E Supa Bokamosong bo Khanyang
Lefifi le timetso ke boemo boo hangata bo profeteloang lefatše lena ha le ntse le thulana le likoluoa ka ho latellana. Ke molaetsa o fapaneng hakaakang bukeng e ncha Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a “Morena oa Khotso”! ’Mali e mong o ngolile, “Ha ke e phetla, sefahleho sa ka sa khanya thabo. Litšoantšo ke tse susumetsang monahano hantle haholo, ’me ke hantle hakaakang setšoantšo sa ho qetela se bontšang bokahohle bohle khotsong.”
O tsoela pele: “Pelo ea ka e tletse thabo ke buka ena. Ke ne ke sitoa ho itšoara empa ka cheseho ke ne ke balla monna oa ka likarolo tsa eona ka lentsoe le phahameng, ’me joale ke sitoa ho bea buka ena e nyenyane—ka molaetsa oa eona o moholo, empa ke tsoela pele ho noa se ka hare ho eona hangata kamoo nka khonang ka letsatsi. E khatholla ho feta molatsoana o pholileng oa thaba.”
Amohela kopi ea hao. Ke R2,00 feela.
Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata e maqephe a 192, Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a “Morena oa Khotso.” Ke kentse R2,00.