Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 7/15 leq. 31
  • Mohato o Bohlale Pele ho Tlokotsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohato o Bohlale Pele ho Tlokotsi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 7/15 leq. 31

Mohato o Bohlale Pele ho Tlokotsi

KAHA bana ba Mary ba ne ba se ba hōlile joale, o ne a e-na le nako e eketse-hileng ’me o ile a rera ho fumana mosebetsi oa boipheliso oa nakoana. Leha ho le joalo, ha a bolella monna oa hae, Enos, o ile a mo hlakisetsa hore ho ne ho sa hlokahale hore a etse joalo. O ile a re: “Ha ke ile ka u hlokomela hammoho le bana, ka sebele nka khona ho hlokomela rōna ka bobeli hona joale.” Ho e-na le hore a re mosali oa hae a sebetse mosebetsi oa boipheliso, o ile a hlahisa hore ka thapelo a ke a nahane ka ho ba pula-maliboho, ’moleli oa ’Muso oa nako e tletseng.

Le hoja Mary a ne a thabela ho abelana molaetsa oa ’Muso le baahisani ba hae, o ne a le lihlong a bile a haelloa ke kholiseho. Leha ho le joalo, o ne a batla ho latela keletso ea monna oa hae. Kahoo, ka maikutlo a loantšanang, o ile a ngolisa joaloka pula-maliboho e thusang ka April 1981.

Kapele-pele Mary o ile a ba le lerato la mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso leo a neng a e-s’o be le phihlelo ea lona pele. Kapele, o ne a khannela batho ba thahasellang lithuto tsa mahae tsa Bibele tse ’nè. Pele selemo se fela e ne e se e le pula-maliboho ea ka mehla, a khanna lithuto tsa Bibele tse leshome. Christine, Paki ea Jehova e nang le bana ba babeli ba ntseng ba kena sekolo, ka mafolo-folo o ile a sebetsa le Mary joaloka ’mate oa hae oa pula-maliboho. Batho ba thahasellang bocha ba ile ba qala ho kopanela libokeng Holong ea ’Muso sebakeng seo, moo moea o motle oa bopula-maliboho o neng o ntse o hōla. Thabo e khōlōhali ea Mary e bile ha mora oa hae, Christopher, a khetha ho latela mohlala oa hae ’me le eena e e-ba pula-maliboho.

Joale, ka tšohanyetso, ntho e bohloko e ile ea etsahala ka 1985. Mary o ile a oa. Mothapo oa mali o neng o sarolohile hloohong ea hae o ile oa baka ho lutla ha mali ho tebileng bokong, ’me pele matsatsi a mararo a fela Mary ea lilemo li 45 o ile a shoa.

Leha ho le joalo, nakong ea lilemo tseo tse ’nè tsa bopula-maliboho, Mary o ne a ikhahetse botumo bo botle motseng oa habo. Batho ba ka holimo ho 300 ba ile ba ba teng tšebeletsong ea lepato la hae, ho kopanyelletsa le baahisani ba bangata. E mong oa ba neng ba le teng e ne e bile motsoalle oa Mary ha ba sa kena sekolo ea neng a ile a khahloa ke tumelo ea Mary, a batla ho ithuta haholoanyane ka eona, ’me a kōpa thuto ea Bibele. Tšebeletso ea Mary e ne e ntse e beha litholoana.

Enos o re: “’Na ka bonna ke pula-maliboho e thusang hona joale, empa ke lakatsa feela eka nka be ke ile ka sebetsa le Mary ha a sa bula maliboho. Ka mehla o ne a bua ka liphihlelo tsa hae ’me o ne a thabile haholo. Ha e le hantle, lilemo tseo tse fokolang e bile tse thabisang ka ho fetisisa bophelong ba rōna re le ’moho, empa ke feela hona joale ke ananelang hore na ke hobane’ng ha ho bile joalo.”

Ha ho ea ka bolelang esale pele hore na “nako le ketsahalo e sa lebelloang” e ka ama bophelo ba hae neng, joalokaha e entse ka ho sa lebelloang tabeng ea Mary. Leha ho le joalo, bao ba lulang ba tšepahala e le baboleli ba ’Muso ba itiisetsa boemo bo amohelehang ho Molimo le motho, esita le ha ba talimane le tlokotsi.—Moeklesia 9:11, NW; 11:1, 2.

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Ho kopanela tšebeletsong ke ho sebelisa nako hamolemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela