Sehopotso sa la 12 ’Mesa
“A ntoo nka bohobe, ’me eitse hobane a lebohe, a bo ngoatha, a ba nea bona, a re: Hona ke ’mele oa ka, o neeloang lōna; etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole. A etsa joalo le ka senoelo, ha ba se ba laletse, a re: Senoelo sena ke selekane se secha maling a ka, a tšolleloang lōna.”—Luka 22:19, 20.
Lipaki tsa Jehova li u mema hore u tle u be teng moketeng ona oa bohlokoahali oa Sehopotso. Monongoaha letsatsi la almanaka ea rōna le lumellanang le letsatsi leo Jesu a shoeleng ka lona ke Sontaha sa la 12 ’Mesa, hoba letsatsi le likele. U ka ba teng mantsiboeeng ao Holong ea ’Muso e haufi le moo u lulang. Bonana le Lipaki tsa Jehova tsa moo bakeng sa nako e nepahetseng.