Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 11/15 maq. 8-9
  • Boiteko bo Bong ba ho Bolaea Jesu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boiteko bo Bong ba ho Bolaea Jesu
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boiteko bo Bong ba ho Bolaea Jesu
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu le Ntate ba Bonngoeng, Empa Jesu ha se Molimo
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Buka ea Bibele ea 43—Johanne
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Na Ntat’a Bona ke Abrahama Kapa ke Diabolose?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 11/15 maq. 8-9

Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae

Boiteko bo Bong ba ho Bolaea Jesu

KAHA ke nako ea mariha, Jesu o ntse a tsamaea sebakeng se sirelelitsoeng se tsebjoang e le mathule a Salomone. Mathule ana a lehlakoreng la tempele. Ha a le mona Bajode baa mo pota-pota ’me ba qala ho re: “U tla re lika-likisa ho fihlela neneng? Ekare ha u le Kreste, u re bolelle phatlalatsa.”

Jesu oa arabela: “Ke se ke le boleletse, ’me ha lea ka la lumela.” Jesu o ne a sa ka a ba bolella ka ho toba hore e ne e le eena Kreste, joalokaha a ne a boleletse mosali oa Mosamaria selibeng. Empa, ha e le hantle o ne a itšenotse hore na ke mang ha a ba hlalosetsa hore o ne a e-tsoa holimo le hore o bile teng pele ho Abrahama.

Leha ho le joalo, Jesu o batla hore batho ka bobona ba fihlele qeto ea hore ke eena Kreste ka ho bapisa mesebetsi ea hae le seo Bibele e neng e boletse esale pele hore Kreste o ne a tla se phetha. Ke ka hona pejana a ileng a laela barutuoa ba hae hore ba se bolelle motho leha e le ofe hore ke eena Kreste. Hape ke ka baka leo joale a tsoelang pele ho bolella Bajode bana ba tletseng bora hore: “Mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate ke eona e mpakang. Empa lōna ha le lumele.”

Ke hobane’ng ha ba sa lumele? Na ke hobane bopaki ba hore Jesu ke Kreste bo haella? Che, empa ke ka lebaka leo Jesu a fanang ka lona ha a ba bolella hore: “Ha le linku tsa ka, joale ka ha ke se ke le boleletse. Linku tsa ka li utloa lentsoe la ka; kea li tseba, ’me lia ntatela. ’Na ke li fa bophelo bo sa feleng, ’me li ke ke tsa timela le ka mohla o le mong, ’me ha ho motho ea ka li utlang letsohong la ka. Ntate ea ’neileng tsona o moholo ho bohle; ’me ha ho motho ea ka li utlang letsohong la Ntate.”

Joale Jesu o bua ka kamano ea hae e haufi-ufi le Ntate oa hae, oa hlalosa: “’Na le Ntate, re bang feela.” Kaha Jesu o lefatšeng ’me Ntate oa hae o leholimong, ka ho hlakileng ha a bolele hore eena le Ntate oa hae e hlile ke motho a le mong, kapa hore ba na le ’mele o le mong. Ho fapana le hoo, o bolela hore ba bang morerong kapa ba bonngoeng.

Ba halefisitsoe ke mantsoe a Jesu, Bajode ba thonaka majoe ka morero oa ho ’molaea, joalokaha ba ile ba etsa joalo likhoeli tse seng kae pejana, nakong ea Mokete oa Metlotloane. Ka sebete Jesu o talimana le bao e neng e tla ba babolai ba hae, o re: “Ke le bontšitse mesebetsi e mengata e metle, e tsoang ho Ntate; ke tlepeletsoa ofe ho eona na?”

Baa arabela: “Ha u tlepeletsoe mosebetsi o motle, empa ke ka baka la nyefolo, kahobane u re u le motho, u iketsa Molimo.” Kaha ha ho mohla Jesu a kileng a ipolela hore ke molimo, ke hobane’ng ha Bajode ba bolela tjee?

Ka ho hlakileng ke hobane Jesu a bolela hore o na le matla ao ba lumelang hore ke Molimo feela o nang le ’ona. Ka mohlala, o sa tsoa re ka “linku,” “Ke li fa bophelo bo sa feleng,” e leng ntho eo ho seng motho ea ka e etsang. Leha ho le joalo, Bajode ba iphapanyetsa ’nete ea hore Jesu o lumela hore o fumane matla ho Ntate oa hae.

Ho bontša hore Jesu o ipolela hore o ka tlaase ho Molimo, joale o re: “Na ha hoa ngoloa molaong oa lōna [ho Pesaleme ea 82:6], ho thoe: Ke itse: Le melimo? Ekare ha molao o bitsitse melimo bao lentsoe la Molimo le tletseng bona, athe lengolo ha le na ho tlōloa, ha e le ’na ea halalelitsoeng, ea romiloeng lefatšeng ke Ntate, le ka bolela joang, la re, kea nyefola, ha ke itse, ke Mora oa Molimo?”

E, kaha Mangolo a bolela hore esita le baahlōli ba sa lokang ba batho ke “melimo,” ke phoso efe eo Bajode baa ba ka e fumanang ha Jesu a re: “Ke Mora oa Molimo”? Jesu oa phaella: “Ekare ha ke sa etse mesebetsi ea Ntate, se ntumeleng; empa ekare ha ke e etsa, ’me le sa lumele ho ’na, lumelang mesebetsi, hore le tle le tsebe, ’me le lumele hobane Ntate o ka ho ’na, le ’na ke ka ho eena.”

Ha Jesu a rialo, Bajode ba leka ho mo tšoara. Empa o phonyoha joalokaha a ile a phonyoha pejana Moketeng oa Metlotloane. O tloha Jerusalema ’me o tšela Nōka ea Jordane ho leba moo Johanne a qalileng ho kolobetsa teng lilemo tse ’nè pejana. Ho bonahala eka sebaka sena ha se hōle le lebōpo le ka boroa la Leoatle la Galilea, leeto la matsatsi a mabeli kapa ho isa moo ho tloha Jerusalema.

Batho ba bangata ba tla ho Jesu sebakeng sena ’me ba qala ho re: “Johanne eena ha a ka a etsa mohlolo leha o le mong; empa taba tsohle tse boletsoeng ke Johanne holim’a enoa ke tsa ’nete.” Ka hona ha Jesu a le mona ba bangata ba lumela ho eena. Johanne 10:22-42; 4:26; 8:23, 58; Mattheu 16:20.

◆ Jesu o batla hore batho ba tsebe hore ke eena Kreste ka mokhoa ofe?

◆ Jesu le Ntate oa hae ba bang ka tsela efe?

◆ Ka ho hlakileng, ke hobane’ng ha Bajode ba bolela hore Jesu o iketsa molimo?

◆ Mantsoe ao Jesu a a qotsitseng ho Lipesaleme a bontša joang hore ha a ipolele a lekana le Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela