Marquesas le Tuamotus Li Memeloa “Ho Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng”
KAMOR’A hore ’na le mosali oa ka re be leetong la sefofane le bohole ba lik’hilomethara tse ka bang 1 450 ho tloha Tahiti e ka leboea bochabela, ra fihla Nuku Hiva, Sehleke-hleke se seholo ho tsohle tsa Marquesas. ’Mapeng, lihleke-hleke tsena li bonahala e le mathebanyana feela leoatleng le leholo la Pacific Boroa. Empa ra khahloa ke botle ba tsona bo makukuno.
Bongata ba lihleke-hleke tsa Marquesas bo na le liqhooa tse phahameng tse fihlang marung ’me li na le lilomo tse lepeletseng joaloka mese. Likhohlo tse tebileng, tse nang le mobu o motle, li koahetsoe ke lifate tsa coconut le limela tse ngata tse khathollang, tse metseng haufi le leoatle ’me li bonahala e ka ke likou tse pholileng. Leha ho le joalo, maqhubu a bohale, matla a metsi, le ho hlokahala ha lehlabathe, li etsa hore ho be thata ho sesisetsa seketsoana lebopong. Lihleke-hleke tse qalikaneng tsa Tuamotus li bonahala ka thata moo mahlo a fellang teng, ’me li re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha batsamaisi ba likepe ba khale ba ne ba li bitsa Lihleke-hleke tse Qalikaneng tse Kotsi.
Re ne re tlile ho baahi ba sehleke-hleke sena ho fetisetsa memo e tšoanang le ea sehlooho sa thuso ea ho ithuta Bibele e nang le mebala e metle U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ha re le Nuku Hiva, ra palama Araroa, sekepe sa liphahlo, se tsamaileng lik’hilomethara tse 4 000 ka matsatsi a 21 har’a lihleke-hleke tsa Marquesas le Tuamotu. Ha sekepe se ntse se ema libakeng tse sa tšoaneng ho theosa le ho kenya liphahlo, re ne re fetisa molaetsa oa rōna.
Bophelo bo Bonolo ba baahi ba Sehleke-hleke
Empa u ka ’na ua ipotsa hore na ke batho ba mofuta ofe bao re neng re kopana le bona. Batho ba bangata ba Marquesas ba lula metsaneng e likoung kapa haufi le nōka. Metse e ne e le malapa a mabeli kapa a mararo ho isa mohlomong ho baahi ba makholo a ’maloa. Malapa a mangata a maholo, a na le bana ba 8 ho isa ho 10, a mang ba 18 kapa 20. Bophelo ba bona bo bonolo empa bo boima. Ba phela ka lijo tse tsoang leoatleng, ka linako tse ling ba li eketsa ka nama ea kolobe le likhoho tse ruiloeng. Hape ba tsoma lipoli tse hlaha lithabeng kapa lipitsi tsa naha, ’me ba li thapisa bakeng sa ho thotha phahlo. Lifate tse ngata tsa coconut li ba thusa ka copra (nama e omisitsoeng ea coconut e monngoang oli ho etsa sesepa le lihlahisoa tse ling). Copra ke sehlahisoa se rekisoang haholo sehleke-hlekeng, empa ho na le chelete e ’ngoe e fumanoang ka ho betla patsi, le tapa (liaparo tse khabisitsoeng tse entsoeng ka lekhapetla la sefate), le piere (panana e omisitsoeng).
Batho ba Marquesas ba kile ea e-ba malimo le ho etsa lihlabelo tsa batho ho tiki, melimo ea bona ea patsi le lehong. Kajeno, batho ba bangata ke Mak’hatholike. Ba khabisa matlo a bona ka litšoantšo le liemahale tsa Maria le Jesu. Ka ho thahasellisang, tsela e lebang monyakong oa mobishopo oa K’hatholike oa Nuku Hiva ho beiloe tiki, liemahale tsa melimo ea patsi le lehong. Tuamotus, bolumeli ba batho ba bangata ke ba Mormon, K’hatholike, le Kereke e Ntlafalitsoeng ea Bahalaleli ba Morao, eo baahi ba e bitsang Sanitos.
Baahi ba sehleke-hleke seo ba bua Serquesia, empa hape ba tseba Sefora le Setahiti. Tsela ea bona ea bophelo e tšoana le ea merabe eohle ea Polynesia—ba ikhathatsa feela ka litaba tsa bophelo ba letsatsi, ’me sena se etsa hore baahi ba lihleke-hleke ba se phele bophelo bo phathahaneng. Ka baka la hore likepe tsa liphahlo li fihla ka linako tse sa tšoaneng, batho ba ithutile ho leta ka mamello. Motlakase o kentsoe ka Pherekhong 1979, ba na le lithelevishene, ka hona ba nakong ka liketsahalo tsa lefatše.
Nuku Hiva
Nuku Hiva ka baahi ba eona ba 1 800, ke setsi sa tsamaiso ea puso ea Lihleke-hleke tsa Marquesas. Ntlo ea puso, kou e khōlō ea likepe, le ntlo ea mobishopo li hahuoe koung ea Taiohae, moo re qalang teng.
Ha ho na litšepe tsa monyako. Re ne re hoeletsa hou-hou. Ha motho a arabela, re ne re re Kaoha! (“Lumela!”) Ka ho bososela ho tletseng botsoalle re hlalosa lebaka la boeti ba rōna. Batho ba bangata ba sehleke-hleke ba ne ba amohela buka ka cheseho ’me ba re: “Re leboha ha le tlile. Ha re e-so ho be le ntho e joalo ka ena e tla re thusa ho utloisisa Lentsoe la Molimo.” Ba na le Bibele ea K’hatholike ka Setahiti le libuka tse tharo tsa Melaetsa ka Serquesia.
Ba bang ba amohetseng mpho ea rōna ba ne ba kōpa hore re etele ba bang. Ka mohlala, mohlankana e mong o ile a phehella mosali oa ka ho mo sala morao, a ntse a re, “Morao mane!” Morao mane!” Haeba a ne a sa ka a supa, mosali oa ka a ka be a tlotse ntlo ea sebetli se ileng sa ananela buka ena ea taeo haholo.
Hakaui ho ne ho na le malapa a mabeli feela, a lulang mahlakoreng a bapileng le moo nōka e fellang teng. Ha re fihla, lelapa la pele la bonahala le tšoarehile haholo. Ka thuso ea basebetsi ba seketsoana ba mosa, ra tšelela lelapeng le leng. Ha re emisa, ra bona basali ba babeli ba lutse fatše ’me ba likolohiloe ke likolobe tse neng li ntse li solla ho pota ntlo—pono e bontšang bofutsana. Ha re ba bontša buka, ka thabo ba nehelana ka bonyenyane boo ba nang le bona ho iphumanela buka e ’ngoe. Kelellong tsa rōna ha fihla tlaleho ea mohlolohali ea fumanehileng eo ho buuoang ka eena ho Luka 21:2-4 ea nehelaneng tempeleng ka sohle seo a neng a na le sona.
Sebaka se latelang e ne e le Taipivai, e lebopong le ka boroa bo ka bochabela ho Nuku Hiva, e tsebahalang ka buka Typee, ea Herman Melville. Ke khohlo e ntle, e tebileng e nang le lifate tse teteaneng tsa coconut. Ka hora ea botšelela hoseng, ra kena seketsoaneng sa rōna, metsi a kang seipone a bontša lipalema tsa coconut le lehlaseli la pele la letsatsi. Re ne re khona ho bona matlo a seng makae har’a lifate.
“Re tla lula nako e kae mona?” Ka tsebisoa hore teraka e nkang mekotla ea copra e robehile. Kahoo, haeba re potlaka, re ka ba le nako ea ho koahela sebaka seo kaofela ka pere ho fihlela pheletsong ea khohlo moo liphororo li tšollelang metsi a tsona moruong oa lifate. Malapa a mangata a ne a arabela hantle “phutuhong” ea rōna.
Ho ea Sehleke-hlekeng se Seng
Lik’hilomethara tse ka bang 40 ka bochabela ho Nuku Hiva ke Ua Huka. Sehleke-hleke sena se senyenyane, ha se na mobu o motle ’me se lithaba-thaba. Ka hora ea botšelela hoseng ra kena hape seketsoaneng. Ho tloha lebopong la lejoe ra hloa tseleng e moepa, ’me kamor’a leeto la hora, ra fihla Hane, motseng o moholo. Joale ka tloaelo, kereke ke ’ona mohaho o hlahelletseng. Tšusumetso ea eona e sa tsoa eketseha ka lebaka la litšebeletso tsa moea. Mohlankana ea lulang moo o ne a amehile ka phetoho e bohloko ea liketsahalo tsa lefatše, ’me ka cheseho a amohela “memo” ea rōna, molaetsa oa ho phela paradeiseng lefatšeng.
Sebaka se latelang e ne e le Ua Pu. Ra hlolloa ke litlhōrō tse ntšo tse limithara li 1 200, tse fihlang marung. E ne e le tsa seretse se tsoileng ha thaba e ntša mollo. Sehleke-hlekeng sena ho ne ho na le metse e mehlano. Lipososelo tse bontšang thabo, le mahlo a elileng li ne li lumelisa “memo” ea rōna. Hangata re ne re utloa ho khotsa, “Mea kanahau!” (“E ntle!”) Buka ena e khahlile baahi ba bangata ba motse ’ona hoo ka ho leboha ba neng ba tlatsa mekotlana ea rōna ka li-shell le litholoana—lilamunu, limengo, le grapefruit. Haakuti, motse o lutseng qhooeng qetellong ea selomo, ra fumana ’mè le morali ba ileng ba chesehela seo ba se utloang ’me ba mema e mong le e mong ho mamela molaetsa oa rōna le ho nka buka e ntle.
Ha re fihla motseng o moholo, Hakahau, re ne re khathatsehile hore na ke joang re ka finyellang baahi ba ’ona ba fetang sekete ka nako e khutšoaane e setseng. Ho re thabisitseng haholo, monna e mong, ea neng a thabisitsoe ke molaetsa, a ithaopela ho sebelisa koloi ea hae: “Nka le isa hohle moo le ratang ho ea teng.” Lilemo tse ’maloa tse fetileng moruti oa moo o ile a bokella lingoliloeng tsohle tse siuoeng ke Lipaki tsa Jehova ’me a li chesa. Batho ba ne ba tšaba. Molaetsa oa rōna o ne o khahlisa hoo malapa a mangata ileng a khaotsa ho tšaba ’me a amohela libuka tsa rōna.
Sehleke-hleke se latelang leetong la rōna, Hiva Oa, se na le mobu o motle, ho feta oa lihleke-hleke tsohle tsa Marquesas. Se tsebahala ka litšoantšo tse ntle tsa Paul Gauguin. O lutse lilemo tsa hae tsa ho qetela Atuona, moo re ileng ra emisa seketsoana teng. Potso e tloaelehileng ho moeti ke: “Na le bone molimo oa lejoe tiki?” Lejoe le phahameng ka mithara tse 2,4 pheletsong ea kou ke le leholo lihleke-hlekeng tsena tsa Mafora tsa Polynesia. Ra araba ka mosa: “Le na le mahlo empa ha le bone, le molomo empa ha le bue. Ereka ha re le mona ka nako e khutšoane haholo, re batla ho buisana le batho ba phelang ’me re ba bontše ntho e ’ngoe e thahasellisang.” Mosali e mong o ne a thabela mpho ea buka hoo a bileng a khothaletsa motsoalle oa hae ho nka buka. A ba a kalima motsoalle oa hae chelete ea ho e fumana. Mosali e mong o boletse: “Ke qala ho utloisisa hore ho bala Bibele ho bohlokoa ho feta ho ea kerekeng mantsiboea a mang le a mang ho ea rapela.”
Ha ho phirima re ne re le lebopong la Hanaiapa re bua le batho ba bang ka khanya ea lampi. Puisano ea fetohela tabeng ea lihele. “A ke re u na le ngoana oa setlokotsebe. Na u ne u tla besa mollo ’me u mo akhele ka hare?” ra botsa. “Che!” ba araba. “Kahoo, na Molimo o ka etsa hore bana ba oona ba hlokofale mollong ka ho sa feleng?” Basali ba bane le monna ba thabela haholo “memo” e lerato ea Molimo ea ho lula lefatšeng moo ‘balotsana ba tla ba sieo’ ka hobane ba felisitsoe ka ho sa feleng, e seng ba hlokofalitsoe ka ho sa feleng.—Lipesaleme 37:10.
Ho tloha Hiva Oa, ke sebaka se sekhutšoane feela ho fihla sehleke-hlekeng sa Tahuata. Mosesisi a re bolella hore hoo e ka bang lilemong tse ka tlase ho lekholo tse fetileng batho ba bang ba basoeu ba ile ba jeoa ke baahi ba moo. Leha ho le joalo, ra ba neela moqoqo o thabisang. Monna ea neng a etsa litšebeletso tsa pholiso tsa moea o ne a sa batle ho nka libuka empa a re phehella ho noa metsi a ka galaseng ao a neng a re nea ’ona. “Ka metsi ana ao ke le neang ’ona,” a rialo a sebelisa ka ho fosahetseng mantsoe a Jesu ho Johanne 4:14, “le ke ke la nyoroa, empa e tla ba seliba sa metsi a phallang ka ho lona.” Ra leboha, ra re: “Metsi ana ke metsi feela, ’me re a amohela ka thabo. Empa na u hana metsi a fanang ka bophelo le lijo tsa moea tseo re u memelang ho kopanela ho tsona?” A susumetsoa ke mantsoe ana, a nka libuka tse ’maloa. Hamorao, lebopong, batho ba bang ba qalisa ho soma: “Na ho na le motho ea amohetseng mpho ea lōna?” Empa mookameli oa basebeletsi ba ’muso a kōpa ho bona libuka ’me, ka pel’a e mong le e mong, a nka buka. Ba makala hakaakang ha ba utloa hore ba bang, le bona, ba amohetse mpho ea rōna!
Sebaka sa ho qetela seo re emisitseng ho sona Marquesas ke sehleke-hleke se hōle ka boroa, Fatu Hiva. Ke se seng sa pele ho fumanoa, ka 1595, ke Álvaro de Mendaña de Neyra oa Spain, ea rehelletseng sehleke-hleke sena ho tlotla mosali oa morena oa Peru—Las Marquesa de Mendoza. Fatu Hiva ke sehleke-hleke se setle haholo. Motseng o moholo, Omoa, ra kopana le lelapa le bontšitseng thahasello e khōlō. Ha re kenella hare, ’mè a tsoa ho ea bokella metsoalle ea hae, ha re khutla, kaofela ba ne ba re emetse ka lipososelo tse thabileng. Ba ne ba batla libuka hore ba ithute ho hong ka Lentsoe la Molimo libokeng tsa bona tsa thuto ea Bibele tsa mantsiboea. Ka nako eo re khutlelang lebopong, re ne re ba sietse libuka tsohle tse neng li le ka mokotlaneng, ’me o mong o ne o tletse lilamunu.
Ho ea Tuamotus
Kamor’a letsatsi le masiu a mabeli re ntse re sesetsa boroa bophirimela, ra fihla sehleke-hlekeng sa Pukapuka se Tuamotus. Litokisetso tse khethehileng tsa etsoa hore Araroa e eme letsatsi le leng le le leng lihleke-hlekeng tsena tse peli. Sena sa re nea monyetla oa ho fihla lihleke-hlekeng tse ling tse hōle.
Har’a Mapomotuse a likete a sehleke-hleke sena, ke malapa a 30 feela a amohetseng “memo” ea rōna ka thabo. Ntlong e futsanehileng har’a lipalema tsa coconut, mosali e mong a matha ho ea rekisa seno sa coconut hore a iphumanele likopi tse eketsehileng pele re tsamaea. Re ke ke ra lebala lelapa lena, leo hape le neng le phehella ho re nea hlapi e omisitsoeng e neng e anehuoe ka tlas’a marulelo a masenke.
Likhopolo tse Monate
Ho na le lifahleho tse ling tse ngata tse thabileng tse tla lula mehopolong ea rōna, ’me rea tšepa hore Jehova o tla ba hlokomela. Re thabile hakaakang hore ebe re ile ra nka leeto ho ea Marquesas le Tuamotus le ho ba ba pele ho bona ka mahlo liphello tse matla tsa “memo”: “U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng”!—Se neetsoe.
[’Limmapa tse leqepheng la 25]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Marquesas Islands
Nuku Hiva
Taiohae
Ua Huka
Ua Pu
Hiva Oa
Atuona
Tahuata
Fatu Hiva
Omoa