Moo Diabolose a Tsoang Teng
Mosetsana e mong ea sebetsang ka nako e itseng ka letsatsi e le mohlokomeli oa bese ea sekolo mane Dakota Boroa oa hlalosa: “Boholo ba mosebetsi oa ka ke ho bona hore bana ba lula ba itlamile ka mabanta a litulo tsa bona le ho ba boloka ba khutsitse.” Oa pheta:
“E mong oa bashemane o ntšoarisa bothata ka ho khethehileng. Empa u tsebe, o lilemo li tšeletseng feela, empa molomo oa hae ka nako e ’ngoe o ka bua lipuo tse hlohlontšang litsebe. Ke ee ke tlamehe ho mo lulisa ka ho feletseng setulong sa hae ’me ke lule ke koetse molomo oa hae ka letsoho la ka ho mo etsa hore a khutse. Oa rahaka, a ngoape, a tsipe, a rohakane, a be a tlerohe ka lerata le bohloko. Mohla a sa thabang, o batla ho nkoa a lulisoe setulong sa hae.
“Labohlano e ne e le letsatsi le lebe, ’me nakong eo ke neng ke shoele bohatsu ho tloha mahetleng ho theosa, a botsa: ‘Ke hobane’ng ha Molimo o ile oa etsa Diabolose?’ Ho ne ho e-na le kopi ea Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ka beseng. Ka ’molella hore buka eo e tla mo thusa ho bona hore na Diabolose o tsoa hokae. Na u ka lumela hore re se re balile lipale tse 41 ’moho? Ke ne ke se ke batla ke teneha ke ngoana enoa, empa boikutlo ba hae bo fetohile hoo a sa batleng ho tloha beseng ha a fihla sekolong. O batla ho bala lipale tse eketsehileng!”
Ho ithuta tokollo ena e ntlehali ho hlahisitse liphello tse tšoanang ho bacha ba bang ba bangata. U ka iphumanela kopi ea tokollo ena e nang le litšoantšo tse khahlehang, e mongolo o motenya e maqephe a 256 ka ho tlatsa le ho romella leqetšoana lena ’moho le R7,50.
Ka kōpo, nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, ke kentse R7,50.