Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 3/15 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Senngoa ha Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
  • Hlokomela ho Rata Maemo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Buka ea Bibele ea 10—2 Samuele
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Bofifi bo Aparetse Moru o Lulang o le Motala
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 3/15 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Ke eng se boleloang ho 2 Samuele 18:8, e reng: “Moru oa e-ja batho ba fetisang ba jeloeng ke lerumo”?

Mora e motle oa Morena Davida, Absalome, o ile a inkela terone ’me a qobella Ntat’ae ho baleha Jerusalema. Kamor’a moo, morung oa Efraime (mohlomong ka bochabela ho nōka ea Jordane) ntoa ea loana pakeng tsa mabotho a Absalome le ba ntseng ba tšepahala ho morena ea tlotsitsoeng ke Jehova, Davida. Tlaleho e ho 2 Samuele 18:6, 7 e tlaleha hore ntoeng eo e mahlōnōkō banna ba Davida ba ile ba ripitla marabele a 20 000. Temana e hlahlamang karolo ea eona ea eketsa: “’Me tsatsing leo moru oa e-ja batho ba fetisang ba jeloeng ke lerumo.”

Ba bang ba boletse hore hona ho lebisitsoe ho masole a marabele a ileng a haroloa ke libatana tsa naha tse lulang merung. (1 Samuele 17:36; 2 Marena 2:24) Empa ho jeoa ke liphoofolo ka mokhoa oa sebele joalo e ke ke ea e-ba hona ho boleloang, leha e le hore “lerumo” le hlile la ja ka mokhoa oa sebele bao ba ripitliloeng ntoeng. Ha e le hantle, ntoa e ile “ea qhalana ka lefatše lohle.” Ka hona, tlhaloso e batlang e utloahala haholoanyane ke hore banna ba ntseng ba phalalisoa ba Absalome, ba neng ba baleha ka tšabo ho fohla meru e mafika, mohlomong ba ile ba oela ka har’a malumela le likhohloana tse patehileng, ’me ba bile ba tšoaseha har’a mofero o teteaneng. Ka ho thahasellisang, tlaleho e tsoela pele ho bolela hore Absalome ka boeena e bile lehlatsipa la moru oo. Ho bonahala eka ka baka la moriri oa hae o mongata, hlooho ea hae e ile ea tšoasoa sefateng se seholo, eaba o sala a peketletsoe tlhaselo e bolaeang ea Joabe le banna ba hae. Setopo sa Absalome sa ‘lahleloa sekoting se seholo morung, ’me ba mo qhobela ka qubu e kholo haholo ea majoe.’—2 Samuele 18:9-17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela