Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 11/15 maq. 8-9
  • Tsela e Isang Bophelong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela e Isang Bophelong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto e Tsebisahalang Haholo e Kileng ea Fanoa
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Le be Baetsi ba Lentsoe, Eseng Bautloi Feela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Thuto ea Thabeng
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Le Tsoele Pele ho Etsa se Molemo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 11/15 maq. 8-9

Jesu Bophelo le Tšebeletso Tsa Hae

Tsela e Isang Bophelong

TSELA e isang bophelong ke ea ho mamela lithuto tsa Jesu. Empa ha ho bonolo ho etsa sena. Ka mohlala, Bafarisi ba ne ba atisa ho ahlola batho ba bang hampe, ’me mohlomong batho ba bangata ba ile ba ba etsisa. Ha Jesu a tsoela pele ka Thuto ea Thabeng, o fana ka taelo ena: “Se ahloleng, le tle le se ke la ahloloa; hobane le tla ahloloa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka eona.”

Ho kotsi ho latela ketello-pele ea Bafarisi ba nyatsang ka ho feteletseng. Ho ea ka tlaleho ea Luka, Jesu o tšoantšetsa kotsi ena: “Na sefofu se ka tsamaisa sefofu se seng na? Li ke ke tsa oela sekoting tse peli na?”

Ho nyatsa ba bang ka ho feteletseng, le ho hōlisa liphoso tsa bona le ho li qoolla, ke phoso e tebileng. Ka hoo Jesu oa botsa: “U ka bolella ngoan’eno joang, ua re: Lesa, ke ntše lehlokoana leihlong la hao? Moikaketsi, qala hle ho ntša tsiea e leihlong la hao, ke moo u tla bontšisa ho ntša lehlokoana leihlong la ngoan’eno.”

Sena ha se bolele hore barutuoa ba Jesu ha ba lokela ho sebelisa masene mabapi le batho ba bang, hobane o re: “Se neeng lintja lintho tse halalelang, le se ke la lahlela liperela tsa lōna pel’a likolobe.” Linnete tse tsoang Lentsoeng la Molimo lia halalela. Li tšoana le liperela tsa tšoantšetso. Empa ha ba batho ba bang, ba kang lintja kapa likolobe, ba sa bontše kananelo linneteng tsena tsa bohlokoa, barutuoa ba Jesu ba ne ba tla ba tlohela ’me ba batle batho ba mamelang haholoanyane.

Le hoja Jesu a buile ka thapelo pelenyana thutong ea hae, joale o hatella bohlokoa ba ho phehella ho eona. A ba khothalletsa hore, “Le ’ne le kōpe ’me le tla neoa.” Ho bontša kamoo Molimo o itokiselitseng ho arabela lithapelo, Jesu o-oa botsa: “Ana motho ke ofe ho lōna ea ka neang mora oa hae lejoe, ha a kōpile bohobe? . . . ’Me lōna, ba lonya ha le tseba ho nea bana ba lōna ntho tse molemo, Ntat’a lōna ea maholimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba kopang ho eena tse molemo?”

Joale Jesu o fana ka se tsebahalang e le molao oa boitšoaro, oo ka tloaelo o bitsoang Molao o Moholo. O re: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.” Ho phela ka molao ’ona ho kopanyeletsa le bohato bo nepahetseng ba ho etsetsa ba bang molemo, ho ba tšoara kamoo u tla rata ha ba u tšoara.

Hore tsela e isang bophelong ha e bobebe ho bontšoa ke taelo ea Jesu: “Kenang ka monyako o patisaneng: hobane monyako oa timelo o hebehebe, le tsela e eang teng e phatlaletse, ’me ba kenang teng ba bangata. Hobane monyako oa bophelo o patisane, le tsela e eang teng e tšesane, ’me ba e fumanang ha ba bakae.”

Kotsi ea ho khelosoa e khōlō, kahoo Jesu oa hlokomelisa: “Phemang baprofeta ba bohata, ba tlang ho lōna ba apere kobo ea nku, empa kahare e le liphiri tse hapakang.” Joalokaha lifate tse monate le lifate tse mpe li ka tsejoa ka litholoana tsa tsona, Jesu o bontša hore, baprofeta ba bohata ba ka tsejoa ka boitšoaro ba bona le lithuto.

Ha Jesu a tsoela pele, o hlalosa hore ha se feela seo motho a se buang se mo etsang morutuoa oa Hae empa seo a se etsang. Batho ba bang ba bolela hore Jesu ke Morena oa bona, empa haeba ba sa etse thato ea Ntat’ae, o re ka bona: “Ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha kea ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lōna ba sebetsang bokhopo.”

Qetellong, Jesu o fana ka sephetho se ke keng sa lebaloa polelong ea hae. O re: “Ka lebaka leo, e mong le e mong ea mamelang lipolelo tsa ka, ’me a etsa ka tsona, nka mo tšoantša ka monna ea bohlale, ea ahileng ntlo ea hae letlapeng; ’me pula ea theoha, phororo tsa tla, le meea ea foka, ea otla ntlo eo; ’me ha ea ka ea oa, kahobane motheo oa eona o le letlapeng.”

Ka lehlakoreng le leng, Jesu o-oa bolela: “Empa e mong le e mong ea mamelang lipolelo tsa ka, ’me a sa etse ka tsona, a ka tšoantšoa ka monna ea leoatla, ea ahileng ntlo ea hae lehlabatheng; ’me pula ea theoha, le meea ea foka, ea otla ntlo eo, ’me ea oa, ’me ho oa ha eona ea e-ba ho hoholo.”

Ha Jesu a qetella polelo ea hae, matšoele a makalla tsela eo a rutang ka eona, hobane o ne a ba ruta joaloka motho ea nang le borena eseng joaloka baetapele ba bona ba bolumeli. Mattheu 7:1-29, NW; Luka 6:27-49.

◆ Jesu o re’ng ka ho ahlola batho ba bang; empa o bontša joang hore barutuoa ba hae ba lokela ho sebelisa bohlale mabapi le batho?

◆ Jesu o tsoela pele ho bua eng mabapi le thapelo, ’me o fana ka molao ofe oa boitšoaro?

◆ Jesu o bontšitse joang hore tsela e isang bophelong e ke ke ea ba bobebe le hore ho teng kotsi ea ho khelosoa?

◆ Jesu o qetella polelo ea hae joang, ’me e na le phello efe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela