‘Ke Thusitsoe ho Utloisisa Motho eo le Kamohla Ke Neng ke sa Nahane hore Nka mo Utloisisa’
Lengolong lena le latelang le ngoletsoeng Mokhatlo oa Watch Tower, motho enoa o hlalosa hore na o fumane thuso e joalo hokae.
“Bahlomphehi ba ratehang:
“Ke rata ho le tsebisa kamoo libuka tsa lōna li nthusang ho utloisisa Motho eo le kamohla ke neng ke sa nahane hore nka mo utloisisa. Joale Bibele ke buka e thahasellisang haholo eo nkileng ka e bala ka baka la thuso eo le mphileng eona ka libuka tsa lōna.
“Ka kōpo, haeba ho khoneha, na le ka nthomella lethathamo la libuka tsohle tseo le li hatisang?
“Ke rōmella mona R4,50 bakeng sa likopi tse peli tsa Ho Bea Mabaka ka Mangolo . . . ke lokela ho arolelana ‘thuso ena e nyenyane’ le ba bang.”
Re rata ho etsa hore le uena u fumane buka ea Bibele e maqephe a 448 e nang le litšupiso tse fumanehang habonolo Ho Bea Mabaka ka Mangolo. Ke R2,25 feela.
Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka ea Bibele e sekoahelo se thata e nang le litšupiso tse fumanehang habonolo Ho Bea Mabaka ka Mangolo. Ke romella R2,25.