Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼ Jesu e ne e ka ba “molimo” o bōpiIoeng ke Jehova joang ha ho Esaia 43:10 Jehova o re: “Ha ho Molimo o bileng teng pele ho ’na, ’me o mong o ke ke oa e-ba teng kamorao ho ’na”?
Hoa tsebisahala hore Lipaki tsa Jehova li ruta ka Bibele hore Jesu ke Mora ea bōpiIoeng oa Molimo ’me o ka tlas’a Ntat’ae. (Johanne 14:28; 1 Ba-Korinthe 11:3) Ho ntse ho le joalo, e le Ea matla ea sebeletsang e le ’Muelli oa Molimo, kapa Lentsoe, a ka ’na a bitsoa “molimo (e etoang pele ke lereo leakaretsi).” Liphetolelo tse ’maloa tsa Bibele li ngola Johanne 1:1 e re Lentsoe e ne e le “molimo.” Ka mohlala, Das Evangelium nach Johannes (1979) ea Jürgen Becker e-ea baleha: “. . . und der Logos war bei dem Gott, und ein Gott war der Logos.” (Phetolelo ea Sesotho: “. . . ’me Lentsoe le ne le e-na le Molimo, ’me Lentsoe e ne e le molimo.”)a
Leha ho le joalo, joalokaha ea botsitseng a bontša, hona ho ka ’na hoa bonahala ho hanyetsana le Esaia 43:10, 11, e reng: “Ke lōna lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng, hore le tle le tsebisise, ’me le ntumele, ’me le ikutloele hobane ke ’na. Ha ho Molimo o bileng teng pele ho ’na, ’me o mong o ke ke oa e-ba teng kamorao ho ’na. Ke ’na, ke ’na Jehova; ha ho ’moloki e mong, ha e se ’na.”
Seithuti se tšepahalang sa Bibele se thusoa ke ho hlokomela ka hloko taba e potolohileng mantsoe ao. Molimo o matla ’ohle Jehova o ne o ipapisa le litšoantšo tse rapeloang tse entsoeng ke motho tsa lichaba tse neng li potolohile Iseraele. Jehova o’a botsa: “Molimo le tla o tšoantša ka mang? Setšoantšo ke sefe see le ka se bapisang le oona?” Ka sebele e seng ka setšoantšo se entsoeng ke setei sa tšepe kapa se betliloeng sefateng. (Esaia 40:18-20; 41:7) “Melimo” e joalo e ne e ke ke ea ‘menolla maholimo joale ka lesela le lesesane la kase,’ joaloka Jehova. (Esaia 40:21-26) Ho feta moo, Jehova o khona ho profeta bokamoso; ka sebele melimo ea litšoantšo ea lichaba e ke ke ea ‘bolela lintho tse tla hlaha hamorao, hore re tle re tsebe hore ke melimo.’ (Esaia 41:23) Khopolo ena e phetoa ho Esaia 43:9, moo Jehova a reng: “Lichaba kaofela li ke li bokelloe hammoho, batho kaofela ba phuthehe! Ke mang har’a bona ea ka bolelang litaba tsa pele? A ba ke ba hlahise lipaki tsa bona.” Ka nepo, ea Matla ’Ohle o re: “Ke ’na Jehova, ke lona lebitso la ka, nke ke ka nea e mong khanya ea ka, nke ke ka nea litšoantšo thoko e ntšoanelang.”—Esaia 42:8.
Ka hona taba e potolohileng e bontša hore ea Matla ’Ohle o phephetsa bao ho thoeng ke melimo ea lichaba. E le litšoantšo feela tse rapeloang tse se nang matla a bomolimo, ka sebele hase melimo e ka rapeloang; ha e le hantle hase letho. Jehova o tsoela pele: “Na o teng Molimo, ha e se ’na na? Ha ho lefika le leng; ha ke le tsebe. Bohle ba etsang litšoantšo ke lefeela; mesebetsi ea bona e rorisoang ka ho fetisa [e entsoeng ka tšepe kapa e betliloeng ka sefate] ha e thuse letho.” (Esaia 44:8-17) Ka baka leo, taba e potolohileng Esaia 43:10 e hlakisa hore Jesu ha a kenngoe tabeng; “melimo” eo ho buuoang ka eona ke litšoantšo tse rapeloang tsa lichaba tse sa reng letho.
Lentsoe “Molimo” kapa “molimo” le sebelisoa ka ho tloaelehileng mabapi le lintho tse phahametseng matla a batho tse rapeloang. Kahoo, likelellong tsa batho ba bangata, “molimo” e bolela (1) Boleng bo Phahameng, ea Matla ’Ohle, kapa (2) molimo oa bohata, o kang setšoantšo se rapeloang. Leha ho le joalo, Bibele e lumella tšebeliso e ’ngoe. Re ka bona sena ho Pesaleme ea 82:1, 2. Mono Ea Halalelang (Jehova Molimo) o khetholloa baahloling ba batho bao mopesaleme a ba bitsang “melimo.” Jesu ka boeena hamorao o buile ka temana ena. Kaha o ne a buile ka Jehova Molimo e le Ntate oa hae, Bajode ba bang ba ne ba batla ho mo tlepetsa ka majoe. Qosong ea bona ea hore o ne a “iketsa Molimo,” Jesu a arabela: “Na ha hoa ngoloa molaong oa lōna, ho thoe: Ke itse: Le melimo? Ekare ha . . . o bitsitse [baahloli bao ba batho] melimo . . . ha e le ’na ea halalelitsoeng, ea romiloeng lefatšeng ke Ntate, le ka bolela joang, la re, kea nyefola, ha ke itse, ke Mora oa Molimo?”—Johanne 10:31-36.
Ha ho pelaelo hore ho na le Molimo o le mong feela o Matla ’Ohle, feela joalokaha moapostola Pauluse a ngotse: “Hobane leha ho le ba bitsoang melimo maholimong le lefatšeng—ho batho melimo e fela e le mengata, le marena a mangata—leha ho le joalo, ho rōna Molimo o mong feela, e leng Ntat’a rōna, e leng oo tsohle li tsoang ho oona, . . . ’me re na le Morena a le mong feela, e leng Jesu Kreste, eo tsohle li entsoeng ka eena, le rōna re leng ka eena.” (1 Ba-Korinthe 8:5, 6) Morena Jesu Kreste hase molimo oa bohata, hase molimo oa modemona, hase setšoantšo feela tjee se rapeloang. Ke ‘lehlaseli la khanya ea Jehova Molimo.’ (Ba-Heberu 1:3) Kahoo ho loketse hore Johanne 1:1 e amohele Jesu e le “molimo,” kapa “ea kang molimo” (Johannes Schneider).
[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Tlotla ho theos [Molimo (e etoang pele ke lereo lekhethi), kapa Molimo], eo joale e khethollang Ntate e le motho oa sebele, ka T[estamenteng] e N[cha] ha e sebelisoe ho Jesu ka Boeena; Jesu ke Mora oa Molimo (oa ho theos). . . . Jn 1:1 e lokela hore ka mokhoa o tiileng e fetoleloe e le ‘lentsoe le ne le e-na le Molimo [=Ntate], ’me lentsoe e ne e le la boleng ba bomolimo.’”—Dictionary of the Bible (1965), ea John L. McKenzie, S.J.