Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 6/1 leq. 3
  • Na Bokamoso bo Lerootho bakeng sa ba Hōlileng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bokamoso bo Lerootho bakeng sa ba Hōlileng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlokomela Batho ba Hōlileng—Bothata bo Ntseng bo Hōla
    Tsoha!—1991
  • Lelapa la Bokreste le Thusa ba Seng ba Hōlile
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ba Lula Mahaeng a Maqheku Empa ha Baa Lebaloa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ho Hlokomela Batho ba Hōlileng—Ke Boikarabelo ba Bakreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 6/1 leq. 3

Na Bokamoso bo Lerootho bakeng sa ba Hōlileng?

MORENA DAVIDA o itse: “Nkile ka ba mocha, ’me joale ke tsofetse.” (Pesaleme ea 37:25) Mehleng ea Bibele ba hōlileng e ne e le lequloana le hlomphuoang. Leha ho le joalo, haeba liphetoho tsa kajeno li ntse li tsoela pele, ba hōlileng ba ka ’na ba ngatafala kapa ea se be ba hlomphuoang.

United States feela, ho hakanngoa hore batho ba limillione tse 26 ba ka holimo ho lilemo tse 65. Ka selemo sa 2040 palo ena e ka ’na ea eketseha hararo! Ho latela makasine Asiaweek, lichaba tse ling tsa Asia li “lebelletse hore palo ea ba hōlileng ba tsona e eketsehe habeli lilemong tse leshome tse tlang.” Leha ho le joalo, tebello ea hore ba hōlileng ba fete ba bacha ka palo, ha e fane ka tšepo bakeng sa ba hōlileng. Hona joale, ba bangata bo tšosang ho bona ba iphumana ba futsanehile ’me ba se na matlo. Ba bang ba tlohelletsoe hore ba felle lipetlele kapa mahaeng a kokelo—ba le bang, ba sa eteloe ’me ho se ea ba hlokomelang. Le linaheng tseo ho neng ho tloaelehile hore batsoali ba hlomphuoe ho tlalehoa maemo a sisimosang a ho hlokomolohuoa le ho khahlapetsoa.

G. M. Ssenkoloto o ile a ngolla makasine ea World Health: “Ka tloaelo linaheng tse ngata tsa Afrika, ’me ka sebele hoo e ka bang linaheng tse ngata tse futsanehileng, lelapa le leng le le leng le ne le hlokomela maqhekoana a lona. Mosali ea neng a se na bana ba mo hlokomelang o ne a hlokomeloa ke baahelani kapa motse kaofela.” Leha ho le joalo, oa tlaleha: “Makhabane a khale aa fetoha. Maemo a mabe a moruo, tšebeliso e mpe ea matlotlo, ho laba-labela lintho tse bonahalang, ho loanela bophahamo le boemo—lintlha tsena kaofela li imela makhabane a molemo a meetlo mabapi le ho phelisa ba hōlileng.”

Mantsoe a mongoli oa Bibele Agure kahoo a ipaka e le ’nete ka ho sabaletseng: “O teng moloko o mong o rohakang ntat’a oona, o sa hlohonolofatseng le ’m’a oona.” (Liproverbia 30:11) E, ba hōlileng ba amohuoa tlhompho eo ba neng ba e thabela linakong tse fetileng. Ba bangata ba ba talima e le mokhoka-khoale ho e-na le ho ba letlotlo. Boholong ba taba, litebello tsa bona li bonahala li le lerootho.

Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ba talima ba hōlileng joang? Na ba tšoarelletse ‘makhabaneng a molemo a meetlo’ mabapi le bona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela