Lefatše la Letšoanafike le Utloa “Pina e Ncha”
HA MAFUBE a hlaha, ’mino o monate o khathollang oa letšoanafike o utluoa Liberia eohle. Melokong e mengata, ho bina ha lona ho monate ho ’nile ha sebeletsa ho tsosetsa baahi ba motse letsatsing le leng la mosebetsi tlas’a letsatsi la libaka tse chesang. Nonyana ena e tloaelehileng e binang e entse hore Liberia e rehoe lebitso la bosoasoi e le “lefatše la letšoanafike.”
Leha ho le joalo, lebitso Liberia, le re hopotsa pale e ’ngoe. Ka 1822 makhoba a lokolotsoeng a neng a khutla Amerika ho khutlela naheng ea bo-ntate moholo ba ’ona a ile a fihla koung ea Nōka ea Mesurado ’me a jaka sebakeng se ileng sa bitsoa Monrovia. Lihlopha tse ling tsa bajaki li ile tsa hlaha Buchanan, Greenville, le Harper, ’me bajaki ba thea lilekane le marena a batho ba merabe ea moo. Bao ba khutlileng pele ba ile ba tla le lipina tse haulanang tsa Manegro—lipina tse kopanyang merethetho ea Afrika le lihlooho tsa Bibele ’me li bontša ho laba-labela ha bona tokoloho. Ba ntse ba khomaretse taba-tabelo eo, ka 1824 kolone ea bona e ile ea rehoa Liberia. Ka 1847 e ile ea fetoha rephabliki ea pele ea ba batšo Afrika.
Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena, pina e ncha e ’nile ea utluoa naheng ena. Ke pina e binoang, eseng ke letšoanafike kapa makhoba a khutlileng, empa ke sehlopha se ntseng se hōla sa batho ba binang ba arabelang mantsoeng a phehellang a mopesaleme oa Bibele: “Binelang Jehova sefela se secha; binelang Jehova, lōna, baahi bohle ba lefatše! E-reng har’a lichaba: Jehova oa busa!” (Pesaleme ea 96:1, 10) E, ena ke pina ea ’muso o hlomiloeng oa Molimo, Jesu Kreste e le Morena. E binoa ke majalefa a kamoso a ’muso oa leholimo oa Jehova. Oona le metsoalle ea ’ona ka thabo a phatlalatsa “litaba tse molemo” ka ’Muso oo lichabeng tsohle—ho akarelletsa Liberia—nakong ena “ea ho fela ha tsamaiso ea lintho,” eo re phelang ho eona hona joale. (Mattheu 24:3, 14, NW) Ke neng hona joang pina ee e ileng ea qala ho utluoa ka lekhetlo la pele lefatšeng lee la letšoanafike? ’Me meloli ea eona e lekolang pelo e bile le phello efe ho bautloi ba ananelang? A re mamele.
“Pina e Ncha” e Fihla Liberia
Ka 1946 Harry C. Behannan, seletsi sa piano se nang le neo sa motho e motšo se neng se kile sa bapala Europe eohle, o ile a tlohela mosebetsi oa hae oa ’mino e le hore a ka sebeletsa e le moromuoa. Ka likhoeli tse tšeletseng o ile a sebetsa a le mong e le pula-maliboho ea Paki ea Jehova, a ea ka ntlo le ntlo ho hasa ’nete ea ’Muso. O ile a tsamaisa libuka tse fetang 500 ’me a iketsetsa metsoalle e mengata. Joale, ka masoabi, Moena Behannan o ile a bolaoa ke feberu ea sebaka seo se chesang. Empa “pina e ncha” ha ea ka ea shoa, hobane baromuoa ba bang ba ile ba tla ka morao ho eena.
Ka 1947 George Watkins (eo pele e neng e le ralitebele ea ithutang) le mosali oa hae Willa Mae ba ile ba tla ho sebeletsa Monrovia, motse-moholo oa Liberia. Ba ne ba e-na le mamello ’me ba sebetsa ka matla ho ruta batho ba ikokobelitseng ba Liberia ho ‘boloka lintho tsohle tseo [Jesu] a li laetseng.’ (Mattheu 28:19, 20, bapisa NW.) Ka Loetse 1948 sehlopha sa ba 15 se ne se nka karolo le bona tšebeletsong ea ’Muso. Ka hona, phutheho ea pele ea Lipaki tsa Jehova e ile ea theoa Liberia.
Mosebetsi oa boboleli o ile oa hasana kapele ho theosa le lebōpo la leoatle ho ea fihla koung ea Harper, Kakata le metse e potolohileng, le har’a batho ba tlhotlang rekere lifateng ba buang Sekisi ba sebakeng sa Firestone. Ka 1952 ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e ile ea hlongoa Liberia. Selemong se latelang, Holo ea pele ea ’Muso hammoho le lehae la baromuoa li ile tsa hahuoa McDonald Street, Monrovia. Tseo e ne e le linako tse thabisang. Kajeno, ho na le barorisi ba Jehova lefatšeng lena ba 1 724, ’me ba na le maphomela a matle har’a batho ba nang le botsoalle, kamohelo, le ba ikokobelitseng.
Ho Arabela ‘Pineng e Ncha’ Kajeno
Lipaki tsa Jehova tse tsoang melokong e meholo e 16 ea Liberia, hammoho le baromuoa le batho ka bomong ba tlileng ho tla sebeletsa moo tlhokahalo e leng kholoanyane, hona joale ba kopantse mantsoe a bona ho bolela molaetsa oa ’Muso. Morao tjena, ba phaelletse ka phehello e hlokomelehang ho ipiletseng ho bao ba batlang ’nete. Ka karolelano, Paki ka ’ngoe e qeta lihora tse ka holimo ho tse 27 ka khoeli mosebetsing oa boboleli, ’me lenane la bao ba tšebeletsong ea nako e tletseng le imenne ka makhetlo a fetang a mararo lilemong tse hlano tse fetileng. Boiteko bo joalo bo ba tliselitse mahlohonolo hammoho le ba bang. A re utloeng ka a mang a ’ona.
Emmanuel o ile a lokisa litaba tsa hae e le hore a ka hlokomela lelapa la hae le leholo ’me a nke karolo mosebetsing oa bopula-maliboho ba nako e tletseng Gardnersville. O ile a kopana le Varney le Lucinda ’me a qalisa thuto ea lehae ea Bibele le bona. Leha ho le joalo, ba ne ba lumela hore ke sebe hore motho a fetole bolumeli ba hae. Emmanuel a ba bontša seo buka Ho Bea Mabaka ka Mangolo e se buang tabeng eo. Ba ile ba alima buka, ba bala boitsebiso bo bong bo ka hare ho eona, ’me ba qalisa ho ea libokeng tsa Bokreste. Kapele-pele ka mor’a moo, ba ea tšebeletsong ea Bokreste. Nakong eona eo, motho eo ba hirileng ha hae—moruti—o ile a hlokomela phetoho boitšoarong ba bona ’me a ba memela hore ba sebelise ntlo ea hae ea boikhathollo bakeng sa thuto ea bona ea Bibele. Ka mor’a hore a be teng kopanong ea setereke, motho eo ba hirileng ha hae o ne a kholisehile hore o fumane ’nete ’me a kōpa thuto eo e leng ea hae ea Bibele.
Ho arabela ‘pineng e ncha’ ho ile ha lokolla Tamba, eo pele e neng e le senohe Naheng ea Lofa. A khathatsehile ka ho kula ha mora oa hae, o ne a ile a batla keletso ho meea. E ne e mo tiiselitse hore mora oa hae o tla phela empa ea bolela hore mosali oa hae o ne a batla ho bolaea mora oa hae. Ka limpho le mahlabelo, Tamba o ile a kōpa meea ho bolaea mosali oa hae e le hore a ka mo thibela ho ntša mora oa hae kotsi. Phello e bile efe? Mora o ile a shoa empa mosali ha aa ka a tsoa kotsi. A halefile a bile a ferekane, Tamba o ile a lahla litlhare tsohle tse amanang le meea. Boemong ba hae ba ho hlabeha le tsitsipano, o ile a angoa ka ho teba ke molaetsa oa tšepo ea tsoho le lefatše le tlang la paradeise. O ile a amohela thuto ea Bibele, a hloekisa bophelo ba hae, ’me a inehela ho Jehova. Ho tloha ka nako eo o thusitse lelapa la hae le batho ba bang ba robong ba sebakeng sa habo ho inehela.
