Jesu—Bophelo le Tšebeletso tsa Hae
O Amile Kobo ea Hae
LITABA tsa ho khutla ha Jesu Dekapolise li fihla Kapernauma ’me letšoele le leholo le bokana pel’a leoatle ho mo khahlanyetsa. Ha ho pelaelo hore ba utloile hore o khutsisitse sefefo ka eona le ho phekola banna ba tšoeroeng ke bademona. Joale, ha a fihla lebopong, ba bokana pel’a hae, ka cheseho le ka tebello e khōlō.
E mong oa batho ba laba-labelang ho bona Jesu ke Jairuse, ’musi oa synagoge. O itihela maotong a Jesu ’me o mo rapela khafetsa: “Ngoanana oa ka o se a le makhatheng a ho shoa; ak’u tle, u ’mee matsoho holimo, a tle a fole, ’me o tla phela.” Kaha ke ngoana ea mong ’me o lilemo li 12 feela, ke thatohatsi ea Jairuse.
Jesu oa lumela ’me, a felehelitsoe ke letšoele, o leba lapeng la Jairuse. Re ka itekanyetsa cheseho eo batho ba nang le eona ha ba lebelletse mohlolo o mong. Empa mosali e mong har’a letšoele o ne a amehile ka bothata bo boholo boo a nang le bona.
Ka lilemo tse telele tse 12 mosali enoa o ’nile a hlokofatsoa ke phallo ea mali. O tsamaile ho lingaka tse ngata, a senya chelete eohle ea hae hore a phekoloe. Ha aa fumana thuso; ho e-na le hoo, bothata ba hae bo mpefetse.
Kamoo u ka utloisisang, ntle le hore bohloko ba hae bo ne bo mo fokolisa haholo, e ne e boetse e le bo hlabisang lihlong le bo mo nyenyefatsang. Hangata motho ha a bue pontšeng ka bohloko bo joalo. Ho feta moo, tlas’a Molao oa Moshe ho ilela khoeli ka nako e telele ho etsa hore mosali e be ea litšila, ’me motho leha e le ofe ea mo thetsang kapa ea thetsang liphahlo tsa hae tse qaphalelitsoeng ke mali o lokela ho itlhatsoa ’me a lule a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.
Mosali enoa o utloile ka mehlolo ea Jesu ’me joale oa mo batla. Ka baka la litšila tsa hae, o fohla letšoele ka mokhoa o sa hlokomeleheng ka hohle kamoo a ka khonang, ’me o re: “Leha nka ama kobo ea hae feela, ke tla pholoha.” Hoba a etse joalo, o utloa hang-hang hore mali a hae a khaolitse ho phalla!
“Ke amiloe ke mang na?” Mantsoe ao a Jesu a tlameha a mo nyarositse hakaakang! O ne a tsebile joang? Petrose oa botsa, “Monghali, bongata bo u petelitse, boa u hatella, ’me u bolela joang, ha u re: Ke amiloe ke mang?”
Ha a ntse a qamaka mosali eo, Jesu oa hlalosa: “E mong o nkamile, hobane ke tsebile hoba matla a mang a tsoile ho ’na.” Ka sebele e ne e se ho ama ho tloaelehileng, hobane ho sebelisitsoe matla a Jesu bakeng sa phekolo e entsoeng.
Ha a bona hore ha a pateha, mosali oa tla ’me o itihela fatše pel’a Jesu, a tšohile a bile a thothomela. Pontšeng ea batho bohle, o bolela ’nete eohle ka bohloko ba hae le kamoo a qetang ho phekoloa kateng.
A susumelitsoe ke boipolelo ba hae bo feletseng, Jesu ka qenehelo oa mo tšelisa: “Morali oa ka, tumelo ea hao e u pholositse; e-ea ka khotso, ’me bohloko ba hao bo fele.” Ho hotle hakaakang ho tseba hore Eo Molimo o mo khethetseng ho busa lefatše ke motho ea mofuthu hakaalo, ea nang le qenehelo, le ea tsotellang batho le ea bileng a nang le matla a ho ba thusa! Mattheu 9:18-22; Mareka 5:21-34; Luka 8:40-48; Levitike 15:25-27.
◆ Jairuse ke mang, hona ke hobane’ng ha a tla ho Jesu?
◆ Ke bothata bofe boo mosali e mong a nang le bona, hona ke hobane’ng ha a thatafalloa hakaale ke ho tla ho Jesu ho fumana thuso?
◆ Mosali o folisitsoe joang, ’me Jesu o mo tšelisa joang?