Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Liithuti tse ling li etsa khang ea hore “mohala” o lokela ho sebelisoa bakeng sa “kamele” ho Mattheu 19:24, e balehang tjena: “Ho ka ba bonolo ha kamele e kena ka lesoba la lemao.” Lentsoe le nepahetseng ke lefe?
Ka phoso liithuti tse ling tsa Bibele li fihlela qeto ea hore qalehong mantsoe a Jesu mona a ne a ngotsoe ka Searame. Lentsoe la Searame le sebelisitsoeng liphetolelong tse joalo (gam·la’ʹ) le ka bolela “kamele.” Leha ho le joalo, ho itšetlehiloe ka moelelo le ka boela la ngoloa e le “mohala o motenya le palo.” Empa ho latela Papias oa Hierapolis, eo mohlomong e neng e le mphato oa moapostola Johanne, qalong Mattheu o ngotse tlaleho ea hae ea Molaetsa ka Seheberu, e seng Searame, ’me kamor’a moo a e fetolela Segerikeng. Lentsoe la Seheberu bakeng sa kamele (ga·malʹ) le fapane ka ho felletseng le mantsoe a fetoletsoeng e le mohala (cheʹvel) kapa khole e tenya (‛avothʹ), ’me ho hlakile hore Mattheu a ka be a ile a khetha lentsoe le nepahetseng la Segerike.
Meqōlō ea khale le e tšeptjoang ka ho fetisisa ea Segerike (Sinaiticus le Vatican No. 1209) e na le lentsoe kaʹme·los, le bolelang kamele. Lentsoe lona lena le sebelisitsoe ho Mattheu 23:24, moo ho seng pelaelo ea hore ho buuoa ka “kamele.”
Ho theosa le makholo a lilemo ba bang ba ’nile ba leka ho bebofatsa puo ea Jesu e hlabang le e feteletsang litaba. Ba bang ba bile ba inkela bolokolohi ka lengolo le halalelang. Ho tloha ka hoo e ka bang lekholong la bohlano la lilemo, lentsoe le tšoanang kaʹme·los le fumanoa temaneng ena meqolong e meng ea Segerike. Lentsoe lena le sa tloaelehang le bolela “mohala, ropo ea tšepe ea sekepe.” Ho latela A Greek-English Lexicon of the New Testament ea Arndt le Gingrich, ha “le fumanehe ho TN [Testamente e Ncha].” Litsebi tsa Segerike Westcott le Hort li bea molato oa ho kenya lentsoe le leng bakeng sa lena ho Cyril oa Alexandria ea neng a ipolela e le Mokreste, ea neng a etsa khang ea hore lentsoe le sebelisitsoeng ke Mattheu (kaʹme·los) le ka bolela ropo ea tšepe, a re: “Ke mokhoa oa ba tloaelaneng le ho sesisa likepe ho bitsa liropo tse tenya tsa tšepe ‘likamele.’” Empa, ha ba bua ka khopolo ena Westcott le Hort ba bolela hore: “Ka sebele e fosahetse.”
Khopolo ea hore kamele e khōlō e leke ho kena ka lesoba la lemao le lenyenyane le rokang “e nkha ho feteletsa litaba ha Bochabela,” ho latela buka e ’ngoe ea litšupiso. Ha e le hantle, ha e bua ka batho ba bang ba tsebahalang ka bohlale bo boholo hoo ba bonahalang ba etsa lintho tse ke keng tsa etsahala, The Babylonian Talmud e re: “Ba kenya tlou ka lesoba la nale.” Kahoo Jesu o ne a sebelisa setšoantšo sa ’nete sa Batho ba Bochabela ho hatisa hore ntho e itseng e ke ke ea etsahala ka ho sebelisa phapang e totobetseng. Ka sebele, ho ne ho ke ke ha etsahala ho kenya ntho leha e le efe e khōlō ka lesoba la nale—e bang ke mohala, kamele, kapa tlou.
Jesu o ne a sa re ho ke ke ha etsahala hore motho ea ruileng a fumane bophelo, hobane batho ba bang ba ruileng ba ile ba fetoha balateli ba hae. (Mattheu 27:57; Luka 19:2, 9; Johanne 19:38, 39) Empa pelenyana feela Jesu a bua ‘puo ena e thata,’ mohlankana e mong oa morui o ne a sa tsoa hana menyetla e meholo ea moea ka baka la lerato la hae le leholo la “maruo a maholo.” (Mattheu 19:16-22) Ho ne ho ke ke ha etsahala hore morui ofe kapa ofe ea nang le boikutlo bona a je lefa la bophelo bo sa feleng. Ke feela ka thuso e khōlō ea Molimo motho ea joalo a ka fetohang ho fumana poloko e lokelang ho tla ka matla a Molimo.—Mattheu 19:25, 26.