Lintho tse ka Bonoang Lefatšeng la Pallo
Bashane—Mohloli o Nonneng
HA U ntse u bala Bibele, na ha u e-s’o khahlane le mabitso a libaka tse ngata tseo u ke keng ua li bona ka mahlo a kelello? Ka Motšeanong le Phuptjane, Lipaki tsa Jehova li tla bala Mikea ho ea ho Zakaria. Ka ho latela kemiso eo, u tla fumana hore Bashane e hlahile litemaneng tse tharo. (Mikea 7:14; Nahume 1:4; Zakaria 11:2) Litemana tseo le tse ling tse thahasellisang li tla bolela ho hongata haeba u ka bona Bashane ka mahlo a hao a kelello.
Bashane e ne e le hokae? Ha e le hantle, u ka e khetholla ka kakaretso le Lithaba tsa Golane, tseo e ka ’nang eaba u li hlokometse ’mapeng ea lipampiri tsa litaba. Bashane e ne e le ka bochabela ho Leoatle la Galilea le Phula e holimo ea Jordane. Moo e neng e hlile e tsoa teng ke Nōkeng ea Yarmuk (karolo ea moeli oa hona joale pakeng tsa Jordane le Syria) ka leboea ho Thaba ea Hermone.
Pele Baiseraele ba boholo-holo ba kena Lefatšeng la Pallo, ba ile ba lokela ho hlōla lebotho la Kanana la linatla tsa Oge, morena oa Bashane. Ka morao ho moo, boholo ba naha ea Bashane bo ile ba nkoa ke leloko la Manasse. (Deuteronoma 3:1-7, 11, 13; Numere 32:33; 34:14) Sebaka see sa Bibele se ne se le joang? Le hoja se ne se e-na le meru libakeng tsa sona tse lithaba, boholo ba Bashane e ne e le lithota, lihlaba tse phahameng.
Litšobotsing tse ngata Bashane e ne e hlile e le sebaka sa sebele se hlahisang lijo-thollo ka bongata. Lebaka ke hobane boholo ba sebaka seo e ne e le sebaka se setle sa ho fōlisa kapa makhulo. (Jeremia 50:19) Lifoto tse teng mona li ka ’na tsa u hopotsa litšupiso tse ling tsa Bibele tse buang ka Bashane.a Ba bangata ba balile ka “lipoho tsa Bashane.” (Pesaleme ea 22:12, King James Version) E, mehleng ea boholo-holo sebaka sena se ne se tsebisahala ka likhomo tsa sona, ho akarelletsa le lipoho tse nyenyane tse matla. Empa liphoofolo tse ling le tsona li ne li atleha moo, tse kang linku le lipōli tse neng li tlatsetsa ho faneng ka lebese le lengata le sereleli.—Deuteronoma 32:14.
U ka ’na ua ipotsa hore na ke’ng se entseng hore Bashane e none hakaalo, kaha e ne e le ka bochabela ho Jordane sebaka seo ba bangata ba nahanang hore se omeletse haholo. ’Nete ke hore, maralla a Galilea ho ea ka bophirima a tlaase, ka hona maru a tlohang Mediterranean a ka feta holim’a ’ona ’me a tlisa pula e ngata Bashane. Ho feta moo, moea o mongobo le linōka li ne li theoha Thabeng ea Hermone. Nahana feela se neng se ka etsahala ha mongobo oo oa bohlokoa o ne o kopana le mobu o nonneng oa ha lefatše le ne le hlatsa seretse o fumanoang Bashane! Sebaka seo se ne se hlahisa lijo-thollo ka bongata. Nako e telele pele e e-ba sebaka se seholo se hlahisang lijo-thollo bakeng sa Baroma, Bashane e ne e le mohloli oa lijo tsa Salomone. Joale, ka lebaka le letle, tokisetso ea Molimo bakeng sa batho ba hae ba lopolotsoeng hamorao ho ne ho ka buuoa ka eona ka tsela ena: “A ba ke ba iphepe Bashane le Gileade joaloka mehleng ea khale.”—Mikea 7:14, NW; 1 Marena 4:7, 13.
Ha u tseba ka chai e joalo, u ka ananela tlhaloso e amang maikutlo habohloko ea Nahume ea seo ho se fumane mohau oa Molimo ho neng ho ka se tlisa: “Ho ponne Bashane le Karmele [maralla a aparetsoeng ke joang bo botalana pel’a Leoatle le Leholo], le palesa ea Lebanone e ponne.”—Nahume 1:4b.
Tlhahlobo ena e akaretsang ea Bashane e ka u thusa ho bona habonolo haholoanyane ka mahlo a kelello lipono tse ling tse patehileng ka Bibeleng. Ka mohlala, mohlomong u se u kile ua bala ka ho kotula lijo-thollo, tse kang koro e neng e mela ka bongata Bashane. Ho kotuloa ha koro ho ne ho etsoa likhoeling tse futhumetseng tsa Iyyar le Sivan (almanakeng ea Sejode, tse lumellanang le karolo ea ho qetela ea ’Mesa, Motšeanong, le mathoasong a Phuptjane). Nakong ena, ho ne ho e-ba le Mokete oa Liveke (Pentakonta). E le karolo ea ’ona, lilopotsiea tsa kotulo ea koro li ne li tlisoa, ’me likonyana, lipheleu, le poho li ne li etsoa sehlabelo. Na ho ka etsahala hore e be liphoofolo li ne li e-tsoa Bashane?—Exoda 34:22; Levitike 23:15-18.
Nakong ea kotulo basebetsi ba ne ba hela koro e emeng ka lisekele tse kobehileng tse kang e entsoeng ka tšepe eo re e bonang kaholimo, e se nang mohoele oa eona oa thupa. (Deuteronoma 16:9, 10; 23:25) Ho hetsoeng ho ne ho bokelloa ’me ho isoa seotlong, moo selei sa lithupa (se nang le majoe a tlamelletsoeng ho sona ka tlaase) se neng se hulanngoa holim’a hona ho tlosa litlhoka liqoaping. (Ruthe 2:2-7, 23; 3:3, 6; Esaia 41:15) Ha u talima setšoantšo sa hona, se nkiloeng Lithabeng tsa Golane, u ka ’na ua nahana ka molao o utloahalang oa Molimo: “U se ke ua thiba molomo oa khomo ha e pola.”—Deuteronoma 25:4; 1 Ba-Korinthe 9:9.
Qetellong, hopola hore Bashane ea boholo-holo e ne e e-na le libaka tsa meru e teteaneng, lifate tse ngata e le tse tenya tsa oak, tse kang tse bontšitsoeng ka letsohong le letšehali. Batho ba Fenicia ba ne ba etsa masokoana a likepe ka lithupa tse thata tsa oak tse tsoang Bashane. (Ezekiele 27:6) Ho ntse ho le joalo, esita le lifate tseo tse khōlō tsa Bashane, “moru o sa kenoeng,” li ne li ke ke tsa ema khahlanong le khalefo e matla ea Jehova. (Zakaria 11:2; Esaia 2:13) Ho bona lifate tse joalo ho boetse ho etsa hore ho be bonolo ho bona lebaka le neng le ka etsa hore meru e joalo e bake bothata bakeng sa lebotho le balehang. Esita le mopalami a le mong o ne a ka tšoasoa makaleng, joalokaha ho ile ha etsahala ka Absalome kae-kae.—2 Samuele 18:8, 9.
Re ka bona hore le hoja Bashane e ne e le sebaka sa Lefatše la Pallo moo ho sa kang ha etsahala liketsahalo tse ngata tsa Bibele, lintho tse ka bonoang teng li ntlafatsa kutloisiso ea rōna ea litšupiso tsa Bibele tse buang ka eona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona hape Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1989.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 17]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
Setšoantšo: Setsi sa Badè sa Thuto ea Bibele ea ho Epolloa ha Masalla a Lintho tsa Khale
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.