajeno Bakreste ba ’nete ba angoa ka mokhoa o susumetsang joalo. Ho etsa mohlala, hlokomela keletso eo Pauluse a e ngoletseng Timothea, moholo ea tummeng oa phutheho ea lekholo la pele la lilemo. Pauluse o ne a tseba hore ba bang ka phuthehong ba ne ba e-na le matlotlo a mangata a bonahalang. Empa kaha tumelo ea bona e ne e theiloe nthong ea sebele, ba ne ba tla susumeletseha hore ba sebelise matlotlo ana. Pauluse o itse: “Bolella ba ruileng lefatšeng lena la kajeno hore ba se ke ba ikhohomosetsa ba bang, ’me ba se behe boholo ba tšepo ea bona matleng a fetang a moruo empa ho Molimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata hore re tle re li thabele. Ba bolelle hore ba sebetse se molemo, ba ateloe ke mesebetsi e molemo, ba itokisetse ho abela ba bang ’me ba tšelise ba mesarelong. Ba ipokellele letlotlo mehleng e tlang, e le hore ba ka ba le tšepo ea ho ba le kabelo bophelong ba sebele le bo sa feleng.”—1 Timothea 6:17-19, Phillips.
Ka hona Bokreste hase ho baleha linnete tsa bophelo. Bo akarelletsa ho tobana le boikarabelo ka senna. Molimo oo re o rapelang hase o inahaneloang feela; empa ke oa sebele. Bophelo ba tšebeletso boo re bo phelang ke bo molemo le bo khotsofatsang. Ho tšepa hoa rōna moputso oa nako e tlang, ho e-na le ho ba boinahanelo feela bo se nang motheo, ho tiisoa ke litšepiso tsa Molimo o sa thetseng.—Ba-Heberu 6:18.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka bao ba hanang hore ho’a hlokahala ho sebeletsa Molimo ’me ba haha bophelo ba bona linthong tse bonahalang kapa mosebetsing o itseng oa boikhabi? Na kannete e ka ba hore baa ke bona ba balehang linnete tsa bophelo?
Monna ea bohlale Salomone o sebelisitse mantsoe a kang “lefeela” le “mosebetsi o nyopileng” ha a hlalosa bophelo boo ho bona lintho tse bonahalang le menate ea nama e leng tsa bohlokoa. A hlalosa phello ka ho re: “Tsohle tse neng li lakatsoa ke mahlo a ka, ha kea ka ka a tima tsona; ha kea ka ka hanela pelo ea ka le thabo efe le efe; pelo ea ka ea ’na ea thabela mosebetsi oohle oa ka; ke sona seo nkileng ka se rua mosebetsing oohle oa ka. Empa eitse ha ke talima mesebetsi eohle eo matsoho a ka a e entseng, ’me ke bala mokhathala oo ke ikhathalitseng ka oona ha ke e sebetsa, ka bona hoba tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng; ha ho letho le ka fihleloang ka tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi.”—Moeklesia 2:10, 11.
E, ekasita le tsela ea bophelo e itšetlehileng ka lintho tse bonahalang e ile ea tlisa thabo ea mofuta oa eona. Empa khotsofalo ea ’nete le thabo e sa feleng li ne li haella. Bophelo bo joalo ke “lefeela” ruri. Bonneteng, lentsoe la Seheberu bakeng sa “lefeela” le hlile le bolela “phefumoloho” ’me kahoo le supa hoo ho sa tieang le ho sa tšoarelleng ka ho sa feleng. Kahoo The New English Bible e sebelisa lentsoe “lephaka.”
Ka baka leo, na motho ea phelang mofuta oa bophelo boo Salomone a bo bitsitseng “lefeela” o boemong ba ho nģosa Mokreste ka hore o balehela boemong ba khotsofalo e inahaneloang? Le hanyenyane. Ha e le hantle, moapostola Pauluse o tsoela pele ho bontša hore “pono ea lefatše lena ea fetoha.” (1 Ba-Korinthe 7:31, NW) Mona o tšoantša lefatše lena le khopo le sethalla seo ho sona lipono li ntseng li tsoela pele ho fetoha. Kajeno se bonahalang e le se molemohali, se ratehang, mohlomong e bile e le se khahlehang, se ka ’na sa be se le sieo kamoso. “Libapali” tsa kajeno li nkeloa sebaka ke tse ling kamor’a nakoana. Empa boikitlaetsong boo bohle ba bona, bophelo ba bona ha bo hlahise molemo oa letho o sa feleng. Ha ba na tšepo ea sebele bakeng sa bokamoso.
Ho joalokaha Philip Chesterfield, lenģosa la lekhotla la moreneng le sebui se hloahloa sa phatlalatsa sa lekholong la bo18 la lilemo sa Lenyesemane, ka nepo se buile tjena: “Ke inoesitse ka nkho menateng eohle, ’me ke ithabisitse ka eona eohle. Ke thabetse menate eohle ea lefatše, ’me ke lekantse melemo ea eona ea sebele, eo bonneteng e fokolang haholo . . . Ha ke nahana ka seo ke se boneng, . . . le seo ke se entseng, ke sitoa ho iqobella hore lehlapha-hlapha leo lohle le mahlaha-hlaha a se nang thuso a ho fumana thabo lefatšeng a ne a bolela letho.”
Leha ho le joalo, Bakreste, ba tšoana le Abrahama ea neng “a lebeletse motse o nang le motheo, oo Molimo e leng mohahi le mothei oa oona.” (Ba-Heberu 11:10) Kaha tumelo ea bona ke ea ’nete, ha ho hlokahale hore ba balehe letho haese ho tlatsa bophelo ba bona ka mosebetsi o khotsofatsang. Ho thoe’ng ka bophelo ba hao? Na ke ho baleha feela, kapa na bo hahiloe ka ho tiea nthong ea sebele?
[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Ho baleha linnete tsa bophelo” ho hlalosoa e le “ho fetolela mohopolo litorong nako le nako, e le ho baleha linnete tsa bophelo,” kapa “ho qoba linnete tsa bophelo ka ho nkeha maikutlo . . . boemong bo inahaneloang, tšebetsong e inahaneloang, joalo-joalo.”