Bophelo ba ba bang ba lipelo li tšepahalang bo ile ba angoa ke “pina e ncha.” Herbert o ile a hapa lihlapiso tsa ho ea univesithing Monrovia le mosebetsi oa ’muso ka baka la katleho ea hae e ikhethang e le sebapali sa bolo. Leha ho le joalo, ha a ithuta hore na Bibele e reng ka moea oa tlhōlisano, o ile a susumelletseha ho tlohela mosebetsi oa hae oa lipapali. (Ba-Galata 5:26) Hona joale o thabile mosebetsing oa hae o mocha e le mosebeletsi oa nako e tletseng.
James o ile a botsa Paki eo a neng a ithuta le eona hore na ke joang a neng a ka hlōla temallo ea hae ea matekoane. A khothalelitsoe ho rapela ka taba eo, James a kōpa Jehova ho mo thusa ho a tlohela. Libeke tse seng kae hamorao, o ne a sitoa ho hanela takatso e matla ea ’ona ’me a a tsuba hape. Ha a le tseleng a ea hae, o ile a thula tšepe ’me a tsoa mali a mangata ho pota leihlo. Ha a hopola thapelo ea hae, le ka mohla ha aa ka a hlola a khutlela mokhoeng oa hae. Kajeno, o sebeletsa e le pula-maliboho ea ka mehla e bile e le mohlanka ea sebeletsang phuthehong.
Ho ipiletsa ha “pina e ncha” ho boetse ho fihlile le ho monna ea hōlileng, Samuel oa moloko oa Krahn, eo pele-pele e neng e le motsamaisi oa Naha ea Montserrado. O ile a susumetsoa ke eng ho tlohela mosebetsi o neng o e-na le moputso o moholo ’me a phehelle tšebeletso ea nako e tletseng? Samuel o itse: “Se ileng sa ntšusumetsa ke ’nete ea hore ka Bibeleng ea ka ke ne nka fumana tšehetso nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo Lipaki tsa Jehova li neng li e bolela, li e ruta, le ho e etsa.” O ile a phaella ka hore har’a Lipaki tsa Jehova o fumane lerato leo Jesu a buang ka lona ho Johanne 13:34, 35. Samuel o ile a hlokomela hore ho litho tsa kereke ea hae ea pele, ha ho bapisoa, “ka mehla ho ne ho e-na le likhang le lintoa ka litaba tsa litokelo tsa chelete hona ka kerekeng.” Samuel hona joale o sebeletsa e le pula-maliboho oa ka mehla.
“Pina e Ncha” e Fihla Tlhōrōng
Ha ho tluoa tabeng ea ho binela Molimo lithoriso, ha ho na linako tse thabisang batho ba Jehova ho feta likopano tsa bona tsa setereke tsa selemo le selemo. Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena, mona Liberia phephetso e ile ea e-ba ho fumana mehaho e meholo ka ho lekaneng ho amohela Lipaki tsohle le batho ba thabelang ba neng ba e-tla. Ka 1986 likopano tse peli li ile tsa tšoareloa holong e le ’ngoe e boemong bo botle ea sechaba, empa joale kakaretso ea batho ba fetang 4 000 e ne e imela mohaho oo. Ho ne ho tla etsoa joang bakeng sa 1987? Lebala le Leholo la Lipapali la Samuel K. Doe le ile la phethoa hantle ka nako ka thuso ea ’muso oa Chaena. Empa na re ne re ka khona ho le hira?
Ka baka la boleng ba thuto ba lenaneo la rōna, lekhotla la tsamaiso le ile la re lumella ho sebelisa lebala leo la lipapali ka tefiso e itekanetseng haholo. Empa libeke li se kae feela pele ho nako ea kopano, lekhotla la tsamaiso la batla ho eketsa tefiso. Hobane’ng? Hobane moevangeli ea tsebisahalang oa thelevishene ea tsoang United States o ne a sa tsoa qetela ho loana ntoa ea bolumeli ka lebaleng lena la lipapali, ’me matšoele a le siea le nyonyeha, bohlasoa bo hasane hohle. Lekhotla la tsamaiso le ile la kholisoa hore Lipaki tsa Jehova li fapane. Letsatsi pele ho kopano, baena le bo-khaitseli ba ka holimo ho 500 ba ile ba hloekisa lebala la lipapali ka ho phethahetseng. Ka mor’a kopano, setho se seng sa lekhotla la tsamaiso la Chaena se ile sa utluoa se bolela hore boiteko ba rōna ba ho boloka lebala la lipapali le hloekile bo ne bo fetisa seo re se lefileng ho le sebelisa.
Kopano ka boeona e ile ea atleha. Tlhōrō e ncha ea ba 5 852 e ile ea e-ba teng puong ea phatlalatsa “Mehleng Ena e Tšosang, ke Mang eo u ka mo Tšepang?” E bile thabo e kaakang ho bona ba bacha ba 101 ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Molimo ka ho qoelisoa metsing! Kolobetso e ne e etsetsoa matangoaneng a mabeli a phuthoang hona setšeng sa kopano—ntho ea pele Liberia!
Ka manane a phahamang a batho ba arabelang ‘pineng e ncha,’ ofisi ea pele ea lekala e McDonald Street Monrovia e ile ea ipaka e le nyenyane haholo. Esita le mohaho o ileng oa latela Sinkor o ne o se moholo ka ho lekaneng bakeng sa ho boloka libuka tsohle tsa Bibele tse neng li hlokahala bakeng sa ho hlokomela litlhokahalo tsa moea tsa batho ba Liberia. Ka hona, mohaho o moholo oa bolulo o ile oa rekoa le ho lokisoa pel’a Holo ea ’Muso ea Paynesville, ’me ofisi e ncha ea lekala e ile ea neheloa ka la 28 Tlhakubele, 1987. Ka mohaho ona o nang le sebaka se lekaneng le o lutseng sebakeng se setle haholo, bahlanka ba Jehova Liberia ba hlomelletsoe hamolemo bakeng sa ho hlokomela thahasello e hōlang.
Ho setse mosebetsi o mongata hakae o lokelang ho etsoa Liberia? Lenane la ba neng ba le teng Sehopotsong ba 8 600 ka 1988—le menang ka makhetlo a mahlano lenane la bahoeletsi ba ’Muso—le bontša hore ho ka ’na ha e-ba le keketseho e khōlō ea barutuoa. ’Me Lipaki tsa Maliberia tse sebetsang ka thata li arabela phephetsong. Ba qhoba lithuto tsa mahae tsa Bibele tse ka holimo ho 3 000 khoeli ka ’ngoe. Ke thapelo ea rōna hore ba bang ba bangata ba eketsehileng mona ba tla kopanela le “bongata bo boholo ba batho” bo ntseng bo hōla bo rorisang Jehova bo arabela ‘pineng e ncha.’—Tšenolo 7:9, 10.
[Lebokose le leqepheng la 28]
Ka Ntlo le Ntlo Liberia
Ha re atamela ntlo ea mohloma-fatše o phariloeng ka seretse, ho e-na le ho kokota, re tsebahatsa boteng ba rōna ka ho hoeletsa: “Kpaw, kpaw, kpaw!”
Ha re sa fumane karabelo, re potela ka mor’a ntlo ’me re fumana lelapa le lutse ka “kichining”—mokhoro o monyenyane ka mor’a jarete. Pitsa e phehileng botoro e khubelu e thatanyana ea palema e ntse e pjatla butle mollong oa patsi. ’Mè, ea ntseng a tšolela lelapa reisi, o roma bana ba reng rao! hang-hang ho ea ka tlung ho ea re latela litulo.
Litho tsa lelapa joale li lula fatše. Re lutse bencheng, ba mamelisisa ka hloko ha re fana ka molaetsa oa ’Muso. Ka thabo ba amohela kopi ea bukana Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! ’me re etsa litokisetso tsa ho khutla. Ha re ema re tsamaea, ba re: “A re jeng!”
[Limmapa/Litšoantšo tse leqepheng la 26]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
SIERRA LEONE
LIBERIA
LOFA COUNTY
MONTSERRADO COUNTY
Monrovia
Kakata
Buchanan
Greenville
Harper
GUINEA
IVORY COAST
ATLANTIC OCEAN
Km 0 100 200 300
mi 0 100 200
[’Mapa]
AFRICA