Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 4/15 leq. 32
  • ‘Keletso e ka Bukeng e Ile ea Sebetsa’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Keletso e ka Bukeng e Ile ea Sebetsa’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 4/15 leq. 32

‘Keletso e ka Bukeng e Ile ea Sebetsa’

Seo ke sona seo mocha e mong oa Maryland, U.S.A., a se ngolang mabapi le buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. O re: “Ke ile ka bala buka eo kaofela ka matsatsi a mabeli, ’me ke ne ke sitoa ho khaotsa ho bolella batho ka eona.

“Ke ile ka fumana hore khaolo 6, ‘Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakana ho Phelisana le Banab’eso?,’ e nthusitse hobane ka linako tse ling ke ikutloa ke e-na le mohono o itseng ka moholoane oa ka. Empa ka ho e bala ke ile ka phakisa ka hlokomela hore ha kea lokela ho ikutloa ke le mohono kahobane a e-na le litokelo tse itseng tseo ke se nang tsona. Ha ho bonahala eka khang ea phahama, ke ne ke sebelisa keletso e ka bukeng. E ile ea sebetsa! Joale kamano e matla haholoanyane ea hōla pakeng tsa ka le moholoane oa ka.”

Ho hōla linakong tsena tsa likhathatso ha ho bonolo. Bacha ba talimana le maemo a mangata a macha ’me ba tlameha ho etsa liqeto tse boima. Na ke lokela ho noa? Ho amohela lithethefatsi? Boitšoaro bo loketseng pakeng tsa ka le motho e motona kapa e motšehali ho fapana le ’na ke bofe? Bacha ba hloka likarabo tse sebetsang. Re ikutloa hore uena le bana ba hao le tla rua molemo o moholo khatisong ena e nang le litšoantšo tse khahlehang, e maqephe a 320. Amohela kopi ka ho tlatsa le ho romela setlankane. Ke R3,75 feela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela