Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Guinea e Amohela ba Tlileng Kopanong ea “Khotso ea Molimo”
MATSATSI a qalang a mane a selemo sa 1987 e ile ea ba a kopano ea pele ea setereke ea Lipaki tsa Jehova ea ho tšoareloa riphabliking ea Guinea, Afrika Bophirima. Le hoja Guinea e le naha eo Bosolomane bo atileng haholo ho eona moo mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o e-song ho amoheloe ka molao, Lipaki tsa moo li iphumanetse botumo e le batho ba molemo, ba mosa, ba khotso. Ke ka baka la botumo bona ’muso o ileng oa bula menyako ho amohela ba tlileng kopanong ea “Khotso ea Molimo.”
Har’a baeti bao ho ne ho e-na le baromuoa ba robong ba neng ba tsoa Freetown, Sierra Leone, ka koloi ea vene le lithuthuthu tse peli. Ha ba fihla lelibohong, ba ile ba lokela ho tšela nōka ka likeiti tse tharo tseo ho tšekalalitsoeng mapolanka holim’a tsona. Hang ha ba atlehile ho tšela le lipalangoang tsa bona, baromuoa ba botsa: “Re lokela ho lefa bokae?” Karabo ea ba hore: “Lona le Lipaki tsa Jehova. Ha ho tefiso.”
Ho thoe’ng ka ba lipasa le ba thepa e kenang? Ba bolelloa, “Le se ke la tšoenyeha ka hona. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se e hlophiloe. Le hlome libeche tsa lōna feela.” Baeti ba bang ba makholo ba ne ba fumana liphihlelo tse tšoanang. ’Muso oa Guinea o ne o sa lokisetsa ho tšela ka bolokolohi nōkeng e arohanyang Guinea le Sierra Leone le Liberia feela; o ne o boetse o behelletse kathōko tsamaiso ea molao ea mangolo a boeti le ea thepa e kenang bakeng sa motho leha e le ofe ea nang le beche ea “Khotso ea Molimo”! Molebeli e mong oa potoloho, ea neng a tsoa Liberia, o ile a re: “Beche e ne e le molemo haholo ho feta pasa.”
’Muso oa Guinea o ne o thusa ka litsela tse ling hape. O ile oa fana ka koloi ho tsamaisa Lipaki ho tloha motse-moholo, Conakry, ho ea motseng oo kopano e neng e tšoaretsoe ho oona Guéckédou, bohole ba lik’hilomithara tse kaholimo ho 640. O ile oa fana ka tumello ea ho rekoa ha gasoline bakeng sa lipalangoang tse tsoang Freetown. O ile oa laela hotele e haufi-ufi le sebaka sa kopano ho boloka likamore tsohle tsa eona bakeng sa Lipaki. O ile oa boela oa fana ka tumello ea ho sebelisa holo ea motse bakeng sa kopano, o fana ka eona ntle ho tefello.
’Musi oa setereke, eo e leng ofisiri e phahameng ka ho fetisisa karolong eo ea naha, o ile a amohela baeti ba 11 ha hae. O ne a boetse a le har’a ba 1 132 ba neng ba mametse puo ea phatlalatsa ka Sontaha.
Jehova Molimo a ke ke a lebala mosa o joalo o bontšitsoeng ho bahlanka ba hae.—Mattheu 10:42; 25:40.