Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 4/15 leq. 29
  • Na u sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Latela Mohlala oa Jesu oa Boinehelo ba Bomolimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Phehellang Boinehelo ba Bomolimo le le Bakreste ba Kolobelitsoeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Mamellong ea Lōna le Eketse Boinehelo ba Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ekeletsang Mamellong ea Lōna Boinehelo ba Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 4/15 leq. 29

Na u sa Hopola?

Na u fumane litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa e le tsa bohlokoa bo sebetsang ho uena? Kahoo ke hobane’ng ha u sa hlahlobe mohopolo oa hao ka se latelang?

◻ Re tlameha ho etsa eng e le hore re ka finyella kutloano le khotso bakeng sa batho ba merabe eohle tse bonoeng ponong e ho Esaia 2:4?

Pele, re tlameha ho lumela hore ’Mōpi oa rōna, Jehova, o na le tokelo ea ho re rupela ka ‘mekhoa ea hae.’ Ntlha ea bobeli, re tlameha ho ba le takatso e tiileng ea ho ipapisa le melao ea Molimo ka hore re re: ‘Re tla tsamaea litseleng tsa hae?’ (Esaia 2:2, 3)—12/15, maqephe 5, 6.

◻ Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li sa nyahamisoe le ho tepelletsoa ke ho hlouoa le ho hanyetsoa ke lefatše ka bophara?

Jesu o ile a bolela esale pele hore khanyetso e joalo le lehloeo e ne e tla ba letšoao le khethollang barapeli ba ’nete. (Johanne 15:20, 21; 2 Timothea 3:12) Ka hona baboleli ba litaba tse molemo ba tiisetsoa hore ba amoheloa ke Molimo. Ho phaella moo, Lipaki tsa Jehova lia tseba hore li tšehelitsoe ke Molimo o Holimo-limo, Jehova.—1/1, leqephe 12.

◻ Litlhokahalo tse ling tsa motheo tseo re tlamehang ho li finyella e le hore lithapelo tsa rōna li ka arabeloa ke life?

Re tlameha ho lumela ka tieo hore Molimo o teng. Re tlameha hore re be re ‘o batla ka tieo,’ re kholisehile hore o tla putsa ba etsang joalo. (Ba-Heberu 11:6, NW) Hape, re tlameha ho atamela Jehova ka Jesu Kreste ’me e le ka eena feela. (Johanne 14:6, 14)—1/15, maqephe 4, 6.

◻ “Boinehelo ba bomolimo” ke eng? (1 Timothea 3:16, NW)

Boinehelo ba bomolimo ke tlhompho, borapeli, le tšebeletso ho Molimo, hammoho le botšepehi bobusing ba oona ba bokahohleng.—1/15, leqephe 11.

◻ “Motho ea hlokang molao” eo Pauluse a buang ka eena ho 2 Ba-Thessalonika 2:3 (NW) ke mang?

Pauluse ha a bue ka motho a le mong, kahobane o bolela hore “motho” enoa o ile a bonahala mehleng ea Pauluse ’me o ne a tla tsoela pele a ntse a le teng ho fihlela Jehova a mo timetsa bofelong ba tsamaiso ena. Ka hona, polelo “motho ea hlokang molao” ke ea tšoantšetso. Bopaki bo bontša hore ke lequloana la baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ikhohomosang le ba iphahamisang, bao ho theosa le makholo a lilemo ba ikentseng molao ka bobona.—2/1, leqephe 11.

◻ Meharo e ka felisoa joang?

Meharo e teng bathong e ka felisoa feela ka thuto e loketseng le koetliso, le ho latela tataiso e tiileng, kapa litaelo tsa boitšoaro. Thuto e joalo e tlameha ho hlaha mohloling o lokolohileng meharong. Ke Molimo oa leholimo feela o ka fanang ka thuto ea mofuta ona, ’me e fumanoa ka bukeng ea oona e ngotsoeng ea thuto, Bibele e Halalelang.—2/15, leqephe 5.

◻ E le hore thuto ea Bibele ea botho e ka fella ka hore ho hlaoleloe boinehelo ba bomolimo, thuto eo e lokela ho akarelletsa eng?

Sepheo sa thuto ea botho e ke ke ea e-ba feela ho koahela maqephe a boitsebiso bo itseng ’me e be ho tlatsoa kelello ka boitsebiso boo. Ho e-na le hoo, ha ho baloa karolo e itseng ea Lentsoe la Molimo, ho lokela ho nkoe nako ho nahanisisoa ka boitsebiso boo e le ho hlokomela hore na bo ruta eng ka litšoaneleho le litsela tsa Jehova e le hore seithuti se ka fetoha se tšoanang le Jehova haholoanyane lintlheng tsena.—3/1, leqephe 13.

◻ Ke hobane’ng ha thuto ea Bibele ea botho e lokela ho akarelletsa ho bala ka mehla litlaleho tsa Molaetsa o Molemo tsa Jesu?

Mohlala oa Jesu o re thusa ho hlaolela boinehelo ba bomolimo. Jesu o ne a tseba Ntate oa hae hamolemonyana ho feta mang kapa mang, ka hona o ne a ka etsisa litsela le litšoaneleho tsa Jehova haufi-ufi. Ka hona, o re behetse mohlala o phethahetseng oa boinehelo ba bomolimo. (Johanne 1:18; 14:9; Ba-Roma 13:14)—3/1, leqephe 19.

◻ Setšoantšong sa Jesu sa litalenta, ho ne ho boleloa eng ka ho sebelisa litalenta? (Mattheu 25:19-23)

Ho sebelisa litalenta ho ne ho bolela ho sebetsa ka botšepehi joaloka baemeli ba Molimo, ho etsa barutuoa, le ho aba linnete tsa moea tlung ea Molimo. (Mattheu 24:45; 28:19, 20; 2 Ba-Korinthe 5:20)—3/15, leqephe 13.

◻ Ke lintlheng life tse tharo moo Bibele e ikhethang ha e bapisoa le mehloli eohle e meng ea keletso?

Ea pele, ka mehla keletso ea eona e molemo. (Pesaleme ea 93:5) Ea bobeli, Bibele e ile ea mamella ho lekoa ka nako e telele ’me ea hlōla. (Esaia 40:8; 1 Petrose 1:25) Ea boraro, bophahamo bo pharalletseng ba keletso ea Bibele ke bo sa lekanngoeng. Ho sa tsotellehe hore na re talimana le bothata kapa qeto efe, ka Bibeleng ho na le bohlale bo ka re thusang.—4/1, leqephe 13.

◻ Ke likarolo life tse peli tsa bopaki tse bontšang hore Bibele ke Lentsoe la Molimo, eseng la motho?

Bohlale bo ke keng ba lekanngoa ba Bibele le matla a eona a ho fetola batho. (Liproverbia 2:1, 5, 6; Ba-Heberu 4:12)—4/1, leqephe 21.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela