“Tšenyo e Entsoeng E Tla Ba E Khōlō Haholo”
NTOA ea pele ea lefatše e ile ea etsa tšenyo e khōlō thepeng le bophelong ba batho. Leha ho le joalo, ntho eo batho ba bangata ba sa e tsebeng ke tšenyo eo ntoa e ileng ea e etsa lebitsong la baromuoa ba Bokreste-’mōtoana Afrika. Ho latela moromuoa oa K’hatholike Francis Schimlek bukeng ea hae Medicine Versus Witchcraft, litaba tsa ntoa ena ea lefatše “li ne li tšoana le tšisinyeho ea lefatše, eo ho reketla ha eona ho ileng ha utlohahala hōle-hōle ’mishoneng oa ho qetela mathokong a Afrika. . . . Manģosa a Kreste a ne a hlabiloe ke lihlong, ’me Bakreste ba Baahi ba tsielehile.”
Hobane’ng? Schimleko o qotsa moromuoa Albert Schweitzer a hlalosa: “Kaofela ha rōna, rea hlokomela hore Baahi ba bangata ba tsielitsoe ke potso ea hore na ho tla joang hore batho ba basoeu, ba tlisitseng Molaetsa oa lerato, ebe joale baa bolaeana, ’me ba akhela litaelo tsa Morena Jesu matjoing. Ha ba re botsa potso eo ha re na thuso. . . . Ke tšohile hore tšenyo e entsoeng e tla ba e khōlō haholo.”