Jesu Bophelo le Tšebeletso Tsa Hae
O Khetha Baapostola ba Hae
E BATLA e le selemo le halofo Johanne Mokolobetsi a buile ka Jesu e le Konyana ea Molimo, ’me Jesu a qala tšebeletso ea hae ea phatlalatsa. Ka nako eo Andrease, Simone Petrose, Johanne, mohlomong le Jakobo (ngoan’abo Johanne), hammoho le Filippi le Nathanaele (ea boetseng a bitsoa Bartholome), e ne e se e le barutuoa ba hae ba pele. Ka nako ea teng, ba bang ba bangata ba kopanela le bona ho lateleng Kreste.
Joale Jesu o loketse ho khetha baapostola ba hae. Bana e tla ba metsoalle ea hae e haufi-ufi e tla koetlisoa ka ho khetheha. Empa pele a ba khetha, Jesu o ea thabeng ’me o qeta bosiu kaofela a rapela, mohlomong a kōpa bohlale le tlhohonolofatso ea Molimo. Ha e e-ba motšehare, o bitsa barutuoa ba hae ’me har’a bona o khetha ba 12. Leha ho le joalo, kaha ba tsoela pele e le barutoana ba Jesu, ba ntse ba bitsoa barutuoa.
Ba tšeletseng bao Jesu a ba khethang, ba boletsoeng kaholimo, ke bao e bileng barutuoa ba hae ba pele. Mattheu, eo Jesu a ’mitsitseng ofising ea hae ea lekhetho, le eena o’a khethoa. Ba bang ba bahlano ba ileng ba khethoa, ke Judase (ea boetseng a bitsoa Thaddea), Judase Iskariota, Simone Mokanana, Thomase le Jakobo mor’a Alfea. Jakobo enoa o boetse o bitsoa Jakobo Molesse, mohlomong e le ho mo khetholla ho moapostola Jakobo e mong.
Ho tla fihlela joale bana ba 12 ba bile le Jesu ka nakoana, ’me o ba tseba hantle. Ha e le hantle, ba ’maloa ke beng ka eena. Jakobo le ngoan’abo Johanne ho totobetse hore ke bo-motsoala oa Jesu ba pele. ’Me mohlomong Alfea e ne le ngoan’abo Josefa, ntat’a Jesu. Ka hona mora oa Alfea, moapostola Jakobo, le eena e ne e tla ba motsoala oa Jesu.
Ha e le hantle, Jesu haa na bothata ba ho hopola mabitso a baapostola ba hae. Empa na u ka a hopola? Hopola feela hore ba babeli ba bitsoa bo-Simone, ba babeli ba bitsoa bo-Jakobo, le ba babeli ba bitsoa bo-Judase, le hore Simone o na le ngoan’abo Andrease, le hore Jakobo o na le ngoan’abo Johanne. Seo ke senotlolo sa ho hopola baapostola ba robeli. Ba bang ba bane ba akarelletsa molekhetho (Mattheu), ea ileng a belaela hamorao (Thomase), ea ileng a bitsoa tlas’a sefate (Nathanaele), le motsoalle oa hae Filippi.
Baapostola ba leshome le motso o mong ba tsoa Galilea, hahabo Jesu. Nathanaele o tsoa Kana. Filippi, Petrose le Andrease moo ba tlohang teng hantle ke Bethsaida. Leha ho le joalo, Petrose le Andrease ba ile ba fallela Kapernauma hamorao moo ho bonahalang Mattheu a ile a phela teng. Jakobo le Johanne ba ne ba le khoebong ea ho tšoasa lihlapi ’me hape mohlomong ba ne ba phetse Kapernauma kapa haufi le teng. Ho bonahala eka Judase Iskariota, ea ileng a eka Jesu hamorao, ke eena feela moapostola ea neng a tsoa Judea. Mareka 3:13-19; Luka 6:12-16.
◆ Ke baapostola bafe bao e ka ’nang eaba e ne e le beng ka Jesu?
◆ Baapostola ba Jesu ke bo-mang, hona u ka hopola mabitso a bona joang?
◆ Baapostola ba ne ba e-tsoa metseng efe?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Pele Jesu a khetha baapostola ba hae ba 12, a qeta bosiu bohle a rapela Jehova