Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 2/15 leq. 24
  • Codex Bezae—Buka e Ikhethang e Ngotsoeng ka Letsoho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Codex Bezae—Buka e Ikhethang e Ngotsoeng ka Letsoho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Vatican Codex—Ke Hobane’ng ha e Nkoa e le Letlotlo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Sephiri sa Moqolo o Ngotsoeng ka Letsoho oa Vatican
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ke ne ke Batla ho Iponela ka Mahlo
    Tsoha!—1988
  • Alexandrine Codex
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 2/15 leq. 24

Codex Bezae—Buka e Ikhethang e Ngotsoeng ka Letsoho

THÉODORE DE BÈZE, seithuti se tsebahalang sa Lefora sa Mangolo a Bakreste a Segerike, e ne e le motsoalle ea haufi le mohlahlami oa raliphetoho oa Leprostanta John Calvin. Ka selemo sa 1562, Beza, kamoo a tsejoang ka teng ka ho tloaelehileng, o ile a sibolla buka ea boholo-holo e ngotsoeng ka letsoho e sa tloaelehang. O ile a bolela hore o e fumane tlung ea baitlami ea “Mohalaleli” Irenaeus e Lyons, Fora, ka mor’a hore motse o hapuoe ke Mahuguenot. Sebaka seo e simolohileng ho sona ha se tsebahale hantle, empa mohlomong Afrika Leboea kapa Egepeta ke oona mohloli oa eona.

Codex eo e etsa bolelele ba lisenthimithara tse 25 le bophara ba lisenthimithara tse 20 ’me ka kakaretso ho lumeloa hore ke ea ho tloha lekholong la bohlano la lilemo C.E., ka moraonyana ho libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Sinai, Vatican, le Alexandria. E entsoe ka maqephe a 406 ’me e na le Mangolo a Molaetsa o Molemo a mane le Liketso tsa Baapostola feela, ’me e na le likheo tse itseng. Empa e ka ’na eaba Codex Bezae qalong e ne e akarellelitse mangolo a mang, kahobane ho na le mosaletsa oa lengolo la boraro la Johanne. Mangolo a Molaetsa o Molemo a Mattheu le Johanne a etelletse pele a Luka le Mareka.

Buka eo e ngotsoeng ka letsoho ke mohlala oa pele oa taba e ngotsoeng ka lipuo tse peli, ka leqepheng le letšehali e le Segerike ’me ka ho le letona e le Selatine. Mohlomong ke kopi ea buka e ngotsoeng ka letsoho ea loli e nang le taba e ngotsoeng ea khale, e tšoanang le meqolo ea loli ea lekholong la boraro la lilemo kapa lekholong la bone la lilemo e tsejoang e le P29, P38, le P48.

E ngotsoe ka mongolo o motšo o motenya, o makhethe o hariloeng (ka litlhaku tse khōlō), Codex Bezae ha ea ngoloa ka ho latellana ha litaba leqepheng. E ngotsoe ka mela e bolelele bo sa lekaneng, hoo qetello ea mola ka ’ngoe e emelang ho khefutsa ha motho a bala. Selatine se ngotsoe ka ho nepahala ka mokhoa oa Segerike oa ho ngola litlhaku, ’me mabakeng a mangata taba e ngotsoeng e fetoletsoe mokhoeng oa Segerike oa ho bala. Ka lehlakoreng le leng, taba e ngotsoeng ka Segerike e ikhethile haholo ’me e lokisitsoe ke matsoho a mangata, ho akarelletsa le a mongoli oa pele.

Codex Bezae ka molao e khetholloa ka “D.” E fapane haholo le libuka tse ling tsohle tse ngotsoeng ka letsoho tsa sehlooho ’me ha ea itšetleha ka efe kapa efe ho tsona. Joalokaha mengolo e botlaaseng ba leqephe ho New World Translation of the Holy Scriptures e bontša, ka linako tse ling codex eo e lumellana le li-codex tsa Sinai (א), Vatican (B), le Alexandria (A) ’me ka linako tse ling e hanana le tsona. Bohlokoa bo boholo ba codex ena bo itšetlehile ka ho tiisa ha eona libuka tse ling tsa bohlokoa tse ngotsoeng ka letsoho ho fapana le lintho tsa eona tse ikhethang tsa ho siea likheo le ho eketsa.—Bona mengolo e botlaaseng ba leqephe ho New World Translation of the Holy Scriptures—With References, ho Mattheu 23:14; 24:36; 27:49; Mareka 7:16; 9:44, 46; 11:26; Luka 15:21; Johanne 5:4.

Ho sa tsotellehe mekhoa e meng e sa tloaelehang ea ho bala le lintho tse sa tšoaneng, Codex Bezae ke bopaki bo bong bo botle ba ho bolokoa ha Bibele ho fihlela mehleng ea rōna.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 24]

Above: By permission of the Syndics of Cambridge University Library

Left: Courtesy of the Trustees of the British Museum

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela