“Likopi Bakeng sa Metsoalle e Haufi-ufi”
Kahobane ba ile ba thabela buka Ho Etsa Bophelo Ba Lelapa la Hao bo Thabileng haholo, ba bangata ba arolelane likopi le ba bang. Ka mohlala, motho ea tsoang Indiana, U.S.A., oa ngola:
“Ke rata ho le babatsa bakeng sa buka e babatsehang eo ke sa tsoa e bala, Ho Etsa Bophelo Ba Lelapa la Hao bo Thabileng. Ke buka e ngotsoeng hantle le e utloisisoang habonolo, ’me bacha ba rōna ’moho le ba hōlileng ba ne ba tla fumana molemo o moholo ka ho e bala.
“Ke rata ho fumana likopi tse eketsehileng bakeng sa metsoalle e haufi-ufi, ’me hape ke tla rata le ho sebelisa buka eo e le mpho ’mokaneng oa ho fana ka limpho lechatong.
“Ke oa tumelo ea Bonazari . . . ’me ke ne nke ke ka ananela boitsebiso bo bong, ntle ho buka ena, e rometsoeng ho ’na . . . Haeba ho ne ho ka khoneha hore ke reke likopi tse leshome tsa buka ka theko e itekanetseng, ke tla ananela ho utloa ho tsoa ho lōna.”
Mohlomong u ikutloa ka tsela e tšoanang le motho enoa ka buka ea Lelapa. Na u tseba motho e mong eo u neng u ka rata ho e kopanela le eena? Ke hobane’ng ha u sa romelle motho eo mpho ea kopi? U ka etsa joalo habonolo feela ka ho romela le ho tlatsa setlankana sena, u kentse feela R2 le setlankana.
Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata, e maqephe a 192 Ho Etsa Bophelo Ba Lelapa la Hao bo Thabileng ’moho le lengolo le hlalosang hore ke mpho e tsoang ho ․․․․․ .
Ke kentse R2.