Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 4/15 leq. 29
  • “Maruo ka Leleme le Mano . . . ke Mouoane”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Maruo ka Leleme le Mano . . . ke Mouoane”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 4/15 leq. 29

“Maruo ka Leleme le Mano . . . ke Mouoane”

MATSATSING ana ho bua leshano le ho qhekella hangata li talingoa e le tse nepahetseng—’me e le mekhoa e atlehang haholo ea khoebo. Hona e ne e le ’nete le mehleng ea Bibele. Mopesaleme Asafe o ngotse ka ba bang bao ka ho hlakileng ba ileng “ba ikatisetsa maruo” (TLP) ka mekhoa e bolotsana. Ba joalo ba ka bonahala eka “ba iketla ka mehla,” ka baka la leruo leo bolotsana ba bona bo ba tliselitseng lona.—Pesaleme ea 73:8, 12.

Leha ho le joalo, Bakreste kajeno ba lokela ho qoba ‘ho batla maruo ka mano’ le ho retelehela mekhoeng e belaetsang kapa e bolotsana ea khoebo. (1 Petrose 5:2, TLP) Liproverbia 21:6 ea lemosa: “Ho ipokellela maruo ka leleme le mano, ke bosaoana [“mouoane o fetang,” NW] le maraba a lefu.” E, “maruo” leha e le afe a fumanoeng ka bolotsana kapa ka ho bua leshano e tlameha ho ba a nakoana joaloka “mouoane,” a fetang joaloka moholi. “Maruo a ea khopo e tla ba a se nang molemo” ha nako e ntse e eea. (Liproverbia 10:2, NW) Bonneteng, motho ea buang leshano o “ipitsetsa lefu” (NW) ka ho latella tsela e ka isang lefung. Bophelo ba hae bo ka khaotsa pele ho nako ha mekhoa ea hae ea bolotsana e mo fetohela. (Bapisa Esthere 7:10.) Kapa qetellong bophelo ba hae bo tla felisoa ka letsatsi la Molimo la kahlolo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela