Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 10/1 maq. 4-5
  • Re Hloka Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Hloka Lefatše le Lecha
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Khotso ea Lefatše e Haufi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na Batho ba ka Tlisa Khotso le Tšireletseho Tsa Kamehla?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Ntoa e Nkile Sebōpeho se Seng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lefatše le se Nang Ntoa le Haufi
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 10/1 maq. 4-5

Re Hloka Lefatše le Lecha

AK’U chechele morao ’me u qamake maemo a u pota-potileng. Na u rata seo u se bonang?

Mohlomong uena ka bouena u na le lehae le letle sebakeng se khahlehang, se hlokometsoeng hantle. Mohlomong u na le mosebetsi o lefang hantle oo u o ratang. Ho phaella moo, e ka ’na eaba uena le baratuoa ba hao le thabela bophelo bo botle ka tekanyo e itseng. Ka kakaretso, le ka ’na la ikutloa le sireletsehile ’me le thabile.

Empa nahana ka libaka tse ling tse haufi, likarolo tse ling tsa naha eo u phelang ho eona, linaha tse ling. Talima lefatše lohle. Na setšoantšo seo u se bonang se setle? Na ka sebele ke sa khotsofalo, khotso, le katleho?

Ho ea ka litebello tse ling tsa pelenyana lekholong lena la lilemo, hona joale saense e ne e lokela hore e be e se e felisitse mafu ’ohle a maholo, e fane ka lijo tse ngata bakeng sa bohle, e tsitsisitse e bile e ntlafalitse tikoloho, le ho qala nako ea khotso. Empa ha e le hantle ho etsahetse’ng?

Ha ho hloke tlhahlobo e khōlō ho bona hore khotso e felile naletsaneng ea rōna. Ho State of the World 1990 Michael Renner oa ngola: “Ho tloha mehleng ea Bibele, batho ba ’nile ba eletsoa hore ba tee lisabole tsa bona mehoma. Ha ho mohla keletso e joalo e kileng ea e-ba e loketseng haholoanyane ho feta hona joale. Ho phehella matla a sesole ho sa khaotseng ho tlisitse batho lintšing tsa thipitlo.”

Ho na le litlaleho tse ngata tsa khohlano ea baahi le lintoa tse bolaeang karolo e khōlō ea baahi linaheng tse ngata ho pota lefatše. Ho ea ka mohloli o mong oa boitsebiso, lintoa tse 22 li ne li sa ntsane li loanoa ka 1988.a Ho ne ho se ho shoele batho ba bakae lintoeng tseo? St. Louis Post-Dispatch e bolela hore ho tla fihlela selemong seo, ho kopanyelletsa le sona, “lenane lohle la batho ba bolailoeng lintoeng tsohle tse neng li ntse li loanoa ka 1988 e ne e se e le 4 645 000. Karolo ea 76 lekholong ea ba bolailoeng e ne e le baahi.”

Na liphetoho tse teng tsa lefatše li bontša hore lefatše le nang le khotso lea tla? Taba e hlahileng ho San Jose Mercury News ea California, U.S.A. e re: “Ho ile ha boleloa hore Qhoebeshano e letse ’me khotso e buletsoe sebaka. Empa talima hape. Linaheng tse Futsanehileng Moruong, litlhaselo tsa ntoa li tsoela pele ’me ho na le tšepo e fokolang ea tharollo. Tsena ke lintoa tsa lefatše tse ipatileng. Boholo ba tsona ke likhohlano tse qabanyang mebuso le batho ba eona: likhohlano tsa baahi tse bakang tšollo e khōlō ea mali tseo ho tsona ho tsekoang naha, bolumeli, liphapang tsa bochaba le tsa merabe, matla a bopolotiki, esita le lithethefatsi. . . . Ho tloha linaheng tse bitsoang Horn of Africa ho ea Asia Boroa-bochabela, ntoa e ile ea qobella batho ba limillione ho baleha mahaeng a bona. Lijalo ha li jaloe, litleleniki tsa bophelo bo botle lia hlaseloa, mehlape ea bolaoa, batsoali ba bolaoa ka sehlōhō ka pel’a bana ba bona, bashemane ba lilemo li 10 ba etsoa balebeli ’me hamorao e be masole, basetsana ba banyenyane baa betoa. Linaheng tsena tseo boholo ba tsona li seng li lebetsoe, ntoa e siile mohlala oa tšenyo le mofere-fere har’a sechaba tseo mohlomong lichaba li ke keng tsa hlola li tsoa ho tsona ho khutlela boemong bo tloaelehileng ka ho phethahetseng. . . . Phuputso e bontša hore lilemo tsa bo-1980 li bile le lintoa tse ngata ho feta lilemo leha e le life tse leshome historing.”

Ba bangata ba atlehang ho balehela linaheng tse tsoetseng pele haholoanyane ba fumana khotso eo ba neng ba e batla e sentsoe ke tšokelo ea tlōlo ea molao e mabifi. U.S.News & World Report ea tlaleha: “Tlhaselo ea tlōlo ea molao [United States] e tsoetse pele lilemong tsa bo-1980 ho sa tsotellehe lipolelo tse boletsoeng pele tsa hore e tla kokobela. Ka selemo: Ho ba le litlōlo tsa molao tse tebileng tse limillione tse 8,1 tse kang polao, tlhaselo e mabifi le ho thuha mehaho ka morero oa bosholu. . . . Ho bohloko ka ho fetisisa ke tsela eo tšollo ea mali e seng e atile ’me e le eo ho ke keng ha boleloa hore na e tla tla neng. Ho etsa batho hampe ke boemo bo se nang tharollo. Lefapha la Lipalo la Toka U.S. le hakanya hore hona joale karolo ea 83 lekholong ea bana ba lilemo li 12 e tla hlaseloa ke pefo ea sebele kapa boiteko ba ho etsa pefo haeba tlōlo ea molao e tsoela pele ka litekanyo tse teng hona joale. . . . Ho ke ke ha ba le kholiseho ka kotlo ea batlōli sechabeng ebile ha e tle ka potlako. Sechabeng sohle, mapolesa a khona ho rarolla tlōlo ea molao e khōlō e le ’ngoe feela har’a tse hlano.” Maemo a tšoanang a teng lefatšeng ka bophara. Kopano e Akaretsang ea Machaba a Kopaneng e tlaleha ka “ho eketseha ha liketsahalo tsena le ho teba ha tlōlo ea molao likarolong tse ngata tsa lefatše.”

Empa esita le haeba lintoa tsohle, lihlomo, le tlōlo ea molao li ne li ka fela hang-hang lefatšeng, bophelo bo ne bo tla ’ne bo sokeloe. Tlalehong ea eona State of the World 1990 Worldwatch Institute ea bolela: “Bofuma bo senyang, mafu a atileng, le ho se tsebe ho bala le ho ngola ho hongata haholo ke litšobotsi tse teng bophelong ba batho ba makholo a limillione linaheng tse hōlang moruong. Batho bohle—e-bang ba ruile kapa ba futsanehile, ba na le sesole se matla kapa se fokolang—ba talimane le tšenyo ea tikoloho e phehellang eo ho e-s’o ka ho e-ba le e tšoanang le eona.”

E, tsona litsamaiso tse tšehetsang bophelo tseo batho bohle ba itšetlehileng ka tsona li ntse li felloa ke matla. Mohlophisi oa makasine Discover Paul Hoffman oa ngola: “Lefatše ka kakaretso le sebōpehong se sebe ka ho fetisisa [ho feta ka 1970]. Lintho tse lahloang li tšolohela ka thōko ho likoti tse katoang. Meea e tlohang lefatšeng e baka mocheso o moholo sepaka-pakeng. Moea o sireletsang polanete ena mahlaseling a bohale a letsatsi o ntse o fokotseha. Mahoatata aa eketseha, ’me meru ea fokotseha. Mefuta ea limela le ea liphoofolo e fela ka tekanyo ea tse 17 ka hora.”

Ho phaella ho seo ho na le liphello tsa tšilafalo e tsoelang pele ea mobu le metsi. Keketseho ea baahi ba lefatše e ntse e phahama ka mokhoa o tsitsitseng, ’me e fella ka hore sebaka se eketsehileng se ka lengoang se hahuoe kapa se katoe, kahoo ho fela ha mefuta ea liphoofolo le ea limela hoa eketseha. Nahana ka ho phahama ha khaello ea phepelo ea metsi a macha le bothata ba pula ea acid. Ho sena u phaelle ka liphello tse sokelang bophelo bo botle tsa moea o silafalitsoeng haholo le mathata a lintho tse kotsi tse lahloang. Kaofela, li bolela tlokotsi bakeng sa moloko oa batho. Hore na re bo-mang kapa hore na re hokae, re hloka moea, lijo, metsi, le lintho tse lokelang ho lokisoa lifemeng hore re phele. Re li hloka li sa silafatsoa li bile li le ngata ka ho lekaneng. State of the World 1990 e bolela hore esita le hona joale, “bakeng sa batho ba futsanehileng, lilemo tsa bo-1980 e bile tlokotsi e sa kokobeleng, nako ea lijo tse se nang matla le ho phahama ha litekanyo tsa mafu.”

Kaha moloko oa batho o sokeloa ka litsela tse ngata hakana, na ho na le ea ka latolang hore lefatše le lecha le hlokahala haholo? Empa na seo ke ntho ea sebele e ka etsahalang? Lefatše le joalo le tla hlaha mohloling ofe? Ke lithibelo life tse tlamehang ho hlōloa pele naletsana ea rōna e ka talingoa e sireletsehile ka sebele ebile e atlehile? A re ke re boneng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a “Ntoa” e hlalosoa e le khohlano eo bonyane e akarelletsang ’muso o le mong le eo ho eona ho bolaoang bonyane batho ba 1 000 ka selemo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

WHO photo by P. Almasy

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela