Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 2/1 leq. 31
  • Molomong oa Ngoana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molomong oa Ngoana
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 2/1 leq. 31

Molomong oa Ngoana

BATSOALI ba Mia, ngoananyana ea lilemo li tharo, litho tsa Kereke ea Dutch Reformed ea Afrika Boroa, ba ne ba batla motho ea tla ba salla le Mia ha ba le mosebetsing. Paki ea lumela ho sala le eena empa ea bolella batsoali bana hore letsatsi le leng le le leng e ruta bana ba eona Bibele. Batsoali ba lumela hore Mia a ka kopanyeletsoa thutong eo. Mia a ithuta ka tšepiso ea Jehova ea Paradeise ’me o ne a rata seo a ithutang sona. Ha a le lilemo li ’nè a hana ho ea moketeng oa lechato oa kereke, a re: “Ntate, hoo ke Babylona e Moholo.”

Ha a le lilemo li tšeletseng moruti a ’motsa hore na ke oa kereke efe. A re, “Lipaki tsa Jehova.” “Batsoali ba hao bona?” “E ntse e le ba Dutch Reformed, empa kapelenyana le bona e tla ba Lipaki tsa Jehova.” Moruti a araba ka khalefo: “U tlohele batho ba ka!”

Kajeno Mia o na le lilemo tse supileng ’me o thabile ha a kene ’neteng a le lilemo li tharo. Batsoali ba hae ba bontšitse takatso ea ho kolobetsoa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